Bokamoso ba Hao e Tla ba Bofe?
HAEBA Molimo ea Matla ’Ohle o tseba tsohle, o tseba tsohle tse fetileng, tsa hona joale le tseo e leng hona li tla etsahala, na lintho tsohle ha lia rereloa hore li phethahale hantle kamoo Molimo a ileng a li bona esale pele kateng? Haeba Molimo o ile a bona esale pele, a ba a khetha tsela ea motho e mong le e mong le qetello ea hae, na ka sebele ho ka thoe re lokolohile hore re ikhethele tsela eo re batlang ho phela ka eona, bokamoso ba rōna?
Lipotso tsena li ’nile tsa tšohloa ka lilemo tse makholo. Khang ea teng e sa ntse e arohantse malumeli a maholo. Na matla a Molimo a ho tseba bokamoso esale pele a ka matahanngoa le bolokolohi ba motho ba ho ikhethela? Re lokela ho talima hokae bakeng sa likarabo?
Batho ba limilione lefatšeng lohle ba ka lumela hore Molimo o ile a buisana le moloko oa batho ka Lentsoe la hae le ngotsoeng leo a ileng a le fetisa ka babuelli ba hae, baprofeta. Ka mohlala, Koran e bua ka litšenolo e le tse hlahang ho Molimo: Taurāh (Torah, Molao kapa libuka tse hlano tsa Moshe), Zabūr (Lipesaleme), le Injīl (Kosepele, Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente e Ncha”), hammoho le se ileng sa senoleloa baprofeta ba Iseraele.
Mangolong a Segerike a Bakreste, rea bala: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16) Ka ho hlakileng, tataiso leha e le efe kapa tsebo eo re e fumanang e lokela ho hlaha ka ho feletseng ho Molimo. Na joale e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore re hlahlobe mangolo a baprofeta ba pejana ba Molimo? A senola eng ka bokamoso ba rōna?
Bokamoso bo Ngotsoeng Esale Pele
Mang le mang ea balileng Mangolo a Halalelang oa tseba hore ka sebele a fupere boprofeta bo bongata. Liketsahalo tse etsahetseng historing tse kang ho oa ha Babylona ea boholo-holo, ho hahoa bocha ha Jerusalema (lekholong la botšelela ho ea ho la bohlano la lilemo B.C.E.), le ho phahama le ho oa ha marena a boholo-holo a Medo-Persia le Greece, kaofela li ne li ile tsa boleloa ka botlalo esale pele. (Esaia 13:17-19; 44:24–45:1; Daniele 8:1-7, 20-22) Ho phethahala ha boprofeta bo kang boo ke bopaki bo bong bo matla ka ho fetisisa ba hore Mangolo a Halalelang ka sebele ke Lentsoe la Molimo, hobane ke Molimo feela ea nang le matla a ho bona esale pele le ho rera se tla etsahala nakong e tlang. Ka kutloisiso ena, ka sebele Mangolo a Halalelang a tlaleha bokamoso bo ngotsoeng esale pele.
Molimo ka boeena oa bolela: “Ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho o mong; ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joalo ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela. . . . Ke boletse, ’me ke tla etsa; ke rerile, ’me ke tla phetha.” (Esaia 46:9-11; 55:10, 11) Lebitso leo Molimo a ileng a itsebahatsa ka lona ho baprofeta ba hae ba boholo-holo ke Jehova, leo ka ho toba le bolelang “O Etsa Hore ho be Teng.”a (Genese 12:7, 8; Exoda 3:13-15; Pesaleme ea 83:18) Molimo o itšenola e le Eena Mophethahatsi oa lentsoe la hae, Eo kamehla a etsang hore merero ea hae e phethahale.
Kahoo, Molimo o sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele ha a phethahatsa merero ea hae. O ’nile a a sebelisa hangata ha a lemosa ba khopo ka kahlolo e tlang, haesita le ho fa bahlanka ba hae tšepo ea ho pholoha. Empa na Molimo o sebelisa matla aa ka tsela e se nang moeli? Na ka Mangolong a Halalelang ho na le bopaki leha e le bofe ba lintho tseo Molimo a ileng a ikhethela ho se li tsebe esale pele?
Na Molimo o Tseba Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe Esale Pele?
Likhang tsohle tse phehoang ho tšehetsa taba ea ho rereloa qetello esale pele li thehiloe khopolong ea hore kaha ho ke ke ha latoloa hore Molimo o na le matla a ho tseba esale pele le ho rera liketsahalo tsa nakong e tlang, e tlameha ebe o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe esale pele, ho kopanyelletsa le liketso tsa ka moso tsa motho e mong le e mong. Leha ho le joalo, na khopolo ee ea utloahala? Se senoloang ke Molimo Mangolong a hae a Halalelang se bontša ho hong ho fapaneng.
Ka mohlala, Mangolo a bolela hore ‘Molimo o ile a leka Abrahama’ ka ho mo laela hore a etse sehlabelo ka mora oa hae Isaka e le nyehelo e chesitsoeng. Nakong eo ka eona Abrahama a neng a le mothating oa ho etsa sehlabelo ka Isaka, Molimo o ile a mo thiba ’me a re: “Joale, kea tseba hoba u tšaba Molimo, ha u sa ka ua nkhanela le mora oa hao, ea mong ho uena.” (Genese 22:1-12, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Na Molimo a ka be a buile joalo haeba a ne a tsebile esale pele hore Abrahama o ne a tla mamela taelo ee? Na e ka be e bile teko e entsoeng ka botšepehi?
Ho feta moo, baprofeta ba boholo-holo ba tlaleha hore hangata Molimo o ile a bolela hore o ‘ikutloa a soabile’ ka lebaka la ntho e itseng eo a e entseng kapa eo a neng a nahana ho e etsa. Ka mohlala, Molimo o ile a re o “soabile [ho tsoa lentsoeng la Seheberu, na·chamʹ] ke hoba a entse Saule morena oa Iseraele.” (1 Samuele 15:11, 35; bapisa le Jeremia 18:7-10; Jonase 3:10.) Kaha Molimo o phethahetse, litemana tsena li ke ke tsa bolela hore Molimo o ne a entse phoso ka ho khetha Saule hore e be morena oa pele Iseraeleng. Ho e-na le hoo, e tlameha ebe li bontša hore Molimo o ile a utloa bohloko ka hore Saule o ile a fetoha ea se nang tumelo le ea sa mameleng. E ne e ka ba booatla hore Molimo a ipolele joalo haeba a ne a tsebile liketso tsa Saule esale pele.
Polelo e tšoanang le eo e hlaha Lengolong la khale ka ho fetisisa leo ha le bua ka mehla ea Noe, le reng: “[Jehova] a soaba ha a ile a etsa motho lefatšeng, pelo ea hae ea utloa bohlōkō. Eaba [Jehova] o re: ‘Batho bao ke ba bōpileng ke tla ba felisa lefatšeng . . . hobane kea itšoabela ha ke ile ka ba etsa.’” (Genese 6:6, 7, BPN) Le mona, sena se bontša hore liketso tsa motho ha lia reroa ke Molimo esale pele. Molimo ha aa ka a soaba, a sareloa esita le ho utloa bohloko kahobane liketso tsa hae li ne li fosahetse, empa kahobane bokhopo ba batho bo ne bo atile. ’Mōpi o ile a soabela hore ebe ho ile ha hlokahala hore a timetse moloko oohle oa batho, ntle ho Noe le lelapa la hae. Molimo oa re tiisetsa: “Ha ke khahloe ke lefu la molotsana.”—Ezekiele 33:11; bapisa le Deuteronoma 32:4, 5.
Kahoo, na Molimo o ne a tsebile esale pele, a bile a entse qeto ea hore Adama a oele sebeng, haesita le liphello tse bohloko tseo see se neng se tla li tlisetsa lelapa la motho? Seo re se hlahlobileng se bontša hore sena e ke ke ea e-ba ’nete. Ho feta moo, haeba Molimo a ne a tsebile sena sohle esale pele, e ka be e bile eena ea qapileng sebe ha a ne a etsa motho, ’me Molimo a ka be a ikarabella ka boomo bokhopong le mahlomoleng ’ohle a batho. Ka ho hlakileng, sena se ke ke sa lumellana le kamoo Molimo a itšenolang kateng ka Mangolong. Ke Molimo oa lerato le toka, ea hloileng bokhopo.—Pesaleme ea 33:5; Liproverbia 15:9; 1 Johanne 4:8.
Liphello Tse Peli Tsa Motho
Mangolo a Halalelang ha a senole hore bokamoso ba rōna ka bomong bo hlotsoe ka tsela e itseng, kapa bo reriloe esale pele ke Molimo. Ho e-na le hoo, a senola hore Molimo o ile a bolela esale pele ka liphello tse peli feela tseo e ka bang tsa motho. Molimo o file motho e mong le e mong bolokolohi ba ho ikhethela phello eo e tla ba ea hae. Khale koana, moprofeta Moshe o ile a bolella Baiseraele: “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu . . . Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao; u tle u rate Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele; hobane ke eena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao.” (Deuteronoma 30:19, 20, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Jesu, moprofeta oa Molimo, o ile a lemosa esale pele: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane e sephara ebile e batsi tsela e isang timetsong, ’me ba bangata ke ba kenang ka eona; athe heke e moqotetsane le tsela e patisane e isang bophelong, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Litsela li peli, liphello li peli. Bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka liketso tsa rōna. Ho mamela Molimo ho bolela bophelo, ho se mo mamele ho bolela lefu.—Baroma 6:23.
Molimo “o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela. Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Liketso 17:30, 31) Joalokaha batho ba bangata ba mehleng ea Noe ba ile ba khetha ho se mamele Molimo ’me ba timetsoa, le kajeno ba bangata ha ba mamele melao ea Molimo. Leha ho le joalo, Molimo ha a e-s’o rere hore na ke bafe ba tla timetsoa le hore na ke bafe ba tla pholosoa. Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le re “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Esita le batho ba khopo haholo ba ka baka, ea e-ba ba mamelang ’me ba etsa liphetoho tse hlokahalang hore Molimo a ba amohele.—Esaia 1:18-20; 55:6, 7; Ezekiele 33:14-16; Baroma 2:4-8.
Ho ba mamelang, Molimo o tšepisa bophelo bo sa feleng paradeiseng moo ho renang khotso, lefatše le tla beng le hloekisitsoe bokhopo bohle, pefo le ntoa, lefatše leo ho lona tlala, mahlomola, ho kula le lefu li ke keng tsa hlola li e-ba teng. (Pesaleme ea 37:9-11; 46:9; Esaia 2:4; 11:6-9; 25:6-8; 35:5, 6; Tšenolo 21:4) Le bafu ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho sebeletsa Molimo.—Daniele 12:2; Johanne 5:28, 29.
Mopesaleme o re: “Talima ea hlokang molato ’me u lemohe ea lokileng, hobane bokamoso ba motho eo bo tla rena khotso. Empa baetsalibe bona ka sebele ba tla timetsoa hammoho; ruri bokamoso ba ba khopo bo tla felisoa.” (Pesaleme ea 37:37, 38, NW) Bokamoso ba hao e tla ba bofe? Bo itšetlehile ka uena ka ho feletseng. Bahatisi ba makasine ena ba tla thabela ho u fa boitsebiso bo eketsehileng ho u nolofalletsa hore u iketsetse bonnete ba hore u ba le bokamoso bo thabileng, bo renang khotso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso la Jehova le hlaha ka makhetlo a fetang 7000 Mangolong a Halalelang; bona sehlooho “Ho Senola Sephiri sa Lebitso le Leholo ka ho Fetisisa,” se hlahang ho Molula-Qhooa oa November 1, 1993, leqepheng la 3-5.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Molimo o sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele ha a phethahatsa merero ea hae
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Molimo “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” 2 Petrose 3:9
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Haeba Molimo a ne a tsebile esale pele hore Abrahama o ne a tla ikemisetsa ho etsa mora oa hae sehlabelo, na eo e ka be e bile teko e entsoeng ka botšepehi?