Ho Alosa ka Bonolo Linku tsa Jehova tsa Bohlokoa
BAHOLO ba ne ba mametse ka kelo-hloko e khōlō. Ba ne ba tsamaile hoo e ka bang lik’hilomithara tse 50 ho tloha Efese ho ea Mileta ho fumana litaelo tse tsoang ho moapostola Pauluse. Joale ba ile ba soabisoa ke ho utloa hore lena e ne e tla ba lekhetlo la ho qetela ba ’mona. Kahoo ba ne ba tseba hore mantsoe a neng a tla latela e ne e tla ba a bohlokoa bo boholo: “Itlhokomeleng ’me le hlokomele le mohlape kaofela, oo moea o halalelang o le khethileng balebeli har’a oona, ho alosa phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mor’a hae.”—Liketso 20:25, 28, 38, NW.
Ho bua ha Pauluse ha khutšoaane ka balisa ruri ho ile ha fetisetsa boitsebiso bo enneng ho baholo bao ba Efese. Ba ne ba tloaelane le mosebetsi oa ho alosa linku ho potoloha mathokong a naha. Ba ne ba boetse ba tloaelane le litšupiso tse ngata ka balisa Mangolong a Seheberu. Hape ba ne ba tseba hore Jehova o itšoantša le Molisa oa batho ba hae.—Esaia 40:10, 11.
Pauluse o buile ka bona e le “balebeli” har’a “mohlape,” hape e le “balisa” ba “phutheho.” Ha lentsoe “balebeli” le bontša hore na kabelo ea bona ke eng, lentsoe “molisa” le hlalosa hore na ke joang ba loketseng ho phetha bolebeli boo. E, balebeli ba ne ba lokela ho hlokomela setho ka seng sa phutheho ka mokhoa o lerato ho tšoana le kamoo molisa a neng a tla alosa mohlape oa hae oa linku.
Kajeno, ke baholo ba seng bakae ba bileng le phihlelo ea ho alosa linku tsa sebele. Empa Bibele e etsa litšupiso tse ngata ho linku le ho balisa, haholo-holo ka kutloisiso ea tšoantšetso, hoo mantsoe ao a Pauluse a leng bohlokoa ka linako tsohle. ’Me ho ka ithutoa ho hongata litlhalosong tse buang ka balisa bao Molimo a neng a ba amohela mehleng ea boholo-holo. Mehlala ea bona e hlahelletseng e ka thusa baholo kajeno ho bona hore na ke litšoaneleho life tseo ba li hlokang bakeng sa ho alosa phutheho ea Molimo.
Davida Molisa ea sa Tšabeng
Ha re nahana ka balisa ba mehleng ea Bibele, mohlomong haholo-holo re tla hopola Davida, kaha o ile a qala e le molisa oa linku. E ’ngoe ea lithuto tsa pele tseo re ithutang tsona bophelong ba Davida ke hore ho ba molisa hase boemo ba bophahamo. Ha e le hantle, ha moprofeta Samuele a fihla ho tla tlotsa mora oa Jesse joaloka morena oa Iseraele oa ka moso, qalong Davida e mocha o ile a tlōlisoa mahlo holimo ka ho feletseng. Ebile feela ka mor’a hore Jehova a hane ho amohela baholoane ba hae ba supileng moo ho ileng ha buuoa ka Davida, ea neng a le naheng “a lisitse linku.” (1 Samuele 16:10, 11) Leha ho le joalo, lilemo tseo Davida a li qetileng e le molisa li ile tsa mo lokisetsa mosebetsi o neng o hlokahala oa ho alosa sechaba sa Iseraele. Pesaleme ea 78:70, 71 e re: “[Jehova] a khetha Davida, mohlanka oa hae, a mo nka merakeng ea linku . . . e tle e be molisa oa Jakobo sechaba sa hae.” Ka ho loketseng, Davida o ile a ngola Pesaleme e monate le e tsebahalang haholo ea 23, e qalang ka mantsoe a reng: “Jehova ke molisa oa ka.”
Joaloka Davida, baholo ka phuthehong ea Bokreste ba lokela ho sebeletsa joaloka balisa ba tlaasana ba ikokobelitseng ’me ba se ke ba batla bophahamo bo sa ba lokelang. Joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngolla Timothea, ba hahamallang boikarabelo bona ba ho alosa ba “lakatsa mosebetsi o motle,” eseng bophahamo.—1 Timothea 3:1.
Le hoja mosebetsi oa Davida e le molisa oa sebele oa linku e ne e le oa boemo bo tlaase, ka linako tse ling o ne o mo hloka hore a be sebete haholo. Ka mohlala, ha ka lekhetlo le leng tau e nka nku mohlapeng oa ntat’ae ’me ka lekhetlo le leng nku e nkoa ke bere, ka sebete Davida o ile a e-lata-letailana ’me a bolaea libatana tsena tse jang liphoofolo tse ling. (1 Samuele 17:34-36) Hona e ne e le pontšo e tsotehang hakaakang ea sebete haholo ha motho a nahana hore tau e ka bolaea liphoofolo tse khōlō haholo ho eona. ’Me bere e sootho ea Syria e neng e phela Palestina, e boima ba lik’hilogramo tse 140, e ka bolaea khama ka sefutho se le seng sa leoto le matla la eona.
Sebete sa Davida le kameho ea hae ka linku tsa ntat’ae ke mohlala o motle bakeng sa balisa ka phuthehong ea Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a lemosa baholo ba Efese ka “liphiri tse khahlapetsang” tse neng “li ke ke tsa tšoara mohlape ka bonolo.” (Liketso 20:29, NW) Le mehleng ena ea kajeno, ho tla hlaha linako tseo ka tsona balisa ba Bakreste ba tla lokela ho bontša sebete e le hore ba ka sireletsa boiketlo ba moea ba linku tsa Jehova.
Le hoja linku li lokela ho sireletsoa ka sebete, hape li lokela ho tšoaroa ka bonolo bo fetisisang, ka ho etsisa molisa ea lerato Davida le Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. (Johanne 10:11) Ka ho tseba hore mohlape ke oa Jehova, le ka mohla baholo ha baa lokela ho khahlapetsa linku, “ka ho iketsa marena a hatellang holim’a bao e leng lefa la Molimo.”—1 Petrose 5:2, 3, NW; Mattheu 11:28-30; 20:25-27.
Ba Tla Fana ka Tlaleho
Mopatriareka Jakobo e ne e le e mong oa balisa ba tsebahalang haholo. O ne a inka a ikarabella bakeng sa nku ka ’ngoe e behiloeng tlhokomelong ea hae. Ka botšepehi o ile a hlokomela mehlape ea mohoe oa hae, Labane, hoo ka mor’a ho mo sebeletsa ka lilemo tse 20, Jakobo a neng a ka re: “Linku tsa hao le lipōli tsa hao ha lia ka tsa folotsa, le lipheleu tsa mohlape oa hao ha kea ka ka li ja. Ha kea ka ka u tlisetsa tse harotsoeng; ke ’na ke senyehetsoeng ke tsona; u batlile liatleng tsa ka tse utsoitsoeng motšehare, le tse utsoitsoeng bosiu.”—Genese 31:38, 39.
Balebeli ba Bakreste ba bontša kameho e khōloanyane ka linku tseo Molisa oa liphefumolohi tsa rōna, Jehova Molimo, a li “rekileng ka mali a Mor’a hae.” (Liketso 20:28, NW; 1 Petrose 2:25, NW; 5:4) Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba boikarabelo bona ha a hopotsa Bakreste ba Baheberu hore banna ba etelletseng pele ka phuthehong “ba falimehela liphefumolohi tsa lōna kaha ba tla fana ka tlaleho.”—Ba-Heberu 13:17, NW.
Mohlala oa Jakobo o boetse o bontša hore mosebetsi oa bolisa ha o lekanyetsoe nako. Ke mosebetsi oa motšehare le bosiu ’me hangata o hloka boitelo. O ile a bolella Labane: “Ka etsa joalo, ke qetoa ke letsatsi motšehare, le ke serame bosiu, boroko bo le sieo mahlong a ka.”—Genese 31:40.
Ka sebele ho joalo le ka baholo ba bangata ba Bakreste kajeno, joalokaha phihlelo e latelang e bontša. Moena o ile a kenngoa phaposing e khethehileng ea sepetlele eo ho hlokomelloang batho ba kulang haholo ho eona ka mor’a hore ho be le hlahala bokong ba hae ’me e bake mathata. Lelapa la hae le ile la lokisetsa ho ba haufi le eena sepetlele motšehare le bosiu. E le ho fana ka tšehetso le khothatso tse hlokahalang, e mong oa baholo sebakeng seo a lokisa kemiso ea hae e maphatha-phathe hore a khone ho etela motho enoa ea kulang, le lelapa la hae letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, ka lebaka la mokhoa oa sepetlele oa ho phekola, hase ka mehla ho neng ho khoneha hore a ete motšehare. Sena se ne se bolela hore moholo eo o ne a lokela hore a be sepetlele bosiu bo boholo. Empa o ile a thabela ho ea moo bosiu bo bong le bo bong. Moholo eo o re: “Ke ile ka elelloa hore ke ne ke lokela ho etela mokuli ka nako e loketseng bakeng sa hae, eseng ka nako e loketseng bakeng sa ka.” Ha moena a se a hlaphohetsoe hamolemonyana hore a ka isoa sebakeng se seng hona moo sepetlele, moholo o ile a ’na a tsoela pele ka maeto a hae a khothatsang a letsatsi le letsatsi.
Ke’ng Seo Moshe a Ithutileng Sona Joaloka Molisa
Bibele e hlalosa hore Moshe “e ne e le [motho] ea bonolo ka ho fetisisa ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatšeng.” (Numere 12:3, NW) Leha ho le joalo, tlaleho e bontša hore ha ho a ka ha e-ba joalo ka mehla. Haesale mohlankana, o ile a bolaea Moegepeta ka lebaka la ho otla Moiseraele oa habo. (Exoda 2:11, 12) Le hanyenyane motho ea bonolo o ne a ke ke a etsa seo! Leha ho le joalo, hamorao Molimo o ile a sebelisa Moshe ho etella batho ba limillione pele ho haola lefeelleng ho leba Naheng e Tšepisitsoeng. Joale, ho ne ho hlakile hore Moshe o ne a hloka koetliso e tsoelang pele.
Le hoja Moshe a ne a se a ntse a ile a fumana koetliso e itseng ka ho “rutoa bohlale bohle joa ba-Egepeta,” ho ne ho hlokahala ho hongata bakeng sa hae hore a alose mohlape oa Jehova. (Liketso 7:22) Ke sebōpeho sefe seo koetliso ena e eketsehileng e neng e ka ’na ea e-ba ka sona? Ka lilemo tse 40 Molimo o ile a lumella Moshe hore e be molisa oa linku ea tlaasana naheng ea Mediane. Ha Moshe a ntse a lisa mehlape ea mohoe oa hae, Jethro, o ile a hōlisa litšoaneleho tse ntle tse joaloka tiisetso, mosa, boikokobetso, mamello, botho bo bonolo, le boitšoaro. Hape o ile a ithuta ho lebella ho Jehova. E, ho lisa linku tsa sebele ho ile ha etsa hore Moshe a tšoanelehele ho ba molisa ea atlehang oa sechaba sa Iseraele.—Exoda 2:15–3:1; Liketso 7:29, 30.
Na tsena hase tsona litšoaneleho tseo moholo a li hlokang e le hore a ka hlokomela batho ba Molimo kajeno? E, hobane Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore “mohlanka oa Morena . . . e ka khona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete. A rute ka bonolo ba hanyetsang.”—2 Timothea 2:24, 25.
Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo moholo a ikutloelang bohloko hobane a e-na le bothata ba ho hōlisa litšoaneleho tsena ka botlalo. Leha ho le joalo, ha aa lokela ho tela. Joalokaha ho etsahetse ka Moshe, ho ka ’na ha nka motho nako e telele hore a hōlise ka botlalo litšoaneleho tse hlokahalang hore e be molisa ea molemo. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, boiteko bo phehellang joalo bo tla putsoa.—Bapisa le 1 Petrose 5:10.
Joaloka moholo, mohlomong ha u sebelisoe ka botlalo joaloka ba bang. Ebe e ne e ke ke ea e-ba hore joalokaha ho ile ha etsahala ka Moshe, Jehova o u fa monyetla oa ho hōlisa haholoanyane litšoaneleho tse itseng tsa bohlokoa? Le ka mohla u se lebale hore Jehova “oa le hlokomela.” Leha ho le joalo, re lokela ho hopola tlhokahalo ea hore ‘re apare bohle boikokobetso, re ntse re ipea e mong ka tlase ho e mong; hobane Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.’ (1 Petrose 5:5-7) Haeba u itšebelisa ’me u amohela koetliso eo Jehova a e lumellang, u ka ba bohlokoa ho eena, joalokaha Moshe a ne a le joalo.
Linku Tsohle tsa Jehova ke tsa Bohlokoa
Balisa ba tšepehang, ba lerato ba linakong tsa Bibele ba ne ba ikutloa ba ikarabella bakeng sa nku ka ’ngoe. Ho lokela ho ba joalo ka balisa ba moea. Sena se hlakisoa ke mantsoe a Pauluse: “Le hlokomele le mohlape oohle.” (Liketso 20:28, BPN) Ke mang ea neng a tla akarelletsoa ho “mohlape oohle”?
Jesu o ile a fana ka setšoantšo sa monna ea neng a e-na le linku tse lekholo empa ka potlako a ea ho batla e khelohileng ho e busetsa mohlapeng. (Mattheu 18:12-14; Luka 15:3-7) Ka mokhoa o tšoanang molebeli o lokela ho ba le kameho ho setho ka seng sa phutheho. Ho se kopanele tšebeletsong kapa libokeng tsa Bokreste ha ho bolele hore nku haesale karolo ea mohlape. E ntse e le karolo ea “mohlape oohle” oo baholo ba tlamehang ho “ikarabella” ho Jehova ka ’ona.
Sehlopha se seng sa baholo se ile sa ameha haholo ka hore ba bang ba neng ba kopanela le phutheho ba ne ba se ba sa kopanele tšebeletsong. Ho ile ha hlophisoa lethathamo la batho bana, ’me ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho ba etela le ho ba thusa ho khutlela lesakeng la linku tsa Jehova. Baholo bana ba ile ba leboha Molimo hakaakang hore ka nako ea lilemo tse peli le halofo, ba ile ba khona ho thusa batho ba fetang 30 ho boela ba e-ba mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova. E mong oa ba ileng ba thusoa o ne a ile a khaotsa ho kopanela tšebeletsong ka lilemo tse ka bang 17!
Bohlokoa ba boikarabello bona bo phaelloa holim’a balebeli ka lebaka la hore linku li rekiloe “ka mali a Mor’a [Molimo].” (Liketso 20:28) Ho ne ho ke ke ha e-ba le theko e phahameng ho feta e lefiloeng bakeng sa linku tsena tsa bohlokoa. Hape nahana ka nako le boiteko tse sebelisitsoeng tšebeletsong ho fumana le ho thusa motho ka mong ea kang nku! Na boiteko bo tšoanang bo ne bo ke ke ba etsoa ho boloka bohle ba le ka lesakeng la linku tsa Molimo? Ka sebele, nku e ’ngoe le e ’ngoe ka phuthehong ke ea bohlokoa.
Esita leha setho sa mohlape se ka ameha phosong e tebileng, boikarabelo ba baholo ha bo fetohe. Ba tsoela pele e le balisa ba nang le kameho, ka lerato le ka bonolo ba etsa boiteko ba ho pholosa mofosi haeba e le ho ka etsahalang. (Ba-Galata 6:1, 2) Ka masoabi, liketsahalong tse itseng ho ile ha totobala hore setho sa phutheho se haelloa ke masoabi a bomolimo bakeng sa libe tse tebileng tseo se li entseng. Joale balisa ba lerato ba na le boikarabelo ba Mangolo ba ho sireletsa mohlape khahlanong le tšusumetso ena e silafatsang.—1 Ba-Korinthe 5:3-7, 11-13.
Leha ho le joalo, Jehova Molimo o beha mohlala o phethahetseng oa ho bontša mohau linkung tse lahlehileng. Molisa oa rōna ea nang le kutloelo-bohloko o re: “Ke tla batla e lahlehileng, ke late e khelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang.” (Ezekiele 34:15, 16; Jeremia 31:10) Ka ho etsisa mohlala ona o motlehali, ho entsoe tokisetso e lerato bakeng sa balisa ba moea kajeno ho etela batho ba khaotsoeng, bao joale ba ka ’nang ba arabela hantle thusong ea bona. Boiteko bona bo mohau ba ho fumana linku tse joalo tse neng li lahlehile bo hlahisitse litholoana tse molemo. Khaitseli e mong ea khutliselitsoeng ka phuthehong o itse: “Ha baholo ba ne ba nketela e ne e le khothatso e hlokahalang ho ’na hore ke khutle.”
Ntle ho pelaelo mantsoe a Pauluse ho baholo ba Efese ha ba le Mileta a ne a e-na le moelelo—bakeng sa bona le bakeng sa balebeli kajeno. Ho bua ha hae ka balisa e bile khopotso ka litšoaneleho tse ipiletsang tse neng li lokela ho totobala ho balebeli—litšoaneleho tse kang boikokobetso le sebete, joalokaha mohlala oa tsona o behiloe ke morena oa molisa Davida; boikutlo ba botho ba boikarabello le ho sireletsa ka hloko, joalokaha bo ile ba totobala tšebeletsong ea Jakobo ea motšehare le bosiu; le boikemisetso ba ho amohela koetliso e tsoelang pele ka mamello, joalokaha bo ile ba bontšoa ke Moshe. Ka sebele mehlala ena ea Bibele e tla thusa baholo ba phutheho ho hōlisa le ho bontša litšoaneleho tse hlokahalang e le hore ba ka ’na ba “alosa phutheho ea Molimo, eo o e rekileng ka mali a Mor’a hae” ka lerato.