-
O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a RapelaEtsisa Tumelo ea Bona
-
-
15, 16. (a) Anna o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a tšollele pelo ea hae ho Jehova le ho mo rapela tabernakeleng? (b) Re ka latela mohlala oa Anna joang ha re imetsoe maikutlong?
15 Anna o ile a ikutloa joang ka mor’a hore a tšollele pelo ea hae ho Jehova le ho mo rapela moo tabernakeleng? Tlaleho e re: “Mosali eo a tsamaea ’me a ja, ’me sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.” (1 Sam. 1:18) Bibele—Phetolelo e Ncha e beha temana ena tjena: “Sefahleho sa hae sa khanya khotso.” Anna o ile a ikutloa a imolohile. E ne eka o nkile moroalo oa hae o neng o mo imetse maikutlong eaba o o jarisa motho e moholo le ea matla ho mo feta, e leng Ntate oa hae ea leholimong. (Bala Pesaleme ea 55:22.) Na ho na le bothata bo ka mo sitang? Che—bo ne bo le sieo mehleng eo, le mehleng ena ha bo eo, ebile ha ho mohla bo tla ke bo be teng!
16 Ha re ikutloa re imetsoe, re tsielehile, kapa re utloile bohloko haholo, e ka ba hantle hore re latele mohlala oa Anna oa ho bua ka bolokolohi le Eo Bibele e reng ke “Ea Utloang thapelo.” (Pes. 65:2) Haeba re etsa joalo re e-na le tumelo, le rōna re ka fumana hore mesarelo ea rōna e nkeloa sebaka ke “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”—Bafil. 4:6, 7.
-
-
O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a RapelaEtsisa Tumelo ea Bona
-
-
18 Penina o ile a hlokomela neng hore ha a sa khona ho utloisa Anna bohloko? Tlaleho ha e re bolelle, empa mantsoe a reng ‘ha aa ka a hlola a tšoenyeha’ a fana ka maikutlo a hore ho tloha ka nako eo, Anna o ile a qala ho lula a thabile. E tlameha ebe Penina o ile a lemoha hore boitšoaro ba hae bo bontšang lehloeo ha bo sa ama Anna le hanyenyane feela. Ka mor’a moo, ha ho sa na moo Bibele e buang ka Penina.
-