“Ntoa ke ea Jehova”
“’Na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.”—1 SAMUELE 17:45.
1, 2. (a) Ke phephetso efe e talimaneng le lebotho la Iseraele tlas’a bolaoli ba Morena Saule? (b) Banna ba lebotho la Iseraele ba arabela joang phephetsong ea Goliathe, ’me joale ho hlaha mang?
MABOTHO a mabeli a matla a eme a tjamelane phuleng ea Ela, ka boroa-bophirimela ho Jerusalema. Ka lehlakoreng le leng ke lebotho la Iseraele, le etelletsoeng pele ke Morena Saule ea tšohileng. Ka lehlakoreng le leng ke lebotho la Bafilista le senatla sa lona sa seqhenqha, Goliathe. E ka ’na eaba lebitso la Goliathe le bolela ho “Hlahella.” A ka ba bolelele ba limithara tse 2,7 ’me o hlometse ka sabole. Goliathe o hoelelitse ’me ka tello o nyefola Iseraele.—1 Samuele 17:1-11.
2 Ke mang ea tla talimana le phephetso ea Goliathe? “Banna ba Iseraele ha ba bona monna eo, ba ’malehela, ba tšaba haholo.” Empa bonang—ho hlaha mohlankana ea e-s’o tiee! Lebitso la hae ke Davida, ’me le bolela “Ea Ratoang.” O ile a boela a ipaka a “ratoa” ke Jehova ka baka la boinehelo ba hae bo sebete ho se lokileng. Samuele o se a ile a tlotsa Davida hore e be morena oa ka moso oa Iseraele, ’me moea oa Jehova o sebetsa ka matla holim’a hae.—1 Samuele 16:12, 13, 18-21; 17:24; Pesaleme ea 11:7; 108:6.
3. Davida o itlhomella joang bakeng sa ntoa, empa Goliathe o hlometse joang?
3 Ha a utloa Goliathe “a nyelisa makhotla a Molimo o utloang,” Davida o ithaopela ho loantša senatla seo. Ha Saule a lumela, Davida oa tsamaea empa ha aa nka lihlomo tse tloaelehileng le libetsa tseo a li nehiloeng ke Saule. O hlometse ka molamu feela, letjeketjane, le majoe a mahlano a boreleli—ho fapana le Goliathe, ea nkileng lerumo leo hlooho ea lona e leng boima ba lik’hilogramo tse 7 ’me a apere seaparo sa maqephe a koporo se boima ba lik’hilogramo tse 57! Ha Goliathe ea matla ’moho le mohlabani oa hae ea nkileng thebe ba atamela, ‘mo-Filista o rohaka Davida ka melimo ea hae.’—1 Samuele 17:12-44.
4. Davida o arabela phephetso ea senatla seo joang?
4 Davida o arabela joang? O arabela phephetso ea senatla seo, oa hoa: “U tlile ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; ’na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng. Kajeno, Jehova o tla u neela matsohong a ka; ke tla u bolaea, ke u pome hloho, ke nee kajeno lena linonyana tsa leholimo le libatana tsa naha litopo tsa makhotla a ba-Filista, ’me lefatše lohle le tla tseba hobane Molimo o teng Iseraeleng. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane HLŌLO [“NTOA,” NW] KE EA JEHOVA, ’me o tla le neela matsohong a rōna.”—1 Samuele 17:45-47.
5. Phello ea ntoa eo ke efe, ’me tlotla e leba ho mang?
5 Ka sebete Davida o leba ntoeng. Lejoe la hae le betsoang ka letjeketjane le leba hantle moo le korotsoeng teng, ’me Goliathe o oela fatše. E, Jehova o putsitse tumelo ea Davida le sebete sa hae ka ho lebisa motsu oo o monyenyane phatleng ea senatla seo ntle le phoso! Davida o mathela pele, o ntša sabole ea Goliathe selateng sa eona, ’me o khaola hlooho ea mohatelli eo. Bafilista ba baleha ba ferekane. Ka sebele ho ne ho ka thoe: “NTOA KE EA JEHOVA”!—1 Samuele 17:47-51, NW.
6. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a bolokile lintlha tse qaqileng tsa ntoa ee ea khale? (b) Bahlanka ba Molimo ba hloka tiisetso efe ha ba mamelletse mahloriso a tsoang ho lira tse ka bapisoang le Goliathe?
6 Ke hobane’ng ha Jehova a bolokile tlaleho ena ea ntoa e ngotsoeng ka lintlha tse qaqileng ka Lentsoeng la hae, esita le hoja ntoa eo e loannoe hoo e ka bang lilemo tse 3 000 tse fetileng? Moapostola Pauluse o re bolella hore: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.” (Ba-Roma 15:4) Kajeno, bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo ba mamelletse thohako le mahloriso a pepenene a tsoang ho lira tse ka bapisoang le Goliathe. Ha likhatello tsa sera li ntse li eketseha, kaofela ha rōna re hloka tiisetso e tšelisang ea hore “NTOA KE EA JEHOVA.”
Tseko ea Bobusi
7. Ke tseko efe eo batho bohle ba Molimo ba leng lichabeng tsohle ba amehileng ka eona, hona hobane’ng?
7 Goliathe o ne a sasanka a nyelisa Molimo oa Iseraele. Ka ho tšoanang, lekholong lena la bo20 la lilemo tsamaiso ea mebuso ea bopolotiki ea bompoli e ile ea hlahella, e phephetsa bobusi ba Jehova ’me e leka ho hatella bahlanka ba hae hore ba ikokobetse ka mokhoa oa borapeli ho Naha. Batho ba Molimo lichabeng tsohle ba amehile ka tseko ena. Hobane’ng? Hobane Mehla ea Balichaba e profetiloeng, kapa “linako tse khethiloeng tsa lichaba,” e ile ea fela ka 1914, ’me ha qaleha nako ea kajeno ea “tlokotsi lichabeng, le tsieleho.” (Luka 21:24-26; NW, King James Version) Mehla ea Balichaba e qalehile ha lichaba li qala ho hatakela Jerusalema ea lefatšeng ka 607 B.C.E. ’me ea nka lilemo tse latelang tse 2 520 ho tla fihlela ka 1914, ha Jehova a beha Jesu teroneng e le Morena oa Bomessia Jerusalema oa leholimo.—Ba-Heberu 12:22, 28; Tšenolo 11:15, 17.a
8. (a) Marena a lefatše a ile a arabela joang taelong ea boprofeta ea ho ‘sebeletsa Jehova ka tšabo’? (b) Kajeno ke linatla life tsa lefatše tse nyelisang Jehova le tse hatellang lipaki tsa hae?
8 Ho ile ha e-ba le phetoho e khōlō ka 1914. Lichaba tseo e seng Bajode li ne li ke ke tsa hlola li busa Molimo o sa kene lipakeng. Empa na “marena” a neng a busa ka nako eo a ile a mamela taelo ea boprofeta ea ho ‘sebeletsa Jehova ka tšabo,’ le hore a ikokobeletse Morena oa hae ea sa tsoa hlomamisoa? Che! Ho e-na le hoo, a ile a ‘bōkana ho tsohela Jehova le motlotsuoa oa hae, Jesu, matla.’ A phehelletse lipakane tsa ’ona, a ile a ‘luma-luma’ Ntoeng e Khōlō ea 1914 ho ea ho 1918. (Pesaleme ea 2:1-6, 10-12) Ho tla fihlela kajeno, puso ea lefatše ke tseko e chesang e ka pele ho batho. Lefatše la Satane le tsoela pele ho hlahisa linatla tsa bopolotiki, tse tšoanang le batho ba habo Goliathe, Barefaime. Mebuso ena ea bompoli e nyelisa Jehova ’me e leka ho hatella lipaki tsa hae hore li ikokobetse, empa joaloka mehleng, ntoa le tlhōlo ke tsa Jehova.—2 Samuele 21:15-22.
“Saule” oa Mehleng ea Kajeno
9. Ke bo-mang kajeno bao ka liketso ba tšoanang le Morena Saule, hona e le ka litsela life?
9 Morena Saule o kena kae setšoantšong see? Pejana, ka baka la bofetoheli ba hae, Jehova o ile a rera ho ‘hahola ’muso oa Iseraele ho eena.’ (1 Samuele 15:22, 28) Joale, Saule o ne a hlolehile ho phahamisa bobusi ba Jehova ha a talimane le phephetso ea Goliathe. Ho feta moo, o ile a tsoela pele ho hlorisa Davida, ea neng a hlōtse Goliathe le ea neng a tlotsitsoe ke Jehova hore a nkele lesika la borena la Saule sebaka. Baruti ba Bokreste-’motōana ba tšoanela ka mokhoa o makatsang hakaakang liketso tsa mofuta oo! Ba fetohetse ’nete ea Bibele, kaha e le karolo ea bokoenehi bo boholo bo ‘sa utloeng evangeli’ ea Morena oa rōna Jesu le ’Muso oa hae o tlang. Ba hlolehile ka ho felletseng ho buella bobusi ba bokahohleng ba Jehova ’me ba hlorisitse hampe lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova le metsoalle ea tsona, bongata bo boholo ba batho. Jehova o tla hleka bakoenehi bao ‘khalefong ea hae.’—2 Ba-Thessalonika 1:6-9; 2:3; Hosea 13:11.
10. (a) Ka 1918, sehlopha sa baruti ba tummeng ba London se ile sa hatisa phatlalatso efe? (b) Ho e-na le ho latela phatlalatso eo ea 1918, baruti ba phehelletse ho nka tsela efe?
10 Ntoeng ea pele ea lefatše, litsela tsa ho sekisetsa tsa baruti ba Bokreste-’mōtoana li ile tsa bonahala ka ho hlaka. Ka ho hlakileng, boprofeta ba Jesu bo ho Mattheu khaolo ea 24 le 25, le Luka khaolo ea 21 bo ile ba phethahala. Ha e le hantle, ka 1918 sehlopha sa baruti ba tsebahalang ba London, Engelane, se emelang Likereke tsa Baptist, Congregational, Presbyterian, Episcopal, le Methodist, se ile sa hatisa phatlalatso. E ne e bolela hore: “Tlokotsi e teng e supa qetello ea mehla ea Balichaba.” Empa ha baa ka ba latela phatlalatso eo. Ka eona nako eo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba se ba ntse ba kenelletse ka ho teba ho tšehetseng mahlakore ka bobeli a ntoa ea pele ea lefatše. Ho e-na le ho ela hloko boteng ba Jesu matleng a ’Muso, ba ile ba inehela monahanong oa lichaba tsa lefatše—oa hore batho ba lokela ho tsoela pele ba busoa ke mebuso ea bopolotiki ea Balichaba e arohanyang, esita le ke bahatelli ba kang Goliathe, ho fapana le ho kopana tlas’a ’Muso oa Molimo.—Mattheu 25:31-33.
Ha ba Sekisetse!
11. Ke bo-mang ba sa sekisetsang tsekong ea bobusi, ’me ba latela mohlala oa mang?
11 Na bahlanka ba inehetseng ba Molimo baa sekisetsa tsekong ee ea bobusi? Le hanyenyane, joalokaha tlaleho ea Bibele e ho bontša ka ho hlaka! (Daniele 3:28; 6:25-27; Ba-Heberu 11:32-38; Tšenolo 2:2, 3, 13, 19) Kajeno Bakreste ba tšepahalang ba phahamisa bobusi ba Jehova le ’Muso oa hae ho sa tsotellehe lithohako tsohle tse sehloho le mahloriso a sehlōhō tseo ‘Goliathe’ ea hatellang oa mehleng ea kajeno a li phaellang holim’a bona. Ba latela mehlaleng ea Jesu, “mor’a Davida,” eo ka sebete a loanneng ntoa ea moea lebitsong la bobusi ba Jehova, ha ka nako e tšoanang a sa nke lehlakore ho hang mabapi le lintoa tsa lefatše le lipolotiki. Thapelong ho Ntate oa hae, Jesu o ile a bolela hore balateli ba hae, Bakreste ba ’nete, le bona “hase ba lefatše.”—Mattheu 4:8-10, 17; 21:9; Johanne 6:15; 17:14, 16; 18:36, 37; 1 Petrose 2:21.
12. (a) Ke bo-mang ba bolaileng Goliathe oa kajeno, hona joang? (b) Ho talima ha bona “Goliathe” a se a shoele ho bile le phello efe ho batho ba Jehova?
12 Kajeno masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a kang Davida a bolaile Goliathe oa mehleng ea kajeno. Joang? Ka hore a ipoletse ka lentsoe le le leng a le ka lehlakoreng la Jehova tsekong ea puso ea lefatše. “QETO (E Nkiloeng ke Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba Kopanong ea Cedar Point, Ohio, ka Sontaha, la 10 Loetse, 1922)” e behile mohlala. E ne e akarelletsa se latelang:
“10. Re boetse re bolela le ho tiisa hore lena ke letsatsi la phetetso ea Molimo khahlanong le ’muso oa Satane o bonahalang le o sa bonahaleng;
“11. Hore ho hlongoa bocha ha lefatše la khale kapa tsamaiso ea khale ke ntho e ke keng ea etsahala; hore nako e fihlile ea ho hlongoa ha ’muso oa Molimo ka Kreste Jesu; le hore mebuso le mekhatlo eohle e sa ithaopeleng ho ikokobeletsa puso e lokileng ea Morena e tla felisoa.”
Ha ho pelaelo hore “mor’a Davida,” joaloka Hlooho ea phutheho ea Bokreste, o ile a laola ho betsoa ha “lejoe” leo la ’nete ea ’Muso. (Mattheu 12:23; Johanne 16:33; Ba-Kolosse 1:18) Liqeto tse nkiloeng likopanong tsa selemo le selemo ho tloha ka 1922 ho fihlela ka 1928 li ile tsa hatisa boemo bona. Ho tsoa ponong ea litaba ea batho ba Jehova, “Goliathe” o ne a se a shoele, a khaotsoe hlooho. Mebuso ea batho ea bompoli e hlokile matla a ho qobella babuelli ba sebete ba bobusi ba Jehova hore ba sekisetse.—Bapisa Tšenolo 20:4.
13. (a) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba sekiselitse joang nakong ea khatello e neng e le Jeremane ea Hitler? (b) Buka Mothers in the Fatherland e tlalehile eng ka Lipaki tse sa sekisetseng?
13 Mohlala o totobetseng oa kajeno oa ho hatella ha mebuso ea bopolotiki e kang Goliathe ke Jeremane mehleng ea Hitler. Malumeli a ka sehloohong, a K’hatholike ’moho le a Prostanta, a ile a sekisetsa ka ho soabisang ka ho etsa ketso ea borapeli ho Bonazi, ho tšoara ’musi joaloka molingoana, ho lumelisa folaga ea Manazi, le ho hlohonolofatsa mabotho a hae ha a nka leoto ho ea bolaea balumeli-’moho le bona ba lichabeng tsa boahisani. Bao ho thoeng ke Bakreste ba litumelo tsohle—empa e se Lipaki tsa Jehova—ba ne ba tšoasehile chesehong ea bochaba. Buka Mothers in the Fatherland e tlalehile: “[Lipaki tsa Jehova] li ile tsa isoa likampong tsa mahloriso, tse sekete ho tsona tsa ahloleloa lefu, ’me tse ling tse sekete tsa shoa pakeng tsa 1933 le 1945. . . . Mak’hatholike le Maprostanta a ile a utloa baruti ba ’ona ba a phehella hore a sebelisane le Hitler. Haeba a hana, a ne a etsa joalo khahlanong le litaelo tsa kereke le naha.” Kereke le Naha li bile molato oa mali hakaakang!—Jeremia 2:34.b
14. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li atisa ho hlorisoa?
14 Ho tla fihlela kajeno, khatello e sehlōhō ea Lipaki tsa Jehova e ntse e tsoela pele linaheng tse ngata, feela joalokaha Jesu a boletse esale pele. Empa tlas’a maemo ’ohle, ka cheseho Bakreste bana ba ntse ba bolela “evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:9, 13, 14) Ho makatsang ka boemo bona ke hore linaheng tse ngata Lipaki li tsebjoa e le baahi ba tšepahalang, ba phelang ka bohloeki, ba behang mohlala oa ho boloka molao le taolo. (Ba-Roma 13:1-7) Empa li atisa ho hlorisoa. Hobane’ng? Kaha borapeli ke ba Jehova ka ho khethehileng, li qoba ho khumamela litsǒantšo tsa Naha kapa ho li lumelisa. (Deuteronoma 4:23, 24; 5:8-10; 6:13-15) Li sa sekisetse, li rapela Jehova, “eena feela,” li etsa hore Jehova e be Morena ‘Musi oa bophelo ba tsona. (Mattheu 4:8-10; Pesaleme ea 71:5; 73:28) Kaha “hase ba lefatše,” ba boloka ho se nke lehlakore ha Bokreste mabapi le lipolotiki tsa lefatše le lintoa.—Johanne 15:18-21; 16:33.
15, 16. (a) Ke mohlala oa mang oo Lipaki tsa lilemo tsohle li ka o latelang ha Goliathe oa mehleng ea kajeno a li sokela, ’me see se bontšitsoe joang ke ngoanana oa Mokreste ea lilemo li tšeletseng? (b) Batsoali ba Bakreste ba batla ho koetlisa bana ba bona hore ba tšoane le bo-mang?
15 Hangata Goliathe oa mehleng ea kajeno o sokela baboloki bana ba botšepehi, ba etelletsang pele borapeli ba Jehova ho fapana le mekhoa ea borapeli ba litsǒantšo. (Bapisa Tšenolo 13:16, 17.) Empa Lipaki, bana le ba hōlileng, li ka latela mohlala oa Davida ka ho arabela phephetso li sa tšabe letho. Naheng e ’ngoe ea Latin-America, ngoanana oa Mokreste ea lilemo li tšeletseng o ne a fumane koetliso e ntle hae ho tloha boseeeng. (Bapisa Ba-Efese 6:4; 2 Timothea 3:14, 15.) Sena se ne se tlatselitse ho etseng hore e be seithuti se bohlale ka ho fetisisa sehlopheng sa habo sekolong. Empa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele le ile la etsa hore a qobe ho kopanela meketeng ea sehlopha ea borapeli ba litsǒantšo. Ha a hlalosa boemo ba hae, tichere e ile ea khotsa ka hore ngoanana ea lilemong tsa hae o ne a sa le monyenyane haholo hore a ka ba le letsoalo! Ngoanana eo ea lilemo li tšeletseng o ile a paka hore tichere eo e fositse ka ho fana ka bopaki bo khahlehang.
16 Ho tšeptjoa hore batsoali bohle ba Bakreste ba tla koetlisa bana ba bona e le hore ba ka latela mohlala oa Davida e monyenyane ka ho nka khato a tiileng ha ba boholong lefatšeng ba kang Goliathe ba ba sokela. E se eka ba ka tsoana le bana ba bararo ba tšepahalang ba Baheberu, ba tšoana le Daniele le ba bang ba bangata ba tlalehiloeng ka Bibeleng ka hore ka sebete ‘ba be le letsoalo le letle’ tumellanong le melao-motheo ea Bibele.—1 Petrose 2:19; 3:16; Daniele 3:16-18.
Joalokaha Bo-rahistori ba ho Bona
17. (a) Rahistori oa Lenyesemane Toynbee o lemositse ka phetoho ea eng? (b) Sehlopha sa kajeno sa Goliathe se leka botšepehi ba batho ba Molimo joang?
17 Rahistori ea tsebahalang oa Lenyesemane Arnold Toynbee o lemositse ka phetoho ea “sebopeho se nyatsehang sa borapeli ba bohata ba linaha tse tletseng bochaba tse ipusang” mehleng ea rōna, a hlalosa sena hape e le “tomoso e bolila ea veine e ncha ea puso ea sechaba ka sechaba e ka libotlolong tsa khale tsa bomorabe.” Ba bolelang hore lichaba tsa habo bona li phahametse tse ling kaofela, esita le ho ea bohōleng ba ho rapela Naha, ba ’nile ba susumetsoa ke babusi ’me ba sebelisoa ke bona ho phethahatsa maano a bona, e-bang a matle kapa a mabe. Ka baka leo, sehlopha sa Goliathe se hlahile ho tla leka botšepehi ba batho ba Molimo, ba ratang naha eo ba tsoaletsoeng ho eona empa ba hana ho rapela Naha le matšoao a eona.
18. Ke lipotso life tse batlisisang tseo ho hlokahalang hore Mokreste ea tataisoang ke letsoalo la hae a li arabele?
18 Joaloka tabeng ea Jeremane ea Bonazi, kajeno ho na le lipotso tse batlisisang tseo Mokreste ea tataisoang ke letsoalo la hae a lokelang ho li arabela: Na ke lokela ho lumela hore sechaba seo ke phelang ho sona ke se ratoang ke Molimo ho feta sechaba leha e le sefe se seng? Haholo-holo hona joale, nakong ena e kotsi ka ho fetisisa ea histori ea motho, na ke ho utloahalang kapa ho nang le kelello ho talima karolo e le ’ngoe ea lefatše e phahametse likarolo tse ling kaofela? Kapa ho talima karolo e le ’ngoe ea lelapa la motho e phahametse likarolo tse ling kaofela?
19. Rahistori e moholo ho bohle, Jehova, o re bolella eng ka ho nahana le ho itšoara joalokaha eka sechaba se seng sa batho se phahametse lichaba tse ling kaofela?
19 A re ke re nahanisiseng ka pono ea litaba ea Rahistori e moholo ho bohle—Jehova Molimo, Mongoli oa Bibele. Moapostola Petrose o re bolella hore: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” Hape na ka mehla ha rea lokela ho itšoara ka tsela e lumellanang le polelo e bululetsoeng ea moapostola Pauluse ea hore Molimo “o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle”? Ke hobane’ng ha sechaba se seng sa batho se ka nahana ’me sa itšoara joalokaha eka se phahametse lichaba tse ling kaofela? Ha a bua ka batho bohle, Pauluse o itse: ‘Re moloko oa Molimo.’—Liketso 10:34, 35; 17:26, 29.
20. Batho ba Molimo ba ke ke ba hlola ba phephetsoa ke eng tsamaisong e ncha ea Jehova, ’me sehlooho sa rōna se latelang se tla bua ka eng?
20 Tsamaisong e ncha ea Jehova, ba ratang ho loka ba ke ke ba hlola ba phephetsoa ke litsamaiso tsa bopolotiki tsa bompoli tse kang Goliathe, hobane boikhohomoso bo arohanyang le lehloeo e tla be e le lintho tsa nako e fetileng. (Pesaleme ea 11:5-7) Hohle moo ba phelang teng lefatšeng, batho ba Molimo ba se ba ntse ba lahlile bochaba bo joalo, ba utloile taelo ea Jesu ea ho ‘ratana joale ka ha a ba ratile.’ (Johanne 13:34, 35; Esaia 2:4) Thuto ea rona e latelang e bontša hore na leo ke lerato la mofuta ofe!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea tsela ena ea Bibele ea ho bala lilemo, bona maqephe 138-41 bukeng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bakeng sa mehlala e susumetsang ea botšepehi ba Lipaki tsa Jehova, e le batho ba bacha le ba hōlileng, ha li arabela phephetso ea “Goliathe” oa Bonazi, bona 1974 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 117-21, 164-9.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Ke eng e tšoantšetsoang ke senatla sa mohatelli Goliathe?
◻ Ke ka litsela life bahlanka ba Molimo ba bontšang ho se sekisetse tsekong ea bobusi?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba ka bolela hore Goliathe oa mehleng ea kajeno o se a bolailoe?
◻ Ke bo-mang ba latelang liketso tsa Morena Saule, hona joang?
◻ Ke joang batho ba Jehova ba ’nileng ba itšoara joaloka Davida ha ba talimane le khatello ea Goliathe oa mehleng ea kajeno?