Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Boaze a ne a ke ke a nyala Ruthe li sa tloha feela? (b) Ke ka litsela life Boaze a ileng a bontša Ruthe mosa hammoho le ho nahanela botumo ba hae?

      19 Boaze o ile a tsoela pele, a re: “Joale, morali oa ka, u se ke ua tšaba. Ke tla u etsetsa sohle seo u se bolelang, kaha e mong le e mong ea hekeng ea batho ba heso oa hlokomela hore u mosali ea khabane ka ho fetisisa.” (Ruthe 3:11) Boaze o ne a thabetse hore o na le monyetla oa ho nyala Ruthe; mohlomong o ne a sa makala hakaalo ha a kōptjoa hore e be morekolli oa hae. Leha ho le joalo, Boaze e ne e le monna ea lokileng ’me o ne a ke ke a etsa lintho ho latela takatso ea hae. O ile a bolella Ruthe hore ho na le morekolli e mong ea amanang haufi le lelapa la monna oa Naomi ea seng a hlokahetse; Boaze o ne a tla buisana le monna eo pele ’me a mo fe monyetla oa ho ba monna oa Ruthe.

      Ka lebaka la hore Ruthe o ne a tšoara batho ba bang ka mosa le ka tlhompho, o ile a iketsetsa lebitso le letle

  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 21. Ke’ng e entseng hore Ruthe a tsejoe e le “mosali ea khabane ka ho fetisisa,” hona re ka etsisa mohlala oa hae joang?

      21 E tlameha ebe Ruthe o ile a khotsofala hakaakang ha a nahanisisa ka seo Boaze a se buileng—hore o ne a tsejoa ke batho bohle hore ke “mosali ea khabane ka ho fetisisa”! Ha ho pelaelo hore o ile a ba le botumo bo joalo ka lebaka la hore o ne a chesehela ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa. Ho feta moo, o ne a le mosa ho Naomi le ho sechaba sa habo ebile a ba nahanela, hape ka boithatelo a phela ka mekhoa le litloaelo tseo ntle ho pelaelo a neng a sa li tsebe. Haeba re etsisa tumelo ea Ruthe, re tla hlompha batho ba bang ka ho tebileng re be re hlomphe mekhoa le litloaelo tsa bona. Ha re etsa joalo, le rōna re tla ba le botumo bo botle.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela