-
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”Molula-Qhooa—2012 | October 1
-
-
RUTHE o ile a khumama pel’a ngata ea litlhaka tsa harese tseo a neng a li khoahlapisitse motšehare. Letsatsi le ne le ea malikelong masimong a Bethlehema ’me basebetsi ba bangata ba ne ba se ba ntse ba nyolosa butle-butle ho leba hekeng ea motsana o lutseng leralleng le haufi. E tlameha ebe Ruthe o ne a khathetse haholo ka mor’a ho sebetsa ka thata letsatsi lohle. Ho sa tsotellehe seo, ha aa ka a tlohela ho sebetsa, o ile a nka molamu ’me a pola seo a se khoahlapisitseng. Le hoja mosebetsi o ne o le boima, Ruthe o bile le letsatsi le monate ho feta kamoo a neng a ka nahana kateng.
-
-
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”Molula-Qhooa—2012 | October 1
-
-
Ruthe o ne a sebetsa ka thata hore a itlhokomele hammoho le Naomi
Ha Ruthe a qeta ho pola ’me a bokella sohle seo a se khoahlapisitseng, o ne a khoahlapisitse efa e tletseng ea harese, kapa lilithara tse 22 tsa harese e ommeng. Mohlomong boima ba eona e ne e ka ba lik’hilograma tse 14! Mohlomong o ile a e phahamisetsa holimo hore a e roale hloohong a e phuthetse ka lesela ’me ka mor’a moo a kena tseleng e eang Bethlehema ha letsatsi le ea malikelong.—Ruthe 2:17.
-