Khaolo 7
Na Bibele E-ea Ikhanyetsa?
Qoso e atisang ho etsoa khahlanong le Bibele ke hore e-ea ikhanyetsa. Hangata batho ba etsang qoso ena ha baa bala Bibele ka bobona; ba mpa ba pheta seo ba se utloileng. Empa ba bang ba fumane ho bonahalang e hlile e le likarolo tse hanyetsanang ’me ba tšoenngoa ke tsona.
1, 2. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Ke qoso efe e atisang ho etsoa khahlanong le Bibele? (b) Ha re bapisa likarolo tse fapaneng tsa Bibele, re lokela ho hopola eng? (c) Mabaka a mang ao ka ’ona ka linako tse ling lingoli tse peli tsa Bibele li tlalehang ketsahalo e tšoanang ka litsela tse fapaneng ke afe?
HAEBA kannete ke Lentsoe la Molimo, Bibele e lokela ho lumellana, eseng e ikhanyetse. Joale, ke hobane’ng ha likarolo tse ling li bonahala li hanyetsa tse ling? Ho arabela, ho hlokahala hore re hopole hore le hoja Bibele e le Lentsoe la Molimo, e ngotsoe ke batho ba ’maloa ho theosa le makholo a mangata a lilemo. Lingoli tsena li ne li e-na le limelo, mekhoa ea ho ngola, le lineo tse fapaneng, ’me ho se tšoane hona kaofela ho bonahala ho se ngotsoeng.
2 Ho feta moo, haeba lingoli tse peli kapa tse fetang moo li hlalosa ketsahalo e le ’ngoe, se seng se ka ’na sa akarelletsa lintlha tseo se seng se li sieang ka thōko. Ho phaella moo, lingoli tse fapaneng li hlahisa taba ka litsela tse fapaneng. Se seng se ka ’na sa e ngola ka tatellano ea liketsahalo ho latela nako, ha se seng se ka ’na sa latela tlhophiso e fapaneng. Khaolong ena, re tla hlahisa likarolo tse ling tseo ho thoeng lia hanyetsana ka Bibeleng ’me re hlahlobe hore na ho ka etsoa joang hore li lumellane, re ntse re ela hloko likhopolo tse boletsoeng ka holimo.
Lipaki Tse Ikemetseng
3, 4. Mabapi le molaoli oa lekholo eo mohlanka oa hae a neng a kula, ke ho se tšoane hofe ho bonahalang ho le teng pakeng tsa tlaleho ea Mattheu le ea Luka, ’me ho ka etsoa joang hore litlaleho tsee li lumellane?
3 ‘Likarolo tse ling tse hanyetsanang’ li hlaha ha re e-na le litlaleho tse peli kapa tse ngata ho feta moo tsa ketsahalo e le ’ngoe. Ka mohlala, ho Mattheu 8:5 re bala hore ha Jesu a e-tla Kapernauma, “molaoli oa lekholo a tla ho eena, a mo rapela,” a kōpa Jesu ho phekola mohlanka oa hae. Empa ho Luka 7:3, re bala hore molaoli enoa oa lekholo o ile “a roma baholo ba ba-Jode ho [Jesu], ho mo rapela hore a tle ho folisa mohlanka oa hae.” Na molaoli oa lekholo o ile a buisana le Jesu, kapa o ile a roma baholo?
4 Ka ho hlakileng, karabelo ke hore monna eo o ile a roma baholo ba Bajode. Joale, ke hobane’ng ha Mattheu a re monna eo ka boeena o ile a kōpa Jesu? Hobane, ha e le hantle, monna eo o ile a kōpa Jesu a sebelisa baholo ba Bajode. Baholo bao ba ne ba sebeletsa e le babuelli ba hae.
5. Ke hobane’ng ha Bibele e re Salomone o hahile tempele, ha ka ho hlakileng mosebetsi oa sebele oa ho haha o entsoe ke ba bang?
5 Ho bontša sena, ho 2 Likronike 3:1, rea bala: “Eaba Salomone o qala ho haha ntlo ea Jehova, Jerusalema.” Hamorao, rea bala: “Salomone a phetha ntlo ea Jehova.” (2 Likronike 7:11) Na Salomone ka boeena o ile a haha tempele ho tloha qalong ho fihlela qetellong? Ho hlakile hore ha ho joalo. Mosebetsi oa sebele oa ho haha o ne o etsoa ke batho ba bangata ba tsebang mesebetsi ea matsoho le basebetsi feela. Empa Salomone e ne e le mohlophisi oa mosebetsi, e le eena ea ikarabellang. Kahoo, Bibele e re ke eena ea hahileng ntlo. Ka tsela e tšoanang, Molaetsa o Molemo oa Mattheu o re bolella hore molaoli oa sesole o ile a atamela Jesu. Empa Luka o fana ka ntlha e eketsehileng ea hore o ile a mo atamela a sebelisa baholo ba Bajode.
6, 7. Re ka etsa joang hore litlaleho tse peli tse fapaneng tsa Molaetsa o Molemo tsa kōpo ea bara ba Zebedea li lumellane?
6 Mohlala o mong o tšoanang ke ona. Ho Mattheu 20:20, 21, rea bala: “Eaba ho tla ho [Jesu] ’m’a bara ba Zebedea a e-na le bara ba hae, ’me a khumama, a kōpa ho hong ho eena.” Seo a neng a se kōpa e ne e le hore bara ba hae ba fumane boemo bo phahameng ka ho fetisisa ha Jesu a e-tla ’Musong oa hae. Tlalehong ea Mareka ea ketsahalo eona ena, rea bala: “Ha tla ho [Jesu] Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea, ba re: Moruti, re rata ha u ka re etsetsa seo re tla se kōpa.” (Mareka 10:35-37) Na ke bara ba babeli ba Zebedea ba ileng ba etsa kōpo ho Jesu, kapa ke ’m’a bona?
7 Ka ho hlakileng, ke bara ba babeli ba Zebedea ba ileng ba etsa kōpo ho Jesu, joalokaha Mareka a bolela. Empa ba ile ba e etsa ba sebelisa ’m’a bona. E ne e le ’muelli oa bona. Sena se tšehetsoa ke tlaleho ea Mattheu ea hore ha baapostola ba bang ba utloa seo ’m’a bara ba Zebedea a se entseng, ba ile ba hlonamela “Jakobo le moen’ae Johanne,” eseng ’m’a bona.—Mattheu 20:24.
8. Ho tla joang hore litlaleho tse peli tse fapaneng tsa ketsahalo e le ’ngoe e be tse fapaneng empa ka bobeli e le ’nete?
8 Na u kile ua utloa ha batho ba babeli ba hlalosa ketsahalo eo ba e boneng ka bobeli? Haeba ho joalo, na u ile ua hlokomela hore motho ka mong o ne a hatisa lintlha tse ileng tsa mo khahla? E mong a ka ’na a siea lintho tseo e mong a li akarellelitseng. Leha ho le joalo, ka bobeli ba ne ba bua ’nete. Hoa tšoana le ka litlaleho tsa Melaetsa e menè e Molemo ea tšebeletso ea Jesu, esita le liketsahalo tse ling tsa histori tse tlalehiloeng ke lingoli tsa Bibele tse fetang se le seng. Sengoli ka seng se ngotse boitsebiso bo nepahetseng esita leha se seng se bolokile lintlha tseo se seng se li siileng. Ka ho hlahloba litlaleho tseo kaofela, ho ka fumanoa kutloisiso e felletseng haholoanyane ea se etsahetseng. Liphapang tse joalo li paka hore litlaleho tsa Bibele li ikemetse. ’Me tumellano ea tsona ea lintlha tsa motheo e paka hore ke ’nete.
Bala Boitsebiso bo Potolohileng Taba
9, 10. Ke ka tsela efe boitsebiso bo potolohileng taba bo re thusang ho bona hore na Kaine o fumane mosali oa hae hokae?
9 Hangata, ho bonahalang e le ho se tšoane ho ka ’na ha rarolloa haeba feela re talima boitsebiso bo potolohileng taba. Ka mohlala, nahana ka bothata bo atisang ho phahamisoa mabapi le mosali oa Kaine. Ho Genese 4:1, 2 rea bala: “’Me [Eva] a emola, a tsoala Kaine, a re: Ke itsoaletse monna ka thuso ea Jehova. A boela a tsoala Abele, moen’ae.” Joalokaha ho tsebahala, Kaine o ile a bolaea Abele; empa ka mor’a moo, re bala hore Kaine o ile a ba le mosali le bana. (Genese 4:17) Haeba Adama le Eva ba ne ba e-na le bara ba babeli feela, Kaine o ile a fumana mosali oa hae hokae?
10 Tharollo e fumanoa ’neteng ea hore Adama le Eva ba ne ba e-na le bana ba fetang bobeli. Ho latela boitsebiso bo potolohileng taba, ba ne ba e-na le lelapa le leholo. Ho Genese 5:3 re bala hore Adama o ile a tsoala mora e mong ea bitsoang Setha ’me, temaneng e latelang, rea bala: “A tsoala bara le barali.” (Genese 5:4) Kahoo e ka ’na eaba Kaine o ile a nyala e mong oa likhaitseli tsa hae kapa esita le e mong oa bana ba banab’abo. Boemong boo bo qalang historing ea batho, ha batho ba ne ba ntse ba le haufi haholo le phetheho, ka ho hlakileng lenyalo le joalo le ne le sa hlahise likotsi bakeng sa bana ba hlahang kamanong e joalo joaloka kajeno.
11. Ke ho se lumellane hofe ho boleloang ho le teng pakeng tsa Jakobo le moapostola Pauluse hoo ba bang ba ho supang?
11 Ho hlahloba ha rōna boitsebiso bo potolohileng taba ho boetse ho re thusa ho utloisisa seo ba bang ba ’nileng ba bolela hore ke ho se lumellane pakeng tsa moapostola Pauluse le Jakobo. Ho Ba-Efese 2:8, 9, Pauluse o re Bakreste ba bolokehile ka tumelo, eseng ka mesebetsi. O re: “Le bolokehile . . . ka tumelo . . . hase ka mesebetsi.” Leha ho le joalo, Jakobo o hatisa bohlokoa ba mesebetsi. Oa ngola: “Joale ka ha ’mele o se nang moea o shoele, le eona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:26) Ho ka etsoa joang hore lipolelo tsena tse peli li lumellane?
12, 13. Mantsoe a Jakobo a tlatseletsa a moapostola Pauluse joang, ho e-na le ho a hanyetsa?
12 Ha re hlahloba taba e potolohileng mantsoe a Pauluse, re fumana hore polelo e ’ngoe e tlatseletsa e ’ngoe. Moapostola Pauluse o bua ka boiteko ba Bajode ba ho boloka Molao oa Moshe. Ba ne ba lumela hore haeba ba boloka Molao lintlheng tsa oona kaofela, e ne e tla ba ba lokileng. Pauluse o ile a supa hore sena se ne se ke ke sa etsahala. Le ka mohla re ke ke ra ba ba lokileng—bao ka hona ba tšoaneloang ke ho bolokeha—ka mesebetsi ea rōna, hobane ka tlhaho re baetsalibe. Re ka bolokeha feela ka tumelo sehlabelong sa topollo sa Jesu.—Ba-Roma 5:18.
13 Leha ho le joalo, Jakobo o phaella ka ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ea hore tumelo ka boeona ha e na molemo haeba e sa tšehetsoa ka liketso. Motho ea ipolelang hore o lumela ho Jesu o lokela ho paka hoo ka seo a se etsang. Tumelo e sa sebetseng ke tumelo e shoeleng ’me e ke ke ea tlisa ho bolokeha.
14. Ke likarolong life moo Pauluse a bontšang hore o lumellana ka ho felletseng le molao-motheo oa hore tumelo e phelang e tlameha ho bontšoa ka mesebetsi?
14 Moapostola Pauluse o ne a lumellana le sena ka ho felletseng, ’me hangata o bua ka mefuta ea mesebetsi eo Bakreste ba lokelang ho kopanela ho eona ho bontša tumelo ea bona. Ka mohlala, o ngoletse Baroma: “Ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o etsa polelo ea phatlalatsa bakeng sa ho bolokeha.” Ho etsa “polelo ea phatlalatsa”—ho arolelana tumelo ea rōna le ba bang—hoa hlokahala bakeng sa ho bolokeha. (Ba-Roma 10:10, NW; bona le 1 Ba-Korinthe 15:58; Ba-Efese 5:15, 21-33; 6:15; 1 Timothea 4:16; 2 Timothea 4:5; Ba-Heberu 10:23-25.) Leha ho le joalo, ha ho mosebetsi leha e le ofe oo Mokreste a ka o etsang, ’me ka sebele ha ho boiteko leha e le bofe ba ho phetha Molao oa Moshe, o tla mo fa tokelo ea bophelo bo sa feleng. Hona ke “neo ea mohau oa Molimo” ho ba bontšang tumelo.—Ba-Roma 6:23; Johanne 3:16.
Lipono Tse Fapaneng Tsa Litaba
15, 16. Ke joang Moshe le Joshua ba neng ba nepile ka bobeli ha e mong a re bochabela ho Jordane e ne e le “mose o koano” ho nōka ha e mong a re e ne e le “mose oane”?
15 Ka linako tse ling lingoli tsa Bibele li ne li ngola ka ketsahalo e le ’ngoe ho tsoa liponong tse fapaneng tsa litaba, kapa li ne li hlahisa litlaleho tsa tsona ka litsela tse fapaneng. Ha liphapang tsena li hlahlojoa, likarolo tse ling tse bonahalang li hanyetsana li rarolloa habobebe. Mohlala oa sena o ho Numere 35:14, moo Moshe a buang ka naha e ka bochabela ho Jordane e le “ka mose o koano ho Jordane.” Leha ho le joalo, ha a bua ka naha e ka bochabela ho Jordane, Joshua o ile a e bitsa “mose oane oa Jordane.” (Joshua 22:4) Ke hofe ho nepahetseng?
16 Ha e le hantle, ka bobeli li nepahetse. Ho latela tlaleho e ho Numere, Baiseraele ba ne ba e-s’o tšele Nōka ea Jordane ho kena Lefatšeng la Pallo, kahoo ho bona, bochabela ho Jordane e ne e le “mose o koano.” Empa Joshua o ne a se a tšetse Jordane. Ka ho toba, eena o ne a le ka bophirimela ho nōka, lefatšeng la Kanana. Kahoo ho eena, bochabela ho Jordane e ne e le “mose oane.”
17. (a) Ke eng e boleloang e le ho se tšoane eo ba bang ba e supang likhaolong tse peli tse qalang tsa Genese? (b) Lebaka la motheo la ho nkoang e le ho se tšoane ke lefe?
17 Ho phaella moo, tsela eo pale e ngotsoeng ka eona e ka lebisa ho se bonahalang e le ho ikhanyetsa. Ho Genese 1:24-26, Bibele e bontša hore liphoofolo li bōpiloe pele ho motho. Empa ho Genese 2:7, 19, 20, e bonahala e re motho o bōpiloe pele ho liphoofolo. Ke hobane’ng ha li sa tšoane? Hobane litlaleho tse peli tsa pōpo li e hlalosa ho tsoa liponong tse peli tse fapaneng tsa litaba. Ea pele e hlalosa pōpo ea maholimo le lefatše le lintho tsohle tse ho tsona. (Genese 1:1–2:4) Ea bobeli e ipapisitse le pōpo ea moloko oa motho le ho oela ha oona sebeng.—Genese 2:5–4:26.
18. Re ka etsa joang hore likarolo tse bonahalang li sa tšoane pakeng tsa litlaleho tse peli tsa pōpo likhaolong tse qalang tsa Genese li lumellane?
18 Tlaleho ea pele e ngotsoe ka tatellano ea liketsahalo ho latela nako, e arotsoe ka “matsatsi” a tšeletseng a latellanang. Ea bobeli e ngotsoe ho latela bohlokoa ba litaba. Ka mor’a kenyelletso e khutšoanyane, ka ho utloahalang e kena ka ho toba pōpong ea Adama, kaha eena le lelapa la hae e le bona bao ho buuoang ka bona tabeng e latelang. (Genese 2:7) Joale boitsebiso bo bong bo kenyelletsoa ha ho hlokahala. Re ithuta hore ka mor’a pōpo ea hae Adama o ne a lokela ho phela tšimong ea Edene. Kahoo joale ho buuoa ka ho lema tšimo ea Edene. (Genese 2:8, 9, 15) Jehova o bolella Adama hore a rehe “liphoofolo tsohle tsa naha, le tse rurang tsa maholimo” mabitso. Joale, ena ke nako ea ho bolela hore “Jehova Molimo a bōpa ka mobu” libopuoa tsena kaofela, le hoja pōpo ea tsona e qalile nako e telele pele Adama a hlaha.—Genese 2:19; 1:20, 24, 26.
Bala Tlaleho ka Hloko
19. Ho bonahala ho e-na le pherekano efe tlalehong ea Bibele ea ho haptjoa ha Jerusalema?
19 Ka linako tse ling, se hlokahalang feela ho rarolla likarolo tse bonahalang li hanyetsana ke ho bala tlaleho ka hloko le ho nahanisisa ka boitsebiso bo fanoeng. Ho joalo ha re nahana ka ho haptjoa ha Jerusalema ke Baiseraele. Jerusalema e ne e thathamisitsoe e le karolo ea lefa la Benyamine, empa re bala hore leloko la Benyamine le ile la sitoa ho e hapa. (Joshua 18:28; Baahloli 1:21) Hape re bala hore Juda e ile ea sitoa ho hapa Jerusalema—joalokaha eka e ne e le karolo ea lefa la leloko leo. Qetellong, Juda e ile ea hlōla Jerusalema, ea e chesa ka mollo. (Joshua 15:63; Baahloli 1:8) Leha ho le joalo, makholo a lilemo hamorao Davida le eena o tlalehoa a hapa Jerusalema.—2 Samuele 5:5-9.
20, 21. Ka ho hlahloba ka hloko lintlha tsohle tse amehang, ke eng e hlahellang e le histori ea ho haptjoa ha motse oa Jerusalema ke Baheberu?
20 Ha se habanngoa feela, sena sohle se ka bonahala se ferekanya, empa bonneteng ha ho moo likarolo tseo li hanyetsanang teng. Ha e le hantle, moeli o pakeng tsa lefa la Benyamine le la Juda o ne o matha Phuleng ea Hinnome, o feta motseng oa boholo-holo oa Jerusalema. Seo hamorao se ileng sa bitsoa Motse oa Davida ha e le hantle se ne se le naheng ea Benyamine, feela joalokaha Joshua 18:28 e bolela. Empa e ka ’na eaba motse oa Bajebuse oa Jerusalema o ne o tšela Phula ea Hinnome ’me ka hona o kenella naheng ea Juda, hoo Juda le eona, e neng e lokela ho loantša baahi ba eona ba Bakanana.
21 Benyamine o ile a sitoa ho hapa motse. Ka lekhetlo le leng, Juda o ile a hapa motse ’me a o chesa. (Baahloli 1:8, 9) Empa ka ho hlakileng makhotla a Juda a ile a ea pele, ’me ba bang ba baahi ba pele ba boela ba hapa motse. Hamorao, ba ile ba etsa sehlotšoana se khahlanong le ’muso seo Juda kapa Benyamine ba neng ba ke ke ba se tlosa. Ka hona, Bajebuse ba ile ba ’na ba aha Jerusalema ho fihlela ha Davida a hapa motse makholo a lilemo hamorao.
22, 23. Ke mang ea ileng a jara thupa ea tlhokofatso ea Jesu ho ea sebakeng sa polao?
22 Re fumana mohlala oa bobeli Melaetseng e Molemo. Mabapi le ha Jesu a isoa lefung la hae, Molaetseng o Molemo oa Johanne rea bala: ‘Eaba o tsoa a jere thupa ea hae ea tlhokofatso.’ (Johanne 19:17, NW) Leha ho le joalo, ho Luka rea bala: ‘Eitse ha ba mo isa polaong, ba tšoara e mong ea bitsoang Simone, oa Cyrene, ea neng a e-tsoa masimong, ba mo jarisa thupa ea tlhokofatso ka mor’a Jesu.’ (Luka 23:26, NW) Na Jesu o ne a jere thupa e il’o sebelisoa lefung la hae, kapa Simone o ne a mo jaretse eona?
23 Taba ea pele, ho hlakile hore Jesu o ne a jere thupa ea hae ea tlhokofatso, joalokaha Johanne a bontša. Empa hamorao, joalokaha Mattheu, Mareka, le Luka ba tiisa, Simone oa Cyrene o ile a qobelloa ho mo jarela eona tseleng e setseng kaofela ho ea sebakeng sa polao.
Bopaki ba ho Ikemela
24. Ke hobane’ng ha re sa makale ha re fumana likarolo tse ling tse bonahalang li sa tšoane ka Bibeleng, empa ha rea lokela ho etsa qeto efe ka see?
24 Ke ’nete, ho na le likarolo tse bonahalang li sa tšoane ka Bibeleng tseo ho leng thata ho etsa hore li lumellane. Empa ha rea lokela ho hopola hore ka tieo ke likarolo tse hanyetsanang. Hangata e mpa e le taba ea khaello ea boitsebiso bo felletseng. Bibele e fana ka tsebo e lekaneng ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea. Empa haeba e ne e ka re fa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le ketsahalo e boletsoeng, e ne e tla ba pokello ea libuka e khōlō, eo ho neng ho tla ba thata ho e nka, ho fapana le moqolo o bobebe, o nkehang habobebe oo re nang le oona kajeno.
25. Johanne o re’ng ka tlaleho ea tšebeletso ea Jesu, ’me see se re thusa joang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bibele e sa re fe ntlha e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe?
25 Ha a bua ka tšebeletso ea Jesu, moapostola Johanne o ngotse ka ho fetelletsa litaba ho lokafalitsoeng: “Taba tse ling li sa le teng tse ngata, tseo Jesu a li entseng. Hojane li ka ngoloa ka bonngoe, ke lekanya hore le lona lefatše le be le ke ke la lekana libuka tse ka ngoloang.” (Johanne 21:25) Ho ne ho tla ba thata le ho feta ho tlaleha lintlha tsohle tsa histori e telele ea batho ba Molimo ho tloha ho bapatriareka ho fihlela ho phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo!
26. Bibele e re tšoaretse boitsebiso bo lekaneng hore re kholisehe ka ’nete efe ea bohlokoa?
26 Ha e le hantle, Bibele ke khutsufatso ea litaba e hlollang. E na le boitsebiso bo lekaneng ho etsa hore re khone ho hlokomela hore hase buka feela e ngotsoeng ke motho. Liphapang leha e le life tseo e nang le tsona li paka hore ruri lingoli e ne e le lipaki tse ikemetseng. Ka lehlakoreng le leng, tumellano e totobetseng ea Bibele—eo re tla e tšohla ka ho qaqileng haholoanyane khaolong e ’ngoe e tlang—e bontša ntle le pelaelo hore e simolohile ho Molimo. Ke lentsoe la Molimo, eseng la motho.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 89]
Likarolo tse bonahalang li sa tšoane ka Bibeleng li paka hore ruri lingoli e ne e le lipaki tse ikemetseng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 91]
Hangata ho hlahloba boitsebiso bo potolohileng taba ho thusa ho rarolla seo ho thoeng ke ho ikhanyetsa
[Lebokose le leqepheng la 93]
“Ho se Tšoane” Hase ka Mehla e Leng ho Hanyetsana
Kenneth S. Kantzer, setsebi sa thuto ea bolumeli, o kile a bontša kamoo litlaleho tse peli tsa ketsahalo e le ’ngoe li ka bonahalang eka lia hanyetsana empa ka bobeli e le ’nete. O ngotse: “Nakong e seng kae e fetileng ’mè oa motsoalle oa rōna ea ratehang o ile a shoa. Re ile ra utloa pele ka lefu la hae ka motsoalle e mong oa rōna ka bobeli ea tšepahalang ea ileng a tlaleha hore ’mè oa motsoalle oa rōna o ne a emetse bese hukung ea seterata, a thuloa ke bese e ’ngoe e fetang, a tsoa likotsi tse mpe, ’me a shoa metsotsoana e seng mekae hamorao.”
Kapele ka mor’a moo, o ile a utloa tlaleho e fapaneng le eo haholo. O re: “Re ile ra utloa ka setloholo sa mosali ea shoeleng hore o ile a ameha kotsing ea ho thulana ha likoloi, koloi eo a neng a e palame ea ’metsetsa ka ntle, ’me a shoa hang-hang. Moshemane eo o ne a hlile a kholisehile ka seo a se tsebang.
“Nako e telele hamorao . . . re ile ra batla ho fumana taba e lumellanang. Re ile ra utloa hore nkhono’ae o ne a emetse bese, a thuloa ke bese e ’ngoe, ’me a tsoa likotsi tse mpe. O ile a nkoa ke koloi e neng e feta ’me a potlakisetsoa sepetlele, empa lephehlo-phehlong leo, koloi eo a neng a isoa sepetlele ka eona e ile ea thulana le koloi e ’ngoe. Koloi e ile ea ’metsetsa ka ntle ’me a shoa hang-hang.”
E, litlaleho tse peli tsa ketsahalo e le ’ngoe e ka ’na ea e-ba ’nete ka bobeli le hoja li bonahala li sa lumellane. Ka linako tse ling ho joalo le ka Bibele. Lipaki tse ikemetseng li ka ’na tsa hlalosa lintlha tse fapaneng ka ketsahalo e le ’ngoe. Leha ho le joalo, ho e-na le hore e be lia hanyetsana, seo li se ngolang sea tlatseletsana, ’me haeba re ela hloko litlaleho tsohle, re fumana kutloisiso e molemonyana ea se etsahetseng.