-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
Nabale o ne a lula Maone empa o ne a sebetsa pel’a Karmele ’me kamoo ho bonahalang kateng o ne a e-na le tšimo moo.a Metse eo e ne e e-na le lihlaba tse makhulo a matala a neng a le matle bakeng sa mehlape ea linku, ’me Nabale o ne a e-na le tse 3 000. Leha ho le joalo, libaka tse ling e ne e le lefeella. Ka boroa ho ne ho e-na le lehoatata le sabaletseng la Parane. Ka bochabela, e ne e le tsela e eang Leoatleng la Letsoai e fetang har’a naha e itjang feela e tletseng likhohlo le mahaha. Davida le banna ba hae ba ne ba ikhoantlella libakeng tseo, ’me ha ho potang hore ba ne ba tsoma e le hore ba fumane lijo ebile ba ne ba hlaheloa ke mathata a mangata. Ba ne ba atisa ho kopana le balisana ba neng ba sebeletsa Nabale oa morui.
-
-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
a Ena hase Thaba ea Karmele e tummeng e hōle haholo ka leboea, empa ke motse o qetellong ea lefeella le ka boroa.
-