Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
    Molula-Qhooa—1999 | July 1
    • Mofumahali oa Sheba o ile a khahloa ke bohlale ba Solomone le katleho ea ’muso oa hae hoo a ileng ‘a sala a khathetse matla.’ (1 Marena 10:4, 5, NW) Ba bang ba nka polelo ena e bolela hore mofumahali o ile a sala a “ahlame.” Setsebi se seng sona se bile se re o ile a ilibana! Ho sa tsotellehe hore na ho ile ha etsahala eng, mofumahali eo o ile a hlolloa ke seo a ileng a se bona le ho se utloa. O ile a re bahlanka ba Solomone ba thabile kahobane ba utloa bohlale ba morena, ’me o ile a rorisa Jehova ka ho beha Solomone teroneng. Joale o ile a fa morena limpho tse theko e boima, khauta feela ha e baloa ka lipalo tsa kajeno, e etsa R247 600 000. Solomone le eena o ile a fana ka limpho, a fa mofumahali eo “tsohle tsee a li lakalitseng, le tsee a li kōpileng.”c—1 Marena 10:6-13.

  • Ketelo e Ileng ea Putsoa ka ho Enneng
    Molula-Qhooa—1999 | July 1
    • c Ba bang ba nka polelo ena e bolela hore mofumahali o ile a ba le likamano tsa botona le botšehali le Solomone. Lipale tse ling li bile li re ba ile ba ba le mora. Leha ho le joalo, ha ho na bopaki bo tšehetsang pale leha e le efe ea tsena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela