Bontša Mosa o Lerato ho ba Hlokang
“Le etsetsane mosa o lerato.”—ZAKARIA 7:9.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša mosa o lerato? (b) Re tla tšohla lipotso life?
LENTSOE la Jehova Molimo le re eletsa hore re rate “mosa o lerato.” (Mikea 6:8, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Le boetse le re fa mabaka ao re lokelang ho etsa joalo ka ’ona. Lebaka le leng ke hore “motho ea nang le mosa o lerato o sebetsana ka mokhoa o putsang le moea oa hae.” (Liproverbia 11:17) Ha ho ’nete e fetang ena! Ho bontša mosa o lerato kapa lerato le tšepahalang ho etsa hore re be le kamano e mofuthu le e tšoarellang le batho ba bang. Ka lebaka leo, re tla ba le metsoalle e tšepahalang—e leng moputso oa bohlokoa e le ruri!—Liproverbia 18:24.
2 Ho feta moo, Mangolo aa re bolella: “Ea phehellang ho loka le mosa o lerato o tla fumana bophelo.” (Liproverbia 21:21) E, ha re phehella mosa o lerato re tla rateha ho Molimo ’me re tla ba mocheng oa ho fumana litlhohonolofatso tsa ka moso, ho kopanyelletsa le bophelo bo sa feleng. Empa re ka bontša mosa o lerato joang? Re lokela ho o bontša ho bo-mang? Hona na mosa o lerato o fapane le mosa o tloaelehileng oa botho kapa mosa ka kakaretso?
Mosa oa Botho le Mosa o Lerato
3. Mosa o lerato o fapana joang le mosa oa botho?
3 Mosa o tloaelehileng oa botho le mosa o lerato li fapane ka litsela tse ngata. Ka mohlala, hangata ba bontšang mosa oa botho ba etsa joalo ho se katamelano e tebileng le ea botho, kapa kamano e itseng le batho bao ba ba bontšang mosa. Leha ho le joalo, ha re bontša motho e mong mosa o lerato, re khomarela motho eo ka lerato. Ka Bibeleng, ka linako tse ling batho ba ile ba bontša mosa o lerato ho batho bao ba neng ba se ba ntse ba e-na le kamano e itseng le bona. (Genese 20:13; 2 Samuele 3:8; 16:17) Kapa ba ile ba o bontša ka lebaka la likamano tse hlahisitsoeng ke liketso tsa nakong e fetileng tsa mosa. (Joshua 2:1, 12-14; 1 Samuele 15:6; 2 Samuele 10:1, 2) Ho hlakisa phapang ena, a re bapiseng mehlala e ’meli ea Bibele ea mosa le mosa o lerato oo motho a o bontšang motho e mong.
4, 5. Ke joang mehlala e ’meli ea Bibele e boletsoeng moo e bontšang phapang pakeng tsa mosa oa botho le mosa o lerato?
4 Mohlala o mong oa mosa oa botho ke oa sehlopha sa batho ba neng ba robehetsoe ke sekepe, bao moapostola Pauluse a neng a le har’a bona. Leoatle le ile la ba hlatsetsa lebōpong sehlekehlekeng sa Malta. (Liketso 27:37–28:1) Le hoja ho ne ho se letho le kileng la kopanya baahi ba Malta le batho bao ba selebaletsoeng ba nkileng leeto ka sekepe, ’me ba se na kamano ea letho le bona, ka mofuthu baahi bana ba sehlekehlekeng ba ile ba amohela batho bana bao e leng basele, ba ba “bontša mosa o fetang o tloaelehileng.” (Liketso 28:2, 7) Kamohelo ea bona ea baeti e ne e le mosa, empa e ne e iketsahaletse feela ’me e entsoe ho basele. Kahoo, e ne e le mosa oa botho.
5 Ha re bapisa, nahana ka kamohelo e mofuthu ea baeti eo Morena Davida a ileng a e bontša Mefiboshethe, mora oa motsoalle oa hae Jonathane. Davida o ile a re ho Mefiboshethe: “U tla ja bohobe tafoleng ea ka kamehla.” Ha a hlalosa lebaka leo a neng a etsa tokisetso ena ka lona, Davida o ile a re ho eena: “Ruri ke tla u bontša mosa o lerato ka lebaka la ntat’ao Jonathane.” (2 Samuele 9:6, 7, 13) Ke ka nepo ha ho thoe kamohelo e mofuthu ea baeti ea Davida eo a neng a e bontša kamehla e ne e le ho bontša mosa o lerato eseng mosa feela, kaha e ne e le bopaki ba botšepehi ba hae kamanong e neng e se e ntse e thehiloe. (1 Samuele 18:3; 20:15, 42) Ka ho tšoanang kajeno, bahlanka ba Molimo ba bontša mosa oa botho ho batho ka kakaretso. Leha ho le joalo, ba bontša mosa o lerato o tiileng, kapa lerato le tšepahalang ho bao ba nang le kamano e amoheloang ke Molimo ’moho le bona.—Matheu 5:45; Bagalata 6:10.
6. Ke litšobotsi life tsa mosa o lerato tse bontšoang ke motho e mong ho e mong tse totobalang Lentsoeng la Molimo?
6 Ho khetholla litšobotsi tse eketsehileng tsa mosa o lerato, re tla tšohla ka bokhutšoanyane litlaleho tse tharo tsa Bibele tse bontšang tšoaneleho ena. Ho tsona re tla hlokomela hore mosa o lerato o bontšoang ke batho (1) o bontšoa ka liketso tse tobileng, (2) o bontšoa ka ho rata ’me (3) o bontšoa haholo-holo ho ba hlokang. Ho feta moo, litlaleho tsena li bontša kamoo re ka bontšang mosa o lerato kajeno.
Ntate o Bontša Mosa o Lerato
7. Mohlanka oa Abrahama o ile a re’ng ho Bethuele le Labane, hona mohlanka eo o ile a hlahisa taba efe ea bohlokoa?
7 Genese 24:28-67 e qetella pale ea mohlanka oa Abrahama, e boletsoeng sehloohong se fetileng. Ha a qeta ho kopana le Rebeka, o ile a memeloa lapeng la ntat’ae, Bethuele. (Temana ea 28-32) Ha a le moo, mohlanka enoa o ile a pheta ka ho qaqileng kamoo a ntseng a batlela mora oa Abrahama mosali kateng. (Temana ea 33-47) O ile a hatisa hore o nka hore katleho eo a seng a bile le eona ke pontšo e tsoang ho Jehova, “ea ntsamaisitseng tseleng ea ’nete hore ke nkele mora oa hae morali oa mor’abo mong’a ka.” (Temana ea 48) Ha ho pelaelo hore mohlanka enoa o ne a tšepile hore haeba a phetela Bethuele ketsahalo ena ka ho toba, o tla mo kholisa hammoho le mora oa hae Labane hore Jehova o hlohonolofalitse thōmo ena. Qetellong, mohlanka enoa o ile a re: “Joale haeba le hlile le bontša mosa o lerato le botšepehi ho mong’a ka, mpolelleng; empa haeba ho se joalo, mpolelleng, hore ke retelehele ka letsohong le letona kapa ka ho le letšehali.”—Temana ea 49.
8. Bethuele o ile a arabela joang litabeng tse amang Rebeka?
8 Jehova o ne a se a ntse a bontšitse mosa o lerato ho Abrahama. (Genese 24:12, 14, 27) Na Bethuele o ne a tla ikemisetsa ho etsa se tšoanang ka hore a lumelle Rebeka hore a tsamaee le mohlanka oa Abrahama? Na mosa o lerato oa Molimo o ne o tla tlatsoa ke mosa o lerato oa botho? Kapa na ebe leeto le lelelele la mohlanka eo e ne e tla be e le la lefeela? E tlameha ebe mohlanka oa Abrahama o ile a tšelisoa ke ha a utloa Labane a re ho Bethuele: “Ntho ena e tsoa ho Jehova.” (Temana ea 50) Ba ile ba lemoha hore Jehova o ne a keneletse ’me ka potlako ba ile ba amohela qeto ea hae. Ka mor’a moo, Bethuele o ile a bontša mosa o lerato ka ho eketsa: “Rebeka ke enoa ka pel’a hao. Mo nke ’me u tsamaee, ’me e be mosali oa mora oa mong’a hao, feela joalokaha Jehova a buile.” (Temana ea 51) Rebeka o ile a tsamaea le mohlanka oa Abrahama ka ho rata, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane o ile a fetoha mosali ea ratoang oa Isaka.—Temana ea 49, 52-58, 67.
Mosa o Lerato o Bontšoang ke Mora
9, 10. (a) Jakobo o ile a kōpa hore mora oa hae Josefa a mo etsetse eng? (b) Josefa o ile a bontša mosa o lerato joang ho ntat’ae?
9 Setloholo sa Abrahama, Jakobo, le sona se ile sa amohela mosa o lerato. Joalokaha Genese 47 e bolela, ka nako eo Jakobo o ne a lula Egepeta, ’me “matsatsi a atamela a hore . . . a shoe.” Temana ea 27-29) O ne a tšoenyehile hobane o ne a tla shoela hōle le naha eo Molimo a e tšepisitseng Abrahama. (Genese 15:18; 35:10, 12; 49:29-32) Leha ho le joalo, Jakobo o ne a sa batle ho pateloa Egepeta, kahoo o ile a etsa litokisetso tsa hore setopo sa hae se isoe naheng ea Kanana. Ke mora oa hae Josefa feela ea neng a e-na le tšusumetso e khōlō, ea neng a ka ba boemong bo molemo ba ho tiisa hore takatso ea hae ea phethoa.
10 Tlaleho e re: “Kahoo [Jakobo] a bitsa mora oa hae Josefa a re ho eena: ‘Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, . . . u mpontše mosa o lerato le botšepehi. (Ka kōpo, u se ke ua mpata Egepeta.) Ke tla robala le bo-Ntate, ’me u ’ntše Egepeta ’me u mpate lebitleng la bona.’” (Genese 47:29, 30) Josefa o ile a tšepisa hore o tla phetha kōpo ena, ’me nakoana hamorao Jakobo o ile a shoa. Josefa le bara ba bang ba Jakobo ba ile ba isa setopo sa hae “naheng ea Kanana ’me ba mo pata lehaheng la tšimo ea Makpela, tšimo eo Abrahama a e rekileng.” (Genese 50:5-8, 12-14) Kahoo Josefa o ile a bontša mosa o lerato ho ntat’ae.
Mosa o Lerato oa Ngoetsi
11, 12. (a) Ruthe o ile a bontša mosa o lerato joang ho Naomi? (b) Ke ka tsela efe mosa o lerato oa Ruthe “lekhetlong la ho qetela” o ileng oa feta “lekhetlong la pele”?
11 Buka ea Ruthe e bolela kamoo Naomi oa mohlolohali a ileng a bontšoa mosa o lerato ke ngoetsi ea hae ea Momoabe, Ruthe, eo le eona e neng e le mohlolohali. Ha Naomi a etsa qeto ea ho khutlela Bethlehema e Juda, Ruthe o ile a bontša mosa o lerato le boikemisetso, a re: “Ke tla ea moo u eang teng, ’me ke tla hlola bosiu moo u hlolang bosiu teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Hamorao Ruthe o ile a bontša mosa o lerato ha a tsebahatsa hore o ikemiselitse ho nyaloa ke mong ka Naomi ea tsofetseng, Boaze.a (Deuteronoma 25:5, 6; Ruthe 3:6-9) O ile a re ho Ruthe: “U bontšitse mosa oa hao o lerato hamolemo lekhetlong la ho qetela ho feta lekhetlong la pele, ka ho se sale bahlankana morao ebang ke ba tlaase kapa ba ruileng.”—Ruthe 3:10.
12 ‘Lekhetlo la pele’ ha Ruthe a bontša mosa o lerato ke nakong ea ha a siea batho ba habo ’me a khomarela Naomi. (Ruthe 1:14; 2:11) Esita le ketso eo e ile ea fetoa ke ea “lekhetlong la ho qetela” ea mosa o lerato—ha Ruthe a ikemisetsa ho nyaloa ke Boaze. Joale Ruthe o ne a tla khona ho tsoalla Naomi ea neng a se a fetile lilemo tsa ho ba le ngoana, mojalefa. Lenyalo le ile la tsoela pele, ’me hamorao ha Ruthe a beleha, basali ba Bethlehema ba ile ba re: “Naomi o tsoaletsoe mora.” (Ruthe 4:14, 17) Ka sebele Ruthe e ne e le “mosali ea khabane ka ho fetisisa,” eo ka lebaka lena a ileng a putsoa ke Jehova ka tokelo e hlollang ea ho fetoha moholo-holo oa Jesu Kreste.—Ruthe 2:12; 3:11; 4:18-22; Matheu 1:1, 5, 6.
O Bontšoa ka Liketso
13. Bethuele, Josefa le Ruthe ba ile ba bontša mosa o lerato joang?
13 Na u hlokometse kamoo Bethuele, Josefa le Ruthe ba ileng ba bontša mosa o lerato kateng? Ha baa o bontša feela ka mantsoe a mosa empa le ka liketso tse tobileng. Hase feela hore Bethuele o ile a re, “Rebeka ke enoa” empa ha e le hantle o ile a re “Rebeka a tsamaee.” (Genese 24:51, 59) Hase feela hore Josefa o ile a re, “Ke tla etsa tumellanong le lentsoe la hao” empa eena le bara babo ba ile ba etsetsa Jakobo “hantle feela joalokaha a ne a ba laetse.” (Genese 47:30; 50:12, 13) Hase feela hore Ruthe o ile a re, “Ke tla ea moo u eang teng” empa o ile a siea batho ba habo ’me a tsamaea le Naomi, hoo ba ileng “ba tsoela pele ho tsamaea ho fihlela ba fihla Bethlehema.” (Ruthe 1:16, 19) Ha ba le Juda, Ruthe o ile a boela a etsa “ho ea ka sohle seo ’m’ae matsale a neng a mo laetse sona.” (Ruthe 3:6) E, mosa o lerato oa Ruthe, joaloka oa ba bang, o ile oa bontšoa ka liketso.
14. (a) Ke joang bahlanka ba kajeno ba Molimo ba bontšang mosa o lerato ka liketso? (b) Ke liketso life tsa mosa o lerato tseo u li tsebang tse etsoang ke Bakreste ba sebakeng sa heno?
14 Hoa thabisa ho bona kamoo bahlanka ba Molimo kajeno ba tsoelang pele ho bontša mosa o lerato ka liketso kateng. Ka mohlala, nahana ka ba fanang ka tšehetso e tiileng ea maikutlo ho balumeli-’moho le bona ba kulang, ba tepeletseng maikutlo kapa ba siameng. (Liproverbia 12:25) Kapa nahana ka Lipaki tsa Jehova tse ngata tseo ka botšepehi li palamisang ba hōlileng ho ba isa Holong ea ’Muso hore ba be teng libokeng tsa phutheho tsa beke le beke. Anna, ea lilemo li 82 ea bileng a tšoeroeng ke ramatiki, o bua seo e leng maikutlo a ba bangata ha a re: “Ho palamisoa ho ea libokeng tsohle ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. Ke mo leboha ho tloha botebong ba pelo ka ho mpha bara le barali beso ba lerato hakana.” Na u kopanela liketsong tse joalo phuthehong ea heno? (1 Johanne 3:17, 18) Haeba ho joalo, kholiseha hore mosa oa hao o lerato o ananeloa ka botebo.
O Bontšoa ka ho Rata
15. Ke litšobotsi life tsa mosa o lerato tse totobatsoang ka ho eketsehileng ke litlaleho tse tharo tsa Bibele tseo re li tšohlileng?
15 Litlaleho tsa Bibele tseo re li tšohlileng li boetse li bontša hore mosa o lerato o bontšoa ka bolokolohi le ka ho rata, eseng ka ho qobelloa. Bethuele o ile a sebelisana le mohlanka oa Abrahama ka ho rata, ’me ho bile joalo le ka Rebeka. (Genese 24:51, 58) Josefa o ile a bontša mosa o lerato a sa susumetsoe ke ba bang. (Genese 50:4, 5) Ruthe o ile a “phehella hore a tsamaee le [Naomi].” (Ruthe 1:18) Ha Naomi a ne a etsa tlhahiso ea hore Ruthe a ikete ho Boaze, mosa o lerato o ile oa susumetsa mosali enoa oa Momoabe hore a re: “Ke tla etsa sohle seo u mpolellang sona.”—Ruthe 3:1-5.
16, 17. Ke eng e etsang hore ka ho khetheha mosa o lerato oa Bethuele, Josefa le Ruthe o be le moelelo, hona ba ile ba susumetsoa ke eng hore ba bontše tšoaneleho ee?
16 Mosa o lerato o bontšitsoeng ke Bethuele, Josefa le Ruthe ke oa bohlokoa ka ho khethehileng hobane Abrahama, Jakobo le Naomi ba ne ba se boemong ba ho ba qobella. Etsoe Bethuele o ne a sa tlangoe ke molao hore a khaohane le morali oa hae. Ka mokhoa o bonolo feela a ka be a itse ho mohlanka oa Abrahama: ‘Che, ke batla hore morali oa ka ea mahlahahlaha a ’ne a be haufi le ’na.’ (Genese 24:18-20) Ka ho tšoanang, Josefa o ne a lokolohile hore a ka etsa qeto ea hore na o mamela kōpo ea ntat’ae kapa che, kaha Jakobo o ne a tla be a shoele ’me o ne a ke ke a mo qobella hore a phethe taelo ea hae. Naomi ka boeena o ile a bontša hore Ruthe o ne a lokolohile ho sala naheng ea Moabe. (Ruthe 1:8) Hape Ruthe o ne a lokolohile ho nyaloa ke e mong oa “bahlankana” ho e-na le Boaze ea tsofetseng.
17 Bethuele, Josefa le Ruthe ba ile ba bontša mosa o lerato ka ho rata; ba ne ba susumetsoa ke lipelo tsa bona. Ba ile ba inka ba ikarabella ho bontša tšoaneleho ena ho ba bang bao ba neng ba e-na le kamano e itseng le bona, joalokaha Morena Davida hamorao a ile a inka a tlameha ho e bontša ho Mefiboshethe.
18. (a) Baholo ba Bakreste ba ‘lisa mohlape’ ka boikutlo bofe? (b) Moholo e mong o ile a hlalosa maikutlo a hae joang ka ho thusa balumeli-’moho?
18 Mosa o lerato e ntse e le letšoao la batho ba Molimo, ho kopanyelletsa banna ba alosang mohlape oa Molimo. (Pesaleme ea 110:3; 1 Bathesalonika 5:12) Baholo ba joalo, kapa balebeli, ba inka ba ikarabella hore ba phethe mosebetsi oo ba o filoeng ka lebaka la ho khethoa ha bona. (Liketso 20:28) Leha ho le joalo, ba etsa mosebetsi oa bona oa bolisa le liketso tse ling tsa mosa o lerato molemong oa phutheho, “eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata.” (1 Petrose 5:2) Baholo ba alosa mohlape hobane ba e-na le boikarabelo le takatso ea ho etsa joalo. Ba bontša mosa o lerato ho linku tsa Kreste hobane ba tlamehile ebile ba batla ho etsa joalo. (Johanne 21:15-17) Moholo e mong oa Mokreste o re: “Ke thabela ho etela malapa a barab’abo rōna kapa ho ba founela ho ba bontša feela hore ke ba hopotse. Ho thusa barab’abo rōna ke mohloli o moholo oa thabo le khotsofalo ho ’na!” Hohle baholo ba tsotellang ba lumellana le sena ka lipelo tsohle.
Bontša Mosa o Lerato ho ba Hlokang
19. Ke ’nete efe ka mosa o lerato e hatisoang ke litlaleho tsa Bibele tse tšohliloeng sehloohong see?
19 Litlaleho tsa Bibele tseo re li tšohlileng li boetse li hatisa ’nete ea hore mosa o lerato o lokela ho bontšoa ho ba hlokang seo bona ka bobona ba ke keng ba iketsetsa sona. Abrahama o ne a hloka tšebelisano-’moho ea Bethuele hore a ntšetse pele lesika la hae. Jakobo o ne a hloka thuso ea Josefa hore setopo sa hae se tle se isoe Kanana. ’Me Naomi o ne a hloka thuso ea Ruthe hore a fumane mojalefa. Abrahama, Jakobo kapa Naomi ba ne ba ke ke ba iketsetsa lintho tsena tseo ba li hlokang. Ka ho tšoanang kajeno, mosa o lerato o lokela ho bontšoa ka ho khetheha ho ba hlokang. (Liproverbia 19:17) Re lokela ho etsisa mopatriareka Jobo, ea ileng a lebisa tlhokomelo ho “ea hlorileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le moshanyana ea se nang ntate le mang kapa mang ea neng a se na mothusi” haesita le ho “ea leng lekhatheng la ho timela.” Hape Jobo o ne a “nyakallisa pelo ea mohlolohali” hape o ile a fetoha ‘mahlo a sefofu le maoto a ea holofetseng.’—Jobo 29:12-15.
20, 21. Ke bo-mang ba hlokang hore re ba bontše mosa o lerato, hona ke eng eo e mong le e mong oa rōna a lokelang ho ikemisetsa ho e etsa?
20 Ha e le hantle, phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ea Bokreste ho na le ‘ba hlorileng ba hoeletsang ho kōpa thuso.’ Sena se ka ’na sa bakoa ke lintho tse kang bolutu, ho nyahama, ho inka u se na thuso, ho soetsoa ke ba bang, bokuli bo tebileng kapa lefu la ea ratoang. Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, bohle ba joalo ba ratehang ba hloka seo ho leng matleng a rōna hore re fane ka sona le seo re lokelang ho fana ka sona ka liketso tsa rōna tse etsoang ka ho rata le tse tiileng tsa mosa o lerato.—1 Bathesalonika 5:14.
21 Kahoo, a re tsoeleng pele ho etsisa Jehova Molimo, ea “tletseng mosa o lerato.” (Exoda 34:6; Baefese 5:1) Re ka etsa joalo ka hore re nke khato e tobileng ka ho rata, haholo-holo molemong oa ba hlokang. Ka sebele re tla hlompha Jehova ’me re tla fumana thabo e khōlō ha re ‘etsetsana mosa o lerato.’—Zakaria 7:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa makolopetso ka lenyalo lena, bona Moqolo 1, leqepheng la 370, ho Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
• Mosa o lerato o fapane joang le mosa oa botho?
• Bethuele, Josefa le Ruthe ba ile ba bontša mosa o lerato ka litsela life?
• Re lokela ho bontša mosa o lerato ka boikutlo bofe?
• Ke bo-mang ba hlokang hore re ba bontše mosa o lerato?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bethuele o ile a bontša mosa o lerato joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Lerato le tšepahalang la Ruthe e bile tlhohonolofatso ho Naomi
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Mosa o lerato oa botho o bontšoa ka ho rata, o bontšoa ka ho etsa ketso e tobileng, ’me o bontšoa ho ba hlokang