-
O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa HaeMolula-Qhooa—2011 | July 1
-
-
Jehova o ile a sebetsana joang le maikutlo ao a Elia a ho tšoha le a lintho tseo a amehileng ka tsona? Lengeloi le ile la bolella Elia hore a eme monyako oa lehaha. O ile a etsa joalo, a sa tsebe hore na ho tlil’o latela eng. Ho ile ha tsoha moea o matla! E tlameha ebe molumo oa oona o ne o thiba litsebe hobane o ne o le matla hoo o ileng oa petsola lithaba le mafika. Inahanele feela ha Elia a leka ho sireletsa mahlo a hae ha ka lehlakoreng le leng a mamaretse seaparo sa hae se entsoeng ka boea, se seng mahalihali, ha a ntse a puputloa ke moea. Joale o ile a loanela ho tsepamisa maoto fatše kaha ho ile ha qala ho ba le tšisinyeho ea lefatše! E ne e le moo a reng o re nk’hu! ha ho e-ba le mollo o moholo o ileng oa mo qobella hore a khutlele ka lehaheng ho ea ipatela lebatama la mollo.—1 Marena 19:11, 12.
Ketsahalong ka ’ngoe, tlaleho e re bolella hore Jehova o ne a se har’a lintho tseo tse neng li bontša matla a tlhaho. Elia o ne a tseba hore Jehova hase molimo ea inahaneloang joaloka Baale eo barapeli ba hae ba thetsitsoeng ba neng ba mo bitsa “Ea Kaletseng Maru,” kapa ea nesang pula. Jehova ke Mohloli oa sebele oa matla ’ohle a hlollang a teng tlhahong, empa hape o moholo haholo ho feta ntho leha e le efe eo a e entseng. Esita le maholimo ka booona a ke ke a mo lekana! (1 Marena 8:27) Leha ho le joalo, lintho tsee kaofela li ile tsa thusa Elia joang? Hopola hore o ne a tšohile. Empa kaha o ne a e-na le Molimo ea kang Jehova ka lehlakoreng la hae, ea neng a e-na le matla ao a maholohali, ho ne ho se na lebaka la hore Elia a tšohe Akabe le Jezebele!—Pesaleme ea 118:6.
Ka mor’a hore mollo o fete, ho ile ha e-ba le khutso e khōlō eaba Elia o utloa “lentsoe le bonolo, le tlaase.” Le ne le mo khothalletsa hore a tšolle maikutlo a hae hape ’me o ile a fela a etsa joalo, a ntša lintho tsohle tse mo tšoenyang ka lekhetlo la bobeli.b Mohlomong seo se ile sa etsa hore ka mor’a moo a utloe ho itse kokololo! Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Elia o ile a tšelisoa le ho feta ke seo “lentsoe le bonolo, le tlaase” le ileng la mo bolella sona ka mor’a moo. Jehova o ile a tiisetsa Elia hore ka sebele e ntse e le motho oa bohlokoa. O ile a etsa seo joang? Molimo o ile a senola seo a rerileng ho se etsa nakong e tlang mabapi le ho loantša borapeli ba Baale Iseraele. Ho hlakile hore mosebetsi oa Elia e ne e sa ka ea e-ba oa lefeela kaha morero oa Molimo o ne o sa tl’o engoa pele ke letho. Ho feta moo, ho ne ho ntse ho e-na le karolo eo Elia a tla e phetha morerong oo kaha Jehova o ile a mo khutlisetsa morao hore a e’o phetha litaelo tse itseng tse tobileng.—1 Marena 19:12-17.
-
-
O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa HaeMolula-Qhooa—2011 | July 1
-
-
b “Lentsoe le bonolo, le tlaase” mona e ka ’na eaba e ne e ntse e le la lengeloi le ileng la sebelisoa ho fana ka “lentsoe la Jehova” ho 1 Marena 19:9. Temaneng ea 15, ho thoe feela “Jehova,” ha ho buuoa ka lengeloi lena. Sena se ka ’na sa re hopotsa lengeloi la lenģosa leo Jehova a ileng a le sebelisa ho tataisa Baiseraele lefeelleng le leo Molimo a ileng a re ka lona: “Lebitso la ka le ho lona.” (Exoda 23:21) Ke ’nete hore re ke ke ra tsitlella hore joang kapa joang lengeloi leo ke Jesu, empa hoa thahasellisa hore ebe pele a tla lefatšeng mona, e ne e le “Lentsoe,” ’Muelli ea khethehileng ho bahlanka ba Jehova.—Johanne 1:1.
-