Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona
    Molula-Qhooa—2003 | March 15
    • Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona

      “Tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona.”—1 Samuele 16:7.

      1, 2. Pono ea Jehova ka Eliabe e ne e fapane joang le ea Samuele, ’me re ka ithuta’ng ho see?

      LILEMONG tsa bo-1000 B.C.E., Jehova o ile a rōma moprofeta Samuele ho ea phetha mosebetsi o itseng ka lenyele. O ile a laela moprofeta enoa hore a ee tlung ea monna ea bitsoang Jese le hore a tlōtse mora e mong oa Jese hore e tle e be morena oa ka moso oa Iseraele. Ha Samuele a bona letsibolo la Jese, e leng Eliabe, o ile a kholiseha hore ke eena eo Molimo a mo khethileng. Empa Jehova o ile a re: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:6, 7) Samuele o ne a hlōtsoe ho bona Eliabe ka tsela eo Jehova a neng a mo bona ka eona.a

  • Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona
    Molula-Qhooa—2003 | March 15
    • a Hamorao ho ile ha totobala hore Eliabe e motle ha a na makhabane a ho ba morena oa Iseraele. Ha senatla sa Mofilista, Goliathe se ne se qholotsa Baiseraele, Eliabe le banna ba bang ba Iseraele ba ile ba checha ke tšabo.—1 Samuele 17:11, 28-30.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela