-
“Jehova o Matla Haholo”Atamela ho Jehova
-
-
15. Jehova o sebelisa matla a hae ka morero ofe mabapi le bahlanka ba hae, hona see se ile sa bonahatsoa joang tabeng ea Elia?
15 Jehova o boetse o sebelisa matla a hae molemong oa rona ka bomong. Hlokomela seo 2 Likronike 16:9 e se bolelang: “Mahlo a Jehova a shebile lefatšeng lohle ka hloko hore a bontše matla a hae ka hore a thuse bohle ba mo sebeletsang ka lipelo tsohle.” Mohlala o mong ke phihlelo ea Elia, e boletsoeng qalong. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a mo fa pontšo eo e hlollang ea matla a Molimo? Mofumahali Jezebele ea khopo o ne a ikanne hore o tla etsa hore Elia a bolaoe. Moprofeta eo o ne a le palehong, ho pholosa bophelo ba hae. O ne a jeoa ke bolutu, a tšohile a bile a nyahame—ekare mosebetsi oohle oa hae o boima e bile oa lefeela. Jehova o ile a hopotsa Elia matla a Molimo ka tsela e hlakileng, e le hore a tšelise monna enoa ea khathatsehileng. Moea oa sefefo, tšisinyeho ea lefatše le mollo li ile tsa bontša hore Motho ea matla ka ho fetisisa bokahohleng o ne a e-na le Elia moo. O ne a ka tšoha’ng e tsoang ho Jezebele, ha Molimo ea matla ’ohle a le ka lehlakoreng la hae?—1 Marena 19:1-12.b
-
-
“Jehova o Matla Haholo”Atamela ho Jehova
-
-
b Bibele e re “Jehova o ne a se moeeng oo . . . . Ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše empa Jehova o ne a le sieo ho eona . . . . Ho ile ha e-ba le mollo empa Jehova o ne a le sieo mollong oo.” Ho fapana le barapeli ba melimo ea lihloliloeng ea tšomong, bahlanka ba Jehova ha ba mo batle har’a lihloliloeng. O moholo haholo hore a ka fella ka har’a ntho leha e le efe eo a e bopileng.—1 Marena 8:27.
-