Na Bibele ea Ikhanyetsa?
MONGOLI Henry Van Dyke o kile a ngola: “E hlahetse Bochabela ’me e apesitsoe ka mekhoa le mekhabo ea puo ea Bochabela, Bibele e tsamaea litseleng tsa lefatše lohle ka maoto a tšoanang ’me e kena naheng e ’ngoe le e ’ngoe. E ithutile ho bua le pelo ea motho ka lipuo tse makholo. Bana ba mamela lipale tsa eona ka ho makala le ka nyakallo, ’me banna ba bohlale ba li nka e le litšoantšo tsa bophelo. Ba khopo le baikhohomosi ba thothometsoa ke likeletso tsa eona, empa ba mahlomoleng le ba bakileng ea ba khothatsa. . . . Ha ho motho ea futsanehileng kapa ea sotlehileng ha a e-na le letlotlo lena.”
Ka sebele Bibele e “ithutile ho bua ka lipuo tse makholo.” Bonyane buka e le ’ngoe ea eona ho tse 66 e se e fetoletsoe ka maleme a 1 970. Ba limillione ba talima Bibele e le mpho e tsoang ho Molimo ’me ba e bala ka thabo ’me ba fumane molemo. Leha ho le joalo, ba bang ba re e tletse ho ikhanyetsa ka hona ha e tšepahale. Lipatlisiso tse hlokolosi li senola eng?
Joalokaha setšoantšo sa rōna se sekoahelong se bontša, Molimo o sebelisitse banna ba tšepahalang ho ngola Bibele. Ka sebele, tlhahlobisiso e hlokolosi ea Bibele e paka hore e ngotsoe ke banna ba 40 ka lilemo tse makholo a 16. Na e ne e le lirutehi bongoling? Che. Har’a bona u ka fumana molisa, motšoasi oa litlhapi, molekhetho, ngaka, moetsi oa litente, moprista, moprofeta, le morena. Hangata mangolo a bona a bua ka batho le mekhoa eo re sa e tloaelang lekholong lena la bo20 la lilemo. Ha e le hantle, bangoli ba Bibele ka bobona hase ka mehla ba neng ba utloisisa se boleloang ke seo ba se ngolang. (Daniele 12:8-10) Kahoo ha rea lokela ho makala ha re thulana le mathata a itseng ha re ntse re bala Bibele.
Na mathata a joalo a ka rarolloa? Na Bibele ea ikhanyetsa? Ho fumana karabelo, a re ke re hlahlobe mehlala e se mekae.
Na Mathata aa ke a Sebele?
▪ Kaine o nkile mosali oa hae kae? (Genese 4:17)
Motho a ka ’na a nahana hore ka mor’a ho bolaoa ha Abele, ke feela moholoan’ae Kaine ea molato le batsoali ba bona, Adama le Eva, ba ileng ba sala lefatšeng. Leha ho le joalo, Adama le Eva ba ne ba e-na le lelapa le leholo. Ho ea ka Genese 5:3, 4, Adama o ne a e-na le mora ea bitsoang Setha. Tlaleho ea phaella: “Eitse hobane Adama a tsoale Setha, a phela lilemo tse makholo a robileng meno e le ’meli; a tsoala bara le barali.” Kahoo Kaine o ile a nyala khaitseli ea hae kapa mohlomong e mong oa bachana ba hae. Kaha batho ba ne ba batla ba phethahetse ka nako eo, ka ho totobetseng lenyalo le joalo ha lea ka la tlisa mathata a bophelo ao mehleng ena a ka behang bana ba kopano e joalo kotsing.
▪ Ke mang ea ileng a rekisa Josefa Egepeta?
Genese 37:27 e re baholoane ba Josefa ba ile ba rera ho mo rekisetsa Baishmaele. Empa temana e latelang e re: “Eare ha ho feta bahoebi bao ba Midiane, [baholoane ba Josefa] ba nyolla Josefa, ba mo ntša lemeneng, ba mo rekisa ho ba-Ishmaele ka lichelete tse mashome a mabeli; ’me ba ikela Egepeta le Josefa.” Josefa o ile a rekisetsoa Baishmaele kapa Bamidiane? Koana, mohlomong Bamidiane ba ne ba boetse ba bitsoa Baishmaele, bao ba neng ba amana le bona ka ntat’a bona moholo Abrahama. Kapa mohlomong bahoebi ba Midiane ba ne ba tsamaea le sehlopha sa Baishmaele. Leha ho le joalo, baholoane ba Josefa ke bona ba ileng ba mo rekisa, ’me hamorao o ne a ka ba bolella: “Ke ’na Josefa, ngoan’abo lōna, eo le rekileng ka ’na, ke tle ke isoe Egepeta.”—Genese 45:4.
▪ Ke Baiseraele ba bakae ba ileng ba e-shoa ka baka la ho ba le likamano tsa boitšoaro bo litšila le basali ba Moabe haesita le ho kopanela borapeling ba Baale-Peore?
Numere 25:9 e re: “Ba shoeleng ke seoa seo ea e-ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene.” Leha ho le joalo moapostola Pauluse o itse: “Hape, re se ke ra etsa bootsoa, joalo ka ba bang har’a bona [Baiseraele lehoatateng] ba kileng ba ineela jona, ’me ka tsatsi le le leng ha oa ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro.” (1 Ba-Korinthe 10:8) Mohlomong palo ea ba bolailoeng e ne e le pakeng tsa 23 000 le 24 000, e leng hore e ’ngoe ho lipalo tsena tse peli e ne e tla khotsofatsa. Empa, buka ea Numere e supa ka ho hlakileng hore “marena ’ohle a sechaba” a neng a ameha sebeng sena a ile a bolaoa ke baahloli. (Numere 25:4, 5) Mohlomong “marena” ana a molato a ne a le 1 000, a etsa kakaretso ea 24 000 ha a kopanngoa le 23 000 e boletsoeng ke Pauluse. Le hoja ho bonahala ba 23 000 e ne e le liphofu tsa bohale ba Molimo ka ho toba, ke bohle ba 24 000 ba ileng ba latsoa bohale ba Jehova hobane e mong le e mong oa bona o ile a shoa tlas’a molao oa hae oa kahlolo e boima.—Deuteronoma 4:3.
▪ Kaha Agage o bile teng nakong ea morena oa Moiseraele Saule, na ho bua ha Balaame pejana ka ’musi oa Amaleke oa lebitso leo hase ho ikhanyetsa?
Hoo e ka bang ka 1473 B.C.E., Balaame o ile a bolela esale pele hore morena oa Iseraele o ne a tla “feta Agage.” (Numere 24:7) Ka mor’a mona ha hoa ka ha buuoa ka Agage ho fihlela nakong ea Morena Saule (1117-1078 B.C.E.). (1 Samuele 15:8) Leha ho le joalo, sena e ne e se ho ikhanyetsa, hobane “Agage” mohlomong e ne e le tlotla ea borena e tšoanang le ea Faro Egepeta. Ho boetse ho ka etsahala hore ebe Agage e ne e le lebitso la botho le neng le sebelisoa khafetsa ke babusi ba Baamaleke.
▪ Ke mang ea ileng a etsa hore Davida a bale Baiseraele?
Samuele oa Bobeli 24:1, (NW) ea bolela: “Hape khalefo ea Jehova ea tukela Iseraele, ha e mong a susumelletsa Davida [kapa, “ha Davida a ne a susumelletsoa,” mantsoe a botlaaseng ba leqephe] khahlanong le bona, a re: ‘E-ea, u bale Iseraele le Juda.’” Empa hase Jehova ea susumellelitseng Morena Davida hore a etse sebe, hobane 1 Likronike 21:1 e re: “Eaba Satane o tsohela Iseraele matla, ’me a susumetsa Davida hore a bale ba-Iseraele.” Molimo o ne o khopisitsoe ke Baiseraele ka hona o ile oa lumella Satane Diabolose ho lihela sebe sena holim’a bona. Ka baka lena, 2 Samuele 24:1 e baleha joalokaha eka Molimo o entse seo ka boona. Ka ho thahasellisang, phetolelo ea Joseph B. Rotherham ea baleha: “Khalefo ea Yahweh ea tukela Iseraele, hoo a ileng a lumella Davida hore a susumelletsehe ho ema khahlanong le bona ’me a re, E-ea u bale Iseraele le Juda.”
▪ Ke joang motho a ka amahanyang lipalo tse fapaneng tse ileng tsa fanoa palong ea Davida ea Baiseraele le Bajudea?
Ho 2 Samuele 24:9 palo ea Baiseraele ke 800 000 ’me ea Bajode ke 500 000, athe 1 Likronike 21:5 e fana ka palo ea banna ba Iseraele ba neng ba loana e le 1 100 000 ’me ea ba Juda e le 470 000. Ba neng ba ngolisoa lethathamong la tšebeletso ea borena ka mehla e ne e e-ba masole a 288 000, a arotsoe lihlopha tse 12 tsa ba 24 000, sehlopha ka seng se sebeletsa khoeli e le ’ngoe selemong. Ho ne ho boetse ho e-na le 12 000 ea ba sebeletsang mahosana a 12 a meloko, ’me ha ba kopanngoa ba etsa 300 000. Kamoo ho bonahalang ka teng 1 100 000 ena ea 1 Likronike 21:5 e akarelletsa 300 000 ena e seng e boletsoe, empa 2 Samuele 24:9 ha e etse joalo. (Numere 1:16; Deuteronoma 1:15; 1 Likronike 27:1-22) Ha e le mabapi le Juda, kamoo ho bonahalang ka teng 2 Samuele 24:9 e akarellelitse banna ba 30 000 ba lebotho le neng le shebelletse le neng le eme moeling oa Bafilista empa ba ne ba sa akarelletsoa palong e ho 1 Likronike 21:5. (2 Samuele 6:1) Haeba re hopola hore 2 Samuele le 1 Likronike li ngotsoe ke banna ba babeli ba nang le lipono le merero e fapaneng, re ka amahanya lipalo tsena habobebe.
▪ Ntate oa Salathiele e ne e le mang?
Mangolo a mang a supa hore Jekonia (Morena Jojakine) e ne e le ntate oa sebele oa Salathiele. (1 Likronike 3:16-18; Mattheu 1:12) Empa mongoli oa Kosepele Luka o ile a bitsa Salathiele mora “oa Neri.” (Luka 3:27) Kamoo ho bonahalang ka teng Neri o ile a neha Salathiele morali oa hae hore a mo nyale. Kaha Baheberu ka tloaelo ba ne ba nka mokhoenyana e le mora, haholo-holo mathathamong a leloko, ke ho loketseng hore ebe Luka o ne a ka bitsa Salathiele mora oa Neri. Ka tsela e tšoanang, Luka o ile a bitsa Josefa mora oa Heli, eo ha e le hantle e neng e le ntate oa mosali oa Josefa, Maria.—Luka 3:23.
Ho Amahanya Litaba Tse Ngotsoeng ka Jesu
▪ Jesu Kreste o ile a leleka bademona ba ileng ba kena mohlapeng o moholo oa likolobe ho banna ba bakae?
Mongoli oa Kosepele Mattheu o bua ka banna ba babeli, empa Mareka le Luka ba bua ka a le mong. (Mattheu 8:28; Mareka 5:2; Luka 8:27) Kamoo ho bonahalang ka teng, Mareka le Luka ba ile ba lebisa tlhokomelo ea bona ho monna a le mong ea nang le bademona hobane Jesu a ile a bua le eena ’me taba ea hae e ne e ikhetha haholoanyane. Mohlomong, monna eo o ne a le mabifi haholoanyane kapa o ne a ile a ba tlas’a taolo ea bademona ka nako e teletsana. Ka mor’a moo, mohlomong ke monna eo feela ea ileng a batla ho tsamaea le Jesu. (Mareka 5:18-20) Boemong bo bong bo batlang bo tšoana le boo, Mattheu o ile a bua ka banna ba babeli ba lifofu bao Jesu a ileng a ba folisa, athe Mareka le Luka ba boletse a le mong feela. (Mattheu 20:29-34; Mareka 10:46; Luka 18:35) Hona e ne e se ho ikhanyetsa, hobane bonyane ho ne ho e-na le monna a le mong ea joalo.
▪ Jesu o ne a apere kobo e ’mala o joang mohla lefu la hae?
Ho latela Mareka (15:17, NW) le Johanne (19:2, NW), masole a ile a apesa Jesu kobo e pherese. Empa Mattheu (27:28) o e bitsa “kobo e khubelu,” a hatisa bofubelu ba eona. Kaha pherese ke ’mala o mong le o mong o kopantseng bofubelu le boputsoa, Mareka le Johanne baa lumela hore kobo eo e ne e e-na le motsoako o mofubelu. Khalimo ea leseli haesita le tikoloho li ne li ka ’na tsa fa kobo eo mebala e fapaneng, ’me bangoli ba Kosepele ba boletse ’mala o neng o bonahala haholo ho bona kapa ho batho bao ba nkileng boitsebiso ba bona ho bona. Phapang ena e fokolang e bontša ho ikemela ha bangoli ’me e paka hore ho ne ho se na tumellano e itseng ea sephiring.
▪ Ke mang ea ileng a jara thupa ea Jesu ea tlhokofatso?
Johanne (19:17, NW) o itse: “A itjaretse thupa ea tlhokofatso, [Jesu] o ile a ea moo ho thoeng ke Sebaka sa Lehata, se bitsoang Golʹgo·tha ka Seheberu.” Empa Mattheu (27:32), Mareka (15:21), le Luka (23:26) ba re ‘ha ba e-tsoa, Simone oa Sirene o ile a fuoa mosebetsi oa ho jara thupa ea tlhokofatso.’ Jesu o ile a itjarela thupa ea tlhokofatso, joalokaha Johanne a boletse. Leha ho le joalo, tlalehong ea hae e khutsufalitsoeng, Johanne haa ka a kenyelletsa ntlha ea hore hamorao Simone o ile a fuoa mosebetsi oa ho jara thupa eo. Ka hona, litlaleho tsa Kosepele lia amana mona.
▪ Judase Iskariota o ile a shoa joang?
Mattheu 27:5 e bolela hore Judase o ile a iphanyeha, athe Liketso 1:18 e re o ile a “itihela, a phatloha ka lehare, mala a hae a ba a harometseha kaofela.” Ha ho bonahala eka Mattheu o sebetsana le mehato ea ho leka ho ipolaea, Liketso e hlalosa liphello. Ho bonahala eka Judase o ile a fasa lerapo lekaleng la sefate, a kenya sekhoketsane sa lona molaleng oa hae, ’me a leka ho iphanyeha ka ho qhoma a le selomong. Ho bonahala eka lerapo kapa lekala le ile la robeha ’me a tsubella ho ea tlaase a be a phatloha ha a fihla a otlana maralleng a tlaase. Kaheho ea sebaka se potolohileng Jerusalema e etsa hore qeto ena e be e utloahalang.
U Tla Talima Litaba Joang?
Ha re thulana le ho bonahalang e le ho itoantša ka Bibeleng, ho molemo ho hlokomela hore hangata batho ba bua lintho tse utloahalang li ikhanyetsa empa li hlaloseha kapa li ka utloisisoa habonolo. Ka mohlala, rakhoebo a ka ngolla motho e mong ka ho laela mongoli oa hae ho ngola lengolo. Ha a botsoa, a ka re o rometse lengolo leo. Empa kaha mongoli oa hae ke eena ea le thaepileng le ho le posa, o ne a ka re o le rometse. Ka tsela e tšoanang, e ne e se ho itoantša ha Mattheu (8:5) a re ofisiri e ’ngoe ea lebotho e ile ea kōpa hore Jesu a e etsetse molemo, athe Luka (7:2, 3) eena o re monna eo o ile a romela baemeli.
Mehlala ena e bontša hore likhohlano tsa Bibele li ka rarolloa. Ka hona, ho na le lebaka le loketseng la ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka Mangolo. Moea o joalo o ile oa khothalletsoa ka mantsoe a latelang a hlahang Bibeleng ea lelapa e hatisitsoeng ka selemo sa 1876:
“Moea o nepahetseng oa ho sebetsana le likhohlano tse joalo, ke ho li behella thōko koana, le ho tšoarella le ho ikokobeletsa ’nete, le hoja bothata bo bong le bo bong ba eona bo ke ke ba tlosoa. Re lokela ho etsisa mohlala oa baapostola, bao, ha ba bang ba balateli ba ne ba khopisoa ke seo ba neng ba re ke ‘mantsoe a thata,’ ka morero oa ho furalla Kreste, ba ileng ba felisa likhanyetso tsohle ka ho re: ‘Morena, re ka ea ho mang? Ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng, ’me re lumetse ra ba ra tseba hobane ke Uena Kreste, Mora oa Molimo o phelang.’ . . . Ha re bona ’nete eo ho bonahalang eka e hohlana le ’nete e ’ngoe, ha re lekeng ho li rarolla, ’me re li bontše ba bang li rarollotsoe joalo.”—Johanne 6:60-69.
Na u tla nka boemo bo joalo? Ka mor’a ho hlahlobisisa mehlala e seng mekae e bontšang ho amana ha mangolo, ho tšepjoa hore u tla lumellana le mopesaleme ea ileng a re ho Molimo: “Kakaretso ea lentsoe la hao ke ’nete.” (Pesaleme ea 119:160) Lipaki tsa Jehova li talima Bibele ka tsela eo ’me li ka thabela ho fana ka mabaka a ho ba le tumelo ho eona. Ke hobane’ng ha u sa tšohle buka ee e ikhethileng le bona? Molaetsa oa eona o khothatsang o ka ’na oa u tlatsa tšepo ea ’nete le thabo.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na u se u botsitse Lipaki tsa Jehova hore na ke hobane’ng ha li na le tumelo Bibeleng?