Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
    Molula-Qhooa—1999 | July 1
    • Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova

      Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng

      E TLAMEHA ebe leeto la ho tloha Sheba ho ea Jerusalema le ne le le boima bakeng sa mofumahali. O ne a tloaetse ho phela mabothobothong. Joale, o ne a tsamaea ka likamele leeto le bolelele ba lik’hilomithara tse 2 400, boholo ba lona e le lehoatateng le chesang. Ho latela khakanyo e ’ngoe, e tlameha ebe leeto la hae le ile la nka matsatsi a 75, le hona e le ho ea feela!a

      Ke hobane’ng ha mofumahali eo ea ruileng a ile a tloha lehaeng la hae le mabothobotho Sheba ’me a nka leeto leo le boima?

      Tlaleho e Thahasellisang

      Mofumahali oa Sheba o ile a tla Jerusalema ka mor’a ho “utloa tlaleho ka Solomone mabapi le lebitso la Jehova.” (1 Marena 10:1, NW) Ha hoa hlalosoa ka ho toba hore na mofumahali eo o ne a utloile eng. Leha ho le joalo, rea tseba hore Jehova o ile a hlohonolofatsa Solomone ka bohlale bo ikhethileng, leruo le tlhompho. (2 Likronike 1:11, 12) Ho tlile joang hore mofumahali a tsebe see? Kaha Sheba e ne e le setsi sa khoebo, e ka ’na eaba o ile a utloa ka botumo ba Solomone ka bahoebi ba neng ba etela naheng ea hae. E ka ’na eaba ba bang ba bona e ne e le ba kileng ba ea Ofire, naha eo Solomone a neng a e-na le litšebelisano tse khōlō haholo tsa khoebo le eona.—1 Marena 9:26-28.

  • Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
    Molula-Qhooa—1999 | July 1
    • Leha ho le joalo, hlokomela hore mofumahali enoa o ile a utloela ka botumo ba Solomone “mabapi le lebitso la Jehova.” Kahoo, lena e ne e se feela leeto la khoebo. Ka ho hlakileng, mofumahali eo o ne a tlile ka ho khetheha ho tla utloa bohlale ba Solomone—mohlomong le ho tla ithuta ho itseng ka Molimo oa hae, Jehova. Kaha ho ka etsahala hore ebe e ne e le oa leloko la Sema kapa la Kama, bao e neng e le barapeli ba Jehova, e ka ’na eaba o ne a labalabela ho utloa ka bolumeli ba baholo-holo ba hae.

      Lipotso Tse Qakang, Likarabo Tse Khotsofatsang

      Ha a kopana le Solomone, mofumahali eo o ile a qala ka ho mo leka ka “lipotso tse qakang.” (1 Marena 10:1, NW) Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le ka fetoleloa e le “lilotho.” Empa sena ha se bolele hore mofumahali eo o ile a kenya Solomone papaling ea bosaoana. Ho thahasellisang ke hore ho Pesaleme ea 49:4, lentsoe le tšoanang la Seheberu le sebelisitsoe ho hlalosa lipotso tsa bohlokoa tse mabapi le sebe, lefu le topollo. Ka hona, ho ka etsahala hore ebe mofumahali oa Sheba o ne a tšohla lintlha tse tebileng le Solomone, tse ileng tsa leka ho teba ha bohlale ba hae. Bibele e tlaleha hore o ile a qala ho “’mehela tsohle tsee a li hopotseng pelong ea hae.” Ka ho tšoanang, Solomone o ile a ‘mo arabela lipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha e-ba taba le e ’ngoe e hlōlang morena, ee a sa kang a mo hlalosetsa eona.’—1 Marena 10:2b, 3.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela