Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa—2011 | September 1
    • Mosebetsi oa bolisa o ne o ka ba kotsi. Ke maralleng ana moo Davida a ileng a loana le tau le bere ha li leka ho hloibila linku tsa mohlape oabo.a Mocha enoa ea sebete o ile a sala libata tsena morao, a li bolaea a ba a pholosa linku tsabo melomong ea tsona. (1 Samuele 17:34-36) Mohlomong Davida o ithutile ho betsa letjeketjane ka eona nako eo. Haufi le motse oa habo e ne e le naha ea leloko la Benjamine. Banna ba leloko lena ba tsebang ho betsa letjeketjane ba ne ba ka otla ntho ‘e botenya ba moriri ’me ba ne ba sa fose.’ Davida le eena o ne a nepa ka tsela e tšoanang.—Baahloli 20:14-16; 1 Samuele 17:49.

  • Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa—2011 | September 1
    • a Bere e sootho ea Syria, eo pele e neng e fumaneha Palestina, e ne e ka ba boima ba lik’hilograma tse 140 ’me e ka bolaea motho kapa phoofolo ka hore e mo tlapunye ka maro a eona a matonanahali. Litau li kile tsa e-ba ngata sebakeng seo. Esaia 31:4 e re esita le “palo e feletseng ea balisa” e ke ke ea leleka “taoana e moetse” phofung ea eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela