-
“Ntoa ke ea Jehova”Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 5
-
-
Davida o ile a khothatsa morena ka hore ba se ke ba fela pelo ka lebaka la Goliathe. Saule le bahlanka ba hae ba ne ba nyahamisitsoe ke Goliathe. E ka ’na eaba ba ne ba ipapisa le monna eo oa seqhenqha ’me ba bona hore ba mo fihla thekeng kapa sefubeng. Ba ne ba bona hore o tla ba hlōla habonolo feela. Empa Davida o ne a sa bone lintho ka tsela eo. Joalokaha re tla hlokomela, o ne a li bona ka tsela e fapaneng hōle le eo. Kahoo, o ile a ithaopela ho loana le Goliathe.—1 Samuele 17:32.
-
-
“Ntoa ke ea Jehova”Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 5
-
-
Hase hore Davida o ne a sa bone hore Goliathe ke seqhenqha le hore o nkile libetsa. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella hore lintho tseo li mo nyahamise. Ha aa ka a etsa phoso eo Saule le lebotho la hae ba e entseng. O ne a sa ipapise le Goliathe. Ho e-na le hoo, o ile a bapisa Goliathe le Jehova. Le hoja Goliathe a ne a le molelele ho feta banna ba bang, e ne e se letho ha a bapisoa le Morena oa bokahohle. Ha e le hantle, ho Jehova o ne a lekana le kokoanyana eo a neng a tla e timetsa ka mor’a nakoana.
Davida o ile a matha a lebile ho Goliathe eaba o ntša lejoe ka mokotleng oa hae. A le kenya ka har’a letjeketjane eaba o le tsoka ka matla. Goliathe a atamela ho Davida, mohlomong a itširelelitse ka mojari oa thebe. Ho ka etsahala hore ebe bolelele ba Goliathe bo ne bo sa mo tsoele molemo kaha mojari oa hae oa thebe o ne a le mokhutšoanyane haholo hore a sireletse hlooho ea hae. Davida o ne a hlile a korotse hlooho ea hae.—1 Samuele 17:41.
Davida o ne a tseba hore esita le motho oa seqhenqha o monyenyane ha a bapisoa le Jehova Molimo
-
-
Na Tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’Nete?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2016 | No. 5
-
-
1 | Na ho na le motho ea ka bang bolelele ba limithara tse 2.9?
Bibele e re Goliathe o ne a le bolelele ba “litsoe tse tšeletseng le boahlamo ba seatla.” (1 Samuele 17:4) Litsoe tseo ho buuoang ka tsona mona ke lisenthimithara tse 44.5 ’me boahlamo ba seatla ke tse 22.2. Ha u li kopanya li etsa limithara tse 2.9. Batho ba bang ba re ho ke ke ha etsahala hore ebe Goliathe o ne a le molelele hakaalo. Empa nahana ka sena: Mehleng ena motho e molelele ka ho fetisisa eo ho tlalehiloeng ka eena o ne a le bolelele ba limithara tse 2.7. Na ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe Goliathe o ne a le bolelele boo kapa ho feta? E ne e le e mong oa Barefaime, e leng banna ba neng ba tsebahala ka hore ba bolelele bo sa tloaelehang. Tokomane ea Egepeta ea lilemong tsa bo-1201 ho ea ho 1300 e re naheng ea Kanana ho ne ho e-na le banna ba tšajoang ba neng ba le bolelele ba limithara tse 2.4. Ke ’nete hore bolelele ba Goliathe ha boa tloaeleha empa ho ne ho e-na le batho ba bolelele boo.
-