Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Tla Ithuta ho Hong Linakong Tsa Selemo?
    Molula-Qhooa—1990 | September 1
    • Sena se ka ’na sa ama pono ea hao ka liketsahalo tsa Bibele. U ka ’na ua bala ka ho khetha ha Elia mohlahlami oa hae: “A fihlela Elisha, mor’a Shafathe, a lema ka joko tse leshome le metso e ’meli.” (1 Marena 19:19) U nahana hore seo se etsahetse khoeling efe, ’me e lokela e be sebaka seo se ne se shebahala joang? Hape ho Johanne 4:35, Jesu o itse: “Ana ha le re, khoeli li sa le ’ne, ’me etlaba e se e le kotulo? . . . Emisang mahlo a lōna, le talime masimo, hobane a se a soeufaletse ho kotuloa.” Le hoja a boletse nako ka ho toba, na ua utloisisa hore na nako eo ke efe?

  • Na U Tla Ithuta ho Hong Linakong Tsa Selemo?
    Molula-Qhooa—1990 | September 1
    • Elisha o ne a kenelletse mosebetsing o moholo oa ho lema ha a ne a bitsetsoa ho ba moprofeta. E ka ’na eaba seo se beha nako eo ho Tishri (September-October), ha mocheso o moholo oa lehlabula o se o fetile. Lipula tsa pele li ne li se li qalile ho nolofatsa mobu, li etsa hore o khone ho lengoa, ho latele ho jala.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela