Mabitso a Mang a na le Seo a se Bolelang
Mosali e mong oa Moethiopia o beleha ngoana oa moshanyana. Empa thabo ea hae e fetoha masoabi ha a bona ngoana oa hae a sa sisinyehe. Ha nkhono oa ngoana a nka moshanyana eo ea nyebeletseng, ho ea mo tolisa, hang-hang oa hlasimoloha o bile o qala ho lla! Lebitso la ntat’a ngoana le bolela “Mohlolo,” kahoo batsoali ba hae ba kopanya lebitso la ntat’a ngoana le lentsoe le leng la Seamharic ’me ba reha moshanyana eo lebitso le bolelang Ho Etsahetse Mohlolo.
Mohlankana e mong Burundi o baleha masole a batlang ho mo bolaea. Ha a ntse a ipatile tšimong e ’ngoe, mohlankana enoa oa ikana hore haeba Molimo a ka mo pholosa, o tla reha ngoana oa hae oa letsibolo Manirakiza, e bolelang “Molimo ke Mopholosi.” E le ho bontša kananelo ea hore o ntse a phela, lilemo tse hlano hamorao mohlankana eo o reha mora oa hae oa letsibolo lebitso leo.
BATHO ba bang ba ka ’na ba ho nka e le ntho e makatsang ho reha bana mabitso a bolelang ho itseng, empa mokhoa ona o qalile mehleng ea boholo-holo. Ha e le hantle, ho na le mabitso a joalo a makholo ka Bibeleng. Ho utloisisa se boleloang ke mabitso a batho ba itseng ho tla etsa hore u natefeloe ke ho bala Bibele. Ak’u nahane ka mehlala e latelang.
Mabitso a Nang le Seo a se Bolelang Mangolong a Seheberu
Le leng la mabitso a pele a tlalehiloeng ka Bibeleng ke Setha, e bolelang “Ea Behiloeng.” Ha Eva, e leng ’mè oa Setha, a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a khethile lebitso leo, o ile a re: “Molimo o mpehetse peō e ’ngoe sebakeng sa Abele, hobane Kaine o mo bolaile.” (Genese 4:25) E mong oa litloholo tsa Setha, e leng Lameke, o ile a reha mora oa hae Noe, e bolelang “Phomolo” kapa “Tšeliso.” Lameke o ile a re o file mora oa hae lebitso leo hobane “enoa o tla re tlisetsa matšeliso mosebetsing oa rōna le bohlokong ba matsoho a rōna bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.”—Genese 5:29.
Molimo ka boeena o ile a fetola mabitso a batho ba bang ba baholo ka morero oa ho profeta taba e itseng. Ka mohlala, o ile a fetola lebitso la Abrame, e bolelang “Ntate o Phahamisitsoe,” hore e be Abrahama, e bolelang “Ntate oa Matšoele.” Tumellanong le lebitso leo, Abrahama e ile ea e-ba ntate oa lichaba tse ngata. (Genese 17:5, 6) Hape, nahana ka lebitso la mosali oa Abrahama, e leng Sarai, leo mohlomong le neng le bolela “Ea Likhathatso.” E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha Molimo a ne a mo reha Sara, e bolelang “Khosatsana,” e neng e amana le hore e tla ba moholo-holo oa marena!—Genese 17:15, 16.
Hape Molimo ka boeena o ne a khetha mabitso a bana ba bang. Ka mohlala, o ile a bolella Abrahama le Sara hore ba rehe mora oa bona lebitso la Isaka, e bolelang “Litšeho.” Lebitso leo le ne le tla lula le hopotsa banyalani bana ba tšepahalang hore na ba ile ba etsa’ng ha ba utloa hore botsofaling ba bona ba tla ba le mora. Ha ho pelaelo hore ha Isaka a ntse a hōla ’me e e-ba mohlanka oa Molimo ea tšepahalang, lebitso la hae le ile la ’na la etsa hore Abrahama le Sara ba bososele ha ba ntse ba qeta nako e eketsehileng le mora oa bona.—Genese 17:17, 19; 18:12, 15; 21:6.
Ngoetsi ea Isaka, e leng Ragele, o ile a reha mora oa hae oa khorula lebitso ka lebaka le fapaneng le a mang ka ho feletseng. Ha a le makhatheng a lefu, Ragele o ile a reha ngoana eo Ben-oni, e bolelang “Mora oa ho Hlonama ha Ka.” Jakobo, e leng monna oa hae ea saretsoeng ka lebaka la ho shoeloa, o ile a fetola lebitso leo hanyenyane hore e be Benjamine, e bolelang “Mora oa Letsoho le Letona.” Lebitso lena le ne le sa bontše feela boemo ba motho ea amoheloang, empa le ne le boetse le bontša hore ke motho ea tšehetsoang.—Genese 35:16-19; 44:20.
Ka linako tse ling motho o ne a rehelloa ka litšobotsi tsa hae kapa a itheha lebitso ho latela litšobotsi tseo. Ka mohlala, Isaka le Rebeka ba ne ba e-na le mora ea ileng a hlaha a le moriri le mohoete o mofubelu o ririellaneng joaloka seaparo sa boea, kahoo ba ile ba mo reha Esau. Hobane’ng? Ka Seheberu lebitso leo le bolela “Ea Mohoete.” (Genese 25:25) Joalokaha ho boletsoe bukeng ea Ruthe, Naomi o ne a e-na le bara ba babeli. E mong e ne e le Mahalone, e bolelang “Ea Kuletseng Ruri, Sekooa” ha e mong e ne e le Kilione, e bolelang “Ea Fokolang.” Ha hoa boleloa hore na bara bana ba rehiloe mabitso ao ha ba hlaha kapa hamorao, empa ho bonahala e ne e le mabitso a loketseng hobane bahlankana bao ba ile ba shoa ba sa le tlaase lilemong.—Ruthe 1:5.
Mokhoa o mong o neng o tloaelehile e ne e le oa ho fetola mabitso. Ha Naomi a khutlela Bethlehema a itlhophere ka mor’a ho shoeloa ke monna le bara ba hae, o ne a se a sa batle ho bitsoa ka lebitso leo, le bolela’ng “Nyakallo ea ka.” Ho fapana le moo, o ile a ema a tiile a re: “Le se ke la mpitsa Naomi. Le mpitse Mara, kaha Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo.”—Ruthe 1:20, 21.
Mokhoa o mong o neng o tloaelehile e ne e le oa ho rehella ngoana ka ketsahalo e itseng ea bohlokoa. Ka mohlala, lebitso la moprofeta Hagai le bolela “Ea Hlahileng ka Mokete.”a
Mabitso a Neng a E-na le Seo a se Bolelang Mehleng ea Bakreste ba Pele
Lebitso la Jesu le profeta ho hoholo. Pele a hlaha, Molimo o ile a laela batsoali ba hae, a re: “[Le] tla mo reha lebitso la Jesu,” le bolelang “Jehova ke Poloko.” Hobane’ng a ile a fuoa lebitso leo? Lengeloi le neng le bua le Josefa le ile la re: “Ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona.” (Matheu 1:21) Ka mor’a hore Jesu a tlotsoe ka moea o halalelang ha a kolobetsoa, lebitso la hae le ile la tlatselletsoa ka tlotla ea Seheberu, “Mesia.” Ka Segerike, tlotla eona eo e fetoletsoe e le “Kreste.” Mantsoe ao ka bobeli a bolela “Motlotsuoa.”—Matheu 2:4.
Jesu ka boeena o ile a fa barutuoa ba hae ba bang mabitso a hlalosang ho hong ka bona. Ka mohlala, o ile a fa Simone lebitso la Sesema, e leng Kefase, e bolelang “Lejoe.” Kefase o ile a tuma ka lebitso lena leo ha le fetoleloa ka Segerike, le bolelang “Petrose.” (Johanne 1:42) Jesu o ile a bitsa bara ba motho ba neng ba cheseha, e leng Jakobo le Johanne “Boanergese,” e bolelang “Bara ba Sealuma.”—Mareka 3:16, 17.
Barutuoa ba Jesu ba ile ba ntšetsa pele mokhoa oa ho reha batho mabitso a mang a ba tšoanelang. Mohlala o mong ke oa morutuoa Josefa, eo baapostola ba ileng ba mo reha “Barnabase,” e bolelang “Mora oa Matšeliso.” Barnabase o ile a phela ka tsela e lumellanang le lebitso la hae, kaha o ne a tlisetsa batho ba bangata matšeliso a lintho tsa nama le tsa moea.—Liketso 4:34-37; 9:27; 15:25, 26.
Lebitso Leo U Iketselitseng Lona ke la Bohlokoa
Ha ho letho leo re ka le etsang ka mabitso ao re a rehiloeng ha re hlaha. Leha ho le joalo, ke rōna feela ba ka iketsetsang botumo ka tsela eo re phelang ka eona. (Liproverbia 20:11) Ak’u ipotse: ‘Haeba Jesu le baapostola ba hae ba ne ba e-na le monyetla, ba ne ba tla ntheha lebitso lefe? Ke ne ke tla tšoaneloa ke lebitso lefe le neng le tla hlalosa tšobotsi ea ka e ka sehloohong kapa tsela eo ke tummeng ka eona?’
Re lokela ho nahanisisa ka thata ka potso ena. Hobane’ng? Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola tjena: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata.” (Liproverbia 22:1) Ka sebele, haeba motseng re e-na le lebitso le letle, kapa botumo bo botle, re na le letlotlo la bohlokoa. Leha ho le joalo, haeba re iketsetsa lebitso le letle le Molimo, re tla be re e-na le letlotlo la ka ho sa feleng. Ka tsela efe? Molimo o re o tla ngola mabitso a ba mo tšabang ‘bukeng ea hae ea khopotso’ a be a ba fe tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Malakia 3:16; Tšenolo 3:5; 20:12-15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba linaheng tsa Afrika ba na le mabitso a amanang le lihlooho tsa likopano tsa Lipaki tse tšoeroeng ha ba hlaha.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
Nka tšoaneloa ke lebitso lefe le tla hlalosa tsela eo ke tummeng ka eona?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]
Emanuele e ne e le Mang?
Mabitso a batho ba bang ka Bibeleng a ne a e-na morero oa ho profeta ntho e itseng ’me a hlalosa mosebetsi oo ba neng ba tla o etsa. Ka mohlala, moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a ngole, a re: “Bonang! Ruri moroetsana o tla ima, ’me o tla tsoala mora, ’me ka sebele o tla mo reha lebitso la Emanuele.” (Esaia 7:14) Lebitso lena le bolela “Molimo O Na Le Rōna.” Bahlalosi ba bang ba Bibele ba ’nile ba leka ho amahanya phethahatso ea pele ea boprofeta bona le e mong oa marena a Iseraele kapa e mong oa bara ba Esaia. Leha ho le joalo, mongoli oa Kosepele ea bitsoang Matheu o bontšitse hore boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ka ho feletseng ho Jesu.—Matheu 1:22, 23.
Ba bang ba ’nile ba bolela hore kaha Bibele e re Jesu ke Emanuele, ha e le hantle e ruta hore Jesu ke eena Molimo. Leha ho le joalo, haeba re nahana ka tsela eo, seo se bolela hore mohlankana ea bitsoang Elihu ea ileng a tšelisa Jobo a ba a mo khalemela, le eena e ne e le Molimo. Hobane’ng? Lebitso la hae le bolela “Ke Eena Molimo Oa Ka.”
Ho hang Jesu ha aa ka a ipolela hore ke Molimo. (Johanne 14:28; Bafilipi 2:5, 6) Empa o ile a bonahatsa botho ba Ntate oa hae ka ho feletseng a ba a phethahatsa litšepiso tsohle tsa Molimo tse amanang le Mesia. (Johanne 14:9; 2 Bakorinthe 1:20) Lebitso Emanuele le hlalosa hantle mosebetsi oo Jesu a neng a tla o phetha e le Peō ea Bomesia, setloholo sa Davida, ea bontšang hore Molimo o na le batho ba Mo rapelang.
[Setšoantšo]
EMANUELE “Molimo O Na Le Rōna”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lebitso la Bohlokoa ka ho Fetisisa
Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng eohle. Lebitso lena le emeloang ke litlhaku tse ’nè tsa Seheberu יהוה, le atisa ho ngoloa ka Sesotho e le “Jehova.” Lebitso lee le bolela’ng? Ha Moshe a ne a botsa mabapi le lebitso la Molimo, Jehova o ile a re: “Ke Tla Ba eng kapa eng eo ke ratang ho ba eona.” (Exoda 3:14, The Emphasised Bible, ea J. B. Rotherham) Kahoo, lebitso la Molimo ke tiiso ea hore e tla ba sohle se hlokahalang e le hore a phethahatse merero ea hae. (Esaia 55:8-11) Ha Molimo a etsa tšepiso, re ka phela ka tsela e bontšang hore rea e tšepa. Hobane’ng? Hobane lebitso la hae ke Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
ABRAHAMA “Ntate oa Matšoele”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
SARA “Khosatsana”