KHAOLO EA BOSUPA
O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
1, 2. Boemo e ne e le bofe ha Samuele a ne a bua le sechaba sa Iseraele, hona ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore a se susumetse hore se bake?
SAMUELE o ile a talima lifahleho tsa sechaba sa habo. Sechaba se ne se bokane motseng oa Gilgale, pitsong e neng e epiloe ke monna enoa ea tšepahalang ea sebelelitseng e le moprofeta le moahloli ka lilemo tse mashome. E ne e ka ba ka May kapa ka June ho latela likhoeli tsa mehleng ena ’me nako ea komello e ne e se e qalile. Masimo a ne a se a le masehla kaha koro e ne e se e loketse ho kotuloa. Sechaba se ile sa khutsa. Samuele o ne a tla etsa joang hore a se finyelle lipelo?
2 Sechaba se ne se sa utloisise hore na boemo boo se leng ho bona bo tebile hakae. Se ile sa tsitlallela hore se batla ho busoa ke morena oa motho. Se ne se sa lemohe hore se bontša ho se hlomphe Molimo oa sona, Jehova, le moprofeta oa hae ka ho feletseng. Ha e le hantle, se ne se sa batle hore Jehova e be Morena oa sona! Samuele o ne a ka se thusa joang hore se bake?
Bophelo ba Samuele ha a sa le mocha bo ka re ruta ho hongata mabapi le ho ba le tumelo ho Jehova ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe
3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Samuele a ile a bua ka nako ea bocha ba hae? (b) Ke hobane’ng ha mohlala oa Samuele oa ho bontša tumelo e le oa bohlokoa ho rōna kajeno?
3 Samuele o ile a bua le sechaba, a re: “Ke tsofetse ebile ke hlooho e putsoa.” Moriri oa hae o moputsoa o ile oa etsa hore sechaba se nke seo a neng a se bua e le sa bohlokoa. Eaba o tsoela pele ka ho re: “Ke tsamaile ka pel’a lōna ho tloha bocheng ba ka ho fihlela letsatsing lena.” (1 Sam. 11:14, 15; 12:2) Le hoja Samuele a ne a se a tsofetse, o ne a sa lebala linako tsa bocha ba hae. O ne a ntse a li hopola hantle. Liqeto tseo a ileng a li etsa ha a ntse a hōla, li ne li entse hore a lule a e-na le tumelo ho Molimo oa hae, Jehova, ’me tsa etsa hore a itelle eena.
4 Nako le nako, Samuele o ne a lokela ho haha tumelo ea hae le ho e sireletsa, le hoja a ne a phela le batho ba neng ba se na tumelo ba bile ba sa tšepahale. Le mehleng ena, ho ikaha tumelong e ntse e se ntho e bonolo, kaha re phela le batho ba se nang tumelo le ba nang le boitšoaro bo bobe. (Bala Luka 18:8.) A re ke re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Samuele, re qale nakong ea ha e sa le moshanyana.
“A Sebeletsa ka Pel’a Jehova, e le Moshanyana”
5, 6. Samuele o hōtse ka tsela e sa tloaelehang joang, empa ke hobane’ng ha batsoali ba hae ba ne ba kholisehile hore o hlokometsoe hantle?
5 Samuele o hōtse ka tsela e sa tloaelehang. Nakoana feela ka mor’a hore a khoesoe, mohlomong ha a le lilemo li tharo kapa ka holimo ho moo, o ile a qala bophelo ba ho sebeletsa tabernakeleng e halalelang ea Jehova e Shilo, e leng sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse fetang tse 30 ho tloha ha habo, Rama. Batsoali ba hae, e leng Elkana le Anna, ba ile ba nehelana ka mora eo oa bona ho Jehova hore a etse tšebeletso e khethehileng, ba mo etsa Monazari bophelo bohle ba hae.a Na see se bolela hore batsoali ba Samuele ba ne ba mo lahlile ba bile ba sa mo rate?
6 Che, ha ho joalo! Ba ne ba tseba hore mora oa bona o tla hlokomeloa hantle Shilo. Ha ho pelaelo hore Moprista ea Phahameng Eli e ne e le eena ea neng a laola lintho moo ’me Samuele o ne a sebetsa haufi le eena. Hape ho ne ho e-na le basali ba bangata ba neng ba etsa mesebetsi e itseng moo tabernakeleng, ’me ho hlakile hore e ne e le ka tsela e hlophisehileng.—Ex. 38:8; Baahl. 11:34-40.
7, 8. (a) Batsoali ba Samuele ba ne ba mo khothatsa ka lerato joang selemo le selemo? (b) Kajeno batsoali ba ka ithuta eng ho batsoali ba Samuele?
7 Ho feta moo, ha ho mohla Elkana le Anna ba ileng ba lebala mora oa bona ea ratehang oa letsibolo, eo ho hlaha ha hae e neng e le karabo ea thapelo ea Anna. Anna o ne a ile a kōpa Molimo hore a mo fe mora, a mo tšepisa hore o tla nehelana ka mora eo hore a etsetse Molimo tšebeletso e halalelang bophelo bohle ba hae. Selemo le selemo ha Anna a etela Samuele, o ne a mo tlisetsa seaparo se se nang matsoho se secha seo a mo etselitseng sona hore a se apare ha a sebeletsa tabernakeleng. Ha ho pelaelo hore moshanyana eo o ne a thabela linako tseo tsa ho eteloa haholo. Ha ho potang hore o ne a bile a matlafatsoa ke ho khothatsoa le ho tataisoa ka lerato ke batsoali bao ba hae ha ba ntse ba mo thusa hore a hlokomele hore ke tlotla e khōlō ho sebeletsa Jehova sebakeng seo se khethehileng.
8 Kajeno, batsoali ba ka ithuta lintho tse ngata ho Elkana le Anna. Ke ntho e tloaelehileng hore batsoali ba amehe haholo ka lintho tsa nama ha ba hōlisa bana ba bona ho e-na le ho ameha ka lintho tseo ba li hlokang moeeng. Empa batsoali ba Samuele ba ne ba amehile haholo ka lintho tsa moea ’me seo ke sona se ileng sa susumetsa tsela eo a ileng a phela ka eona ha a hōla.—Bala Liproverbia 22:6.
9, 10. (a) Hlalosa kamoo tabernakele e neng e le kateng le tsela eo Samuele e monyenyane a neng a ikutloa ka eona ka sebaka seo se halalelang. (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) E ka ’na eaba mosebetsi oa Samuele o ne o akarelletsa’ng, hona u nahana hore bacha ba ka etsisa mohlala oa hae joang kajeno?
9 Re se re ka inahanela feela ha moshanyana eo a ntse a hōla ’me ka linako tse ling a ea lithabeng tsa Shilo. Ha a sheba tlaase mane ’me a bona motse hammoho le phula e sabaletseng ka tlas’a oona, e ka ’na eaba o ne a thaba haholo a bile a e-ba motlotlo haholo ha a talima tabernakele ea Jehova. Ka sebele tabernakele eo e ne e le sebaka se halalelang.b E ne e le sebaka se ka sehloohong sa borapeli ba Jehova lefatšeng ka bophara se ahiloeng lilemong tse ka bang 400 pele ho moo, tlas’a tsamaiso ea Moshe.
10 Samuele e monyenyane o ile a rata tabernakele ha a ntse a hōla. Tlaleho eo a ileng a e ngola hamorao e baleha tjena: “Samuele o ne a sebeletsa ka pel’a Jehova, e le moshanyana, a itlamile ka efoda ea line.” (1 Sam. 2:18) Ha ho pelaelo hore seaparo seo se se nang matsoho e ne e le letšoao la hore Samuele o ne a thusa baprista tabernakeleng. Le hoja Samuele e ne e se moprista, o ne a etsa mesebetsi e akarelletsang ho bula mamati a kenang lebaleng la tabernakele hoseng le ho hlokomela Eli ea neng a se a tsofetse. Le hoja a ne a thabela tokelo eo, ha nako e ntse e feta, ho na le lintho tse ileng tsa khathatsa moshanyana enoa ea tšepahalang. Ho ne ho e-na le ho sa tsamaeeng hantle ntlong ea Jehova.
O Ile a Tšepahala le Har’a Bobolu
11, 12. (a) Sesosa sa libe tsohle tsa Hofni le Finease e ne e le sefe? (b) Hofni le Finease ba ile ba etsa bokhopo le bobolu ba mofuta ofe tabernakeleng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Samuele o ile a bona bokhopo bo feteletseng le bobolu bo boholo a sa le monyenyane haholo. Eli o ne a e-na le bara ba babeli, Hofni le Finease. Tlaleho ea Samuele e re: “Bara ba Eli e ne e le banna ba se nang molemo; ba ne ba sa ele Jehova hloko.” (1 Sam. 2:12) Lipolelo tse peli temaneng ena lia tsamaisana. Hofni le Finease e ne e le “banna ba se nang molemo”—ha e le hantle ke “bara ba se nang thuso”—kaha ba ne ba sa hlomphe Jehova. Ba ne ba sa tsotelle melao ea hae e lokileng ea boitšoaro le litaelo tsa hae. Ke eona ntho e ileng ea e-ba sesosa sa libe tsohle tsa bona.
12 Molao oa Molimo o ne o hlakile mabapi le mosebetsi oa baprista le tsela eo ka eona ba neng ba lokela ho nyehela mahlabelo ka tabernakeleng. Ho ne ho e-na le lebaka le utloahalang la seo! Mahlabelo ao a ne a emela tokisetso ea Molimo ea ho tšoarela batho libe e le hore e ka ba ba hloekileng ’me ba tšoaneleha hore a ba hlohonolofatse le ho ba tataisa. Empa Hofni le Finease ba ile ba etsa hore baprista-’moho le bona ba nyenyefatse tokisetso ea Molimo ea mahlabelo.c
13, 14. (a) Batho ba tšepahalang ba ile ba angoa ke bokhopo bo neng bo etsoa tabernakeleng joang? (b) Eli o ile a hlōleha ho ba ntate le ho ba moprista ea phahameng joang?
13 Nahana feela hore na Samuele e monyenyane o ile a makala hakaakang ha a bona liketso tse mpe hakaalo li tsoela pele ho se ea li lokisang! E tlameha ebe ke batho ba bangata hakaakang bao a ileng a ba bona—ho akarelletsa mafutsana, batho ba boemong bo tlaase le ba hateletsoeng—ba tla sebakeng seo se halalelang ka tšepo ea hore ba tlil’o khothala moeeng ba be ba matlafale, ebe ho e-na le hoo ba khutla ba soetsehile, ba utloile bohloko, ba bile ba tlotlolotsoe! Ebe o ile a ikutloa joang ha a hlokomela hore Hofni le Finease ba ne ba boetse ba sa hlomphe melao ea Jehova tabeng ea ho kopanela liphate, kaha ba ne ba kopanela liphate le basali ba bang ba neng ba sebeletsa moo tabernakeleng? (1 Sam. 2:22) Mohlomong o ne a tšepile hore Eli o tla etsa ho itseng ho lokisa maemo ao.
E tlameha ebe Samuele o ile a tšoenyeha haholo ke bokhopo ba bara ba Eli
14 Eli o ne a le boemong bo botle ba hore a lokise bothata boo bo neng bo ntse bo tota. Kaha e ne e le moprista ea phahameng, o ne a ikarabella ka sohle se neng se etsahala tabernakeleng. Kaha e ne e le ntate, ke eena ea neng a lokela ho khalemela bara ba hae. Etsoe ba ne ba ikutloisa bohloko ba bile ba utloisa le batho ba bang ba bangata bohloko sebakeng seo. Leha ho le joalo, Eli o ile a hlōleha ho lokisa bothata boo joaloka ntate le joaloka moprista ea phahameng. O ile a khalemela bara ba hae ka monyebe, a sa tiisa ka hanong. (Bala 1 Samuele 2:23-25.) Empa bara bao ba hae ba ne ba hloka ho khalemeloa ka matla. Ba ne ba etsa libe tse tšoaneloang ke lefu!
15. Ke molaetsa ofe o matla oo Jehova a ileng a o romella Eli, hona lelapa la Eli le ile la etsa’ng ha le utloa molaetsa oo?
15 Boemo bo ile ba mpefala hoo Jehova a ileng a romela “monna oa Molimo,” moprofeta ea sa boleloang ka lebitso, hore a e’o fa Eli molaetsa o matla oa kahlolo. Jehova o ile a re ho Eli: ‘U ntse u hlompha bara ba hao ho mpheta.’ Kahoo, Jehova o ile a re bara ba Eli ba tla shoa ka letsatsi le le leng le hore lelapa la Eli le tla hlaheloa ke litsietsi tse ngata le be le lahleheloe ke tokelo ea ho ba boemong ba boprista. Na temoso ee e matla e ile ea etsa hore lelapa leo le fetohe? Tlaleho e bontša hore ha lea ka la fetoha.—1 Sam. 2:27–3:1.
16. (a) Re bala ka litlaleho life tse amanang le tsoelo-pele ea Samuele e monyenyane? (b) Na litlaleho tseo lia u khothatsa? Hlalosa.
16 Liketso tsee tsa bobolu li ile tsa ama Samuele e monyenyane joang? Hona tlalehong ena e nang le litaba tse bosula, nako le nako ho hlahella litaba tse monate tsa ha Samuele a ntse a hōla a bile a ntse a tsoela pele hantle moeeng. Hopola hore lengolo la 1 Samuele 2:18, le itse Samuele “o ne a sebeletsa ka pel’a Jehova, e le moshanyana” ka botšepehi. Esita le lilemong tseo tsa bocha, Samuele o ne a tsepamisitse bophelo ba hae tšebeletsong ea Molimo. Temaneng ea 21 khaolong eona eo, re bala ka ntho e ’ngoe e thabisang le ho feta: “Moshanyana Samuele a tsoela pele ho hōlela ho Jehova.” Ha a ntse a hōla, kamano ea hae le Ntate oa hae ea leholimong e ile ea e-ba matla le ho feta. Kamano eo e haufi-ufi le Jehova ke eona eo ka sebele e ka re sireletsang hore re se ke a etsa liketso tsa bobolu.
17, 18. (a) Bacha ba Bakreste ba ka etsisa mohlala oa Samuele joang ha ba tobane le liketso tsa bobolu? (b) Ke eng e bontšang hore Samuele o ile a khetha tsela e nepahetseng?
17 Ho ne ho ka ’na ha e-ba bonolo feela hore Samuele a ipehele lebaka la hore ha e le mona moprista ea phahameng le bara ba hae ba etsa sebe, le eena a ka iketsetsa borata. Leha ho le joalo, liketso tsa bobolu tse etsoang ke batho ba bang, ho akarelletsa le ba etellang pele, hase lebaka la hore motho a etse sebe. Mehleng ena bacha ba bangata ba Bakreste ba latela mohlala oa Samuele ’me ba “tsoela pele ho hōlela ho Jehova”—esita le haeba ba bang bao ba phelang le bona ba sa behe mohlala o motle.
18 Seo se ile sa thusa Samuele joang? Tlaleho e baleha tjena: “Ka nako eo eohle moshanyana Samuele o ne a ntse a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.” (1 Sam. 2:26) Kahoo Samuele o ne a ratoa haholo ke batho ba neng ba le bohlokoa ho eena. Jehova ka boeena o ne a rata moshanyana enoa ka lebaka la hore o ne a lula tšepahala. Hape Samuele o ne a tseba hore Molimo oa hae o tla felisa lintho tse mpe tse neng li etsoa Shilo, empa mohlomong o ne a ipotsa hore na ebe o tla li felisa neng. Bosiung bo bong o ile a fumana karabo.
“Bua, Etsoe Mohlanka oa Hao o Mametse”
19, 20. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala ho Samuele bosiung bo bong tabernakeleng. (b) Samuele o ile a tseba joang hore molaetsa o ne o tsoa ho mang, hona o ne a nka Eli joang?
19 E ne e le ka malungoalungoana, lebone le leholo le paitsang ka tenteng le ne le ntse le bonesitse. Ho ntse ho khutsitse joalo, Samuele o ile a utloa lentsoe le mo bitsang. O ile a nahana hore ke Eli, eo nakong ena a neng a se a tsofetse haholo a bile a se a batla a foufala. Eaba Samuele oa tsoha ’me o “mathela” ho ntate-moholo eo. Nahana feela moshanyana eo a matha a sa roala le lieta a il’o utloa hore na Eli o hloka’ng. Ke ntho e amang maikutlo ho hlokomela hore Samuele o ne a hlompha Eli a bile a le mosa ho eena. Ho sa tsotellehe libe tsohle tsa Eli, e ne e ntse e le moprista ea phahameng oa Jehova.—1 Sam. 3:2-5.
20 Samuele o ile a tsosa Eli a re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa Eli o ile a mo bolella hore ha a e-s’o mo bitse eaba o re moshanyana eo a khutle a e’o robala. Samuele o ile a etsa joalo ka makhetlo a mang a mabeli. Qetellong Eli o ile a hlokomela se etsahalang. E ne e se e le nako joale Jehova a sa tlisetse batho ba hae lipono kapa melaetsa ea boprofeta ’me rea utloisisa hore na ke hobane’ng. Empa Eli o ile a hlokomela hore Jehova o khutlile ’me lekhetlong lena o ne a bua le moshanyana enoa! Eli o ile a bolella Samuele hore a khutle a e’o robala eaba o mo bolella hore na a arabe joang ka tsela e loketseng. Samuele o ile a mamela. Ka mor’a nakoana o ile a utloa lentsoe le mo bitsa le re: “Samuele, Samuele!” Eaba moshanyana eo o araba ka ho re: “Bua, etsoe mohlanka oa hao o mametse.”—1 Sam. 3:1, 5-10.
21. Re ka mamela Jehova joang kajeno, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etse joalo?
21 Qetellong Jehova o ne a fumane mohlanka ea mo mamelang motseng oa Shilo. Samuele o ile a lula a mamela Jehova bophelo bohle ba hae. Na le uena u mamela Jehova kamehla? Ha ho hlokahale hore re emele ho utloa lentsoe le tsoang leholimong hore le bue le rōna bosiu. Mehleng ena re ka bolela hore re lula re utloa lentsoe la Molimo. Molimo o bua le rōna ka Lentsoe la hae le feletseng, e leng Bibele. Haeba re tsoela pele ho mamela Molimo ’me re etsa seo a se hlokang, tumelo ea rōna le eona e tla tsoela pele ho hōla. Ho bile joalo le ho Samuele.
22, 23. (a) Molaetsa oo Samuele a neng a tšaba ho o bolela qalong o ile oa phethahala joang? (b) Samuele o ile a tsoela pele a tsebahala joang?
22 Se etsahetseng bosiung boo Shilo e bile sa bohlokoa bophelong ba Samuele, kaha o ile a qala ho ba le kamano e khethehileng le Jehova, ea e-ba moprofeta oa Molimo le ’muelli oa hae. Qalong, moshanyana eo o ne a tšaba ho bolella Eli molaetsa oa Jehova, hobane ena e ne e le temoso ea ho qetela ea hore boprofeta bo khahlanong le lelapa leo bo phethahale. Empa Samuele o ile a iteta sefuba eaba o bua le Eli ’me Eli a amohela kahlolo eo ka boikokobetso. Ho e-s’o ee kae, lintho tsohle tseo Jehova a neng a li buile li ile tsa phethahala: Baiseraele ba ile ba ea loana le Bafilista, eaba Hofni le Finease ka bobeli ba bolaoa ka letsatsi le le leng. Eli eena o ile a shoa ha a utloa hore Areka e halalelang ea Jehova e hapiloe.—1 Sam. 3:10-18; 4:1-18.
23 Leha ho le joalo, Samuele o ile a ’na a tsoela pele ho tsebahala e le moprofeta ea tšepahalang. Tlaleho e re: “Jehova a ba le eena,” ’me e phaella ka hore Jehova ha aa ka a etsa hore boprofeta leha e le bofe ba Samuele bo hlōlehe ho phethahala.—Bala 1 Samuele 3:19.
“Samuele a Hoeletsa ho Jehova”
24. Ke qeto efe eo Baiseraele ba ileng ba e etsa ka mor’a nako, hona ke hobane’ng ha seo e ne e le sebe se tebileng?
24 Na Baiseraele ba ile ba latela mohlala oa Samuele ’me ea e-ba batho ba ratang lintho tsa moea le ba tšepahalang? Che. Ka mor’a nako ba ile ba etsa qeto ea hore ha ba sa batla moprofeta feela tjee hore e be eena moahloli oa bona. Ba ne ba batla hore ba tšoane le lichaba tse ling ba be le morena oa motho ea tla ba busa. Samuele o ile a latela kōpo ea bona a tataisoa ke Jehova. Empa o ne a lokela ho bontša Baiseraele hore na sebe sa bona se ne se tebile hakae. Ba ne ba sa latole motho feela tjee, empa ba ne ba hlile ba latola Jehova ka boeena! Ke kahoo a ileng a epa pitso Gilgale.
25, 26. Ha ba le Gilgale, Samuele ea seng a tsofetse o ile a qetella a thusitse batho joang hore ba bone kamoo sebe sa bona se neng se tebile kateng ho Jehova?
25 A re khutleleng motsotsong oo oa tsitsipano oa ha Samuele a buisana le Baiseraele Gilgale. Nakong eo, Samuele ea seng a tsofetse o ile a hopotsa Baiseraele hore o ile a lula a tšepahala bophelo bohle ba hae. Joale re bala ho re: “Samuele a hoeletsa ho Jehova.” O ile a kōpa Jehova hore a nese pula ea lialuma.—1 Sam. 12:17, 18.
26 Pula ea lialuma? Nakong ea komello? Ruri seo e ne e tla be e le mohlolo! Haeba ho ne ho e-na le batho ba neng ba ntse ba belaela kapa ba soma kōpo eo, hoo ha hoa ka ha nka nako e telele. Hang-hang feela maru a ile a teteana. Moea o matla o ile oa qala ho foka, oa senya koro e masimong. Lialuma li ile tsa thoathoaretsa ka lerata le thibang litsebe. Eaba pula ea tšoloha. Batho ba ile ba etsa’ng? ‘Sechaba sohle se ile sa tšaba Jehova le Samuele haholo.’ Qetellong ba ile ba lemoha hore na ba ne ba entse sebe se tebileng hakaakang!—1 Sam. 12:18, 19.
27. Jehova o ikutloa joang ka batho ba bontšang tumelo e tšoanang le ea Samuele?
27 E ne e se Samuele ea neng a finyeletse lipelo tsa bona, empa e ne e le Molimo oa hae, Jehova. Ho tloha ha a sa le mocha ho fihlela ha a se a tsofetse, Samuele o ile a ba le tumelo ho Molimo oa hae. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo putsa. Le kajeno lena Jehova ha aa fetoha. O ntse a tšehetsa ba bontšang tumelo e tšoanang le ea Samuele.
a Boitlamo ba Banazari bo ne bo akarelletsa ho se noe lino tse tahang le ho se kute moriri. Ba bangata ba ne ba etsa boitlamo boo ka nakoana feela, empa ba seng bakae ba kang Samsone, Samuele le Johanne Mokolobetsi, e ile ea e-ba Banazari bophelo bohle ba bona.
b Sehalalelo e ne e le foreimi ea lehong e likhutlo li ’nè eo ha e le hantle e neng e koahetsoe ka tente e khōlō. Leha ho le joalo, se ne se entsoe ka thepa ea boemo bo phahameng—matlalo a liqibi, masela a matle a khabisitsoeng le lehong le theko e boima le koahetsoeng ka silevera le khauta. Sehalalelo se ne se le ka har’a lebala le likhutlo li ’nè le neng le e-na le aletare e khōlō eo ho etsetsoang mahlabelo ho eona. Ha nako e ntse e e-ea, ho bonahala ho ile ha etsoa le liphaposi tse ling ka mahlakoreng a tabernakele tse neng li ka sebelisoa ke baprista. Ho bonahala Samuele a ne a robala ho e ’ngoe ea liphaposi tseo.
c Tlaleho ena e fana ka mehlala e ’meli e bontšang ho se hlomphe. Taba ea pele, Molao o ne o boletse ka ho hlaka hore na ke likarolo life tsa nama ea sehlabelo tse lokelang ho jeoa ke baprista. (Deut. 18:3) Empa baprista bao ba khopo bona ba ne ba etsa se fapaneng tabernakeleng. Ba ne ba re bahlanka ba bona ba kenye fereko e khōlō ka har’a pitsa e phehileng nama, ba nke nama leha e le efe e ntle e tlang e e hlabile! Taba ea bobeli, ha batho ba ne ba tlisa mahlabelo hore a tl’o chesetsoa aletareng, baprista bao ba khopo ba ne laela bahlanka ba bona hore ba khahlapetse motho ea tlisitseng nyehelo, ba nke nama e tala le pele mafura a sehlabelo a ka nyeheloa ho Jehova.—Lev. 3:3-5; 1 Sam. 2:13-17.