Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 9. Re ka ithuta’ng ka boikemisetso ba Anna ba ho nka leeto le eang Shilo ho sa tsotellehe taba ea hore o ne a tseba hore na mohalitsong oa hae o tl’o itšoara joang?

      9 Ho ne ho phethesela ka tlung lihoreng tsa hoseng. Bohle ba ne ba itokisetsa ho kena leetong, ho akarelletsa le bana. Lelapa leo le leholo le ne le tla tsamaea lik’hilomithara tse fetang 30 ho ea Shilo, le haola naheng ea Efraime e meepa.b Leeto leo le ne le ka nka letsatsi kapa a mabeli ha ba tsamaea ka maoto. Anna o ne a tseba hore na mohalitsong oa hae o tlil’o itšoara joang. Leha ho le joalo, Anna ha aa ka a sala hae. Ka hona, o behetse barapeli ba Molimo mohlala o babatsehang ho fihlela le kajeno. Ke booatla ho lumella boitšoaro bo fosahetseng ba ba bang hore bo re thibele ho sebeletsa Molimo. Haeba re ka etsa joalo, re tla fetoa ke lintho tsa bohlokoa tse ka re thusang hore re khone ho mamella.

  • O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • b Bolelele ba leeto bo thehiloe tabeng ea hore motse oo Elkana a neng a lula ho oona e ka ’na eaba e ne e le Rama, e leng sebaka seo mehleng ea Jesu se neng se bitsoa Arimathea.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela