Ho Etsahala’ng ka Moea Lefung?
“Thuto ea hore moea oa motho ha o shoe le hore o tla tsoela pele o le teng ka mor’a lefu la motho le ho bola ha ’mele oa hae ke e ’ngoe ea litšiea tsa filosofi ea Bokreste le thuto ea bolumeli.”—“NEW CATHOLIC ENCYCLOPEDIA.”
1. New Catholic Encyclopedia e lumela eng mabapi le ho pholoha ha moea lefu?
LEHA ho le joalo, eona buka eo ea litšupiso ea lumela hore “maikutlo a hore moea oa pholoha ka mor’a lefu ha a hlalohanngoe habonolo ka Bibeleng.” Joale, ha e le hantle na Bibele e hlile e ruta hore na ho etsahala’ng ka moea lefung?
Bafu ha ba Ikutloe
2, 3. Boemo ba bafu ke bofe, hona ke mangolo afe a senolang see?
2 Boemo ba bafu bo hlakisitsoe ho Moeklesia 9:5, 10, moo re balang: “Bafu ha ba tsebe letho . . . Ha ho pakane eo ba e phehellang, ha ho morero, ha ho tsebo kapa bohlale, ka hare ho lebitla.” (Moffatt) Kahoo, lefu ke boemo ba ho se be teng. Mopesaleme o ile a ngola hore ha motho a e-shoa, ‘o khutlela lerōleng la hae; ka tsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’—Pesaleme ea 146:4.
3 Kahoo bafu ha ba ikutloe, ha ba etse letho. Ha a lihela kahlolo ho Adama, Molimo o ile a re: “U lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Pele Molimo a mo bōpa ka lerōle la lefatše ’me a mo fa bophelo, Adama o ne a le sieo. Ha a e-shoa, Adama o ile a khutlela boemong bona boo. Kotlo ea hae e ne e le lefu—eseng ho fetisetsoa sebakeng se seng.
Moea o ka Shoa
4, 5. Fana ka mehlala e tsoang Bibeleng, e bontšang hore moea o ka shoa.
4 Ha Adama a e-shoa, ho ile ha etsahala’ng ka moea oa hae? Ha e le hantle, hopola hore ka Bibeleng lentsoe “moea” hangata le mpa le bolela feela motho. Kahoo ha re re Adama o ile a shoa, re bolela hore moea o bitsoang Adama o ile oa shoa. Sena se ka ’na sa utloahala se sa tloaeleha ho motho ea lumelang hore moea ha o shoe. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Levitike 21:1 e bua ka “moea o shoeleng” (NW) (“setopo,” Jerusalem Bible). ’Me Banazari ba ile ba bolelloa hore ba se ke ba atamela haufi le “moea leha e le ofe o shoeleng” (“’mele o shoeleng,” Lamsa).—Numere 6:6, NW.
5 Tšupiso e tšoanang ka moea e fumanoa ho 1 Marena 19:4. (NW) Elia ea sithabetseng maikutlo haholo ‘o ile a qala ho ikōpela hore eka moea oa hae o ka shoa.’ Ka ho tšoanang, Jonase “o ile a ’na a ikōpela hore eka moea oa hae o ka shoa, ’me khafetsa a re: ‘Ho shoa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.’” (Jonase 4:8, NW) ’Me Jesu o ile a sebelisa poleloana “ho bolaea soule,” eo Bibele ea Sesotho e e fetolelang e le ‘ho bolaea.’ (Mareka 3:4) Kahoo lefu la moea le mpa le bolela lefu la motho eo.
“Neela” le ‘ho Khutla’
6. Bibele e bolela’ng ha e re Ragele o ile a “neela” moea?
6 Empa ho thoe’ng ka lefu le bohloko la Ragele, le ileng la etsahala ha a beleha mora oa hae oa bobeli? Ho Genese 35:18, rea bala: “Eare ha a neela moea, a se a e-shoa, a mo rea lebitso la Benoni (mora oa bohloko ba ka); empa ntat’ae a mo rea la Benyamine.” Na temana ee e fana ka maikutlo a hore Ragele o ne a e-na le boleng bo ka hare bo ileng ba tsoa ha a e-shoa? Le hanyenyane. Hopola, lentsoe “moea” le ka boela la bolela bophelo boo motho a nang le bona. Kahoo tabeng ena “moea” oa Ragele o ne o mpa o bolela “bophelo” ba hae. Ke ka lebaka leo Libibele tse ling li fetolelang poleloana e reng, “ha a neela moea,” e le ha “bophelo ba hae bo ne bo fela” (Knox), “o ile a phefumoloha la ho qetela” (Jerusalem Bible), le “bophelo ba hae bo ile ba tsoa ho eena” (Bible in Basic English). Ha ho pontšo ea hore karolo ea mohlolo ea Ragele e ile ea pholoha lefu la hae.
7. Ke ka tsela efe moea oa mora ea tsositsoeng oa mohlolohali o ileng oa “khutlela ho eena”?
7 Hoa tšoana le ka tsoho ea mora oa mohlolohali, e tlalehiloeng ho 1 Marena khaolo ea 17. Temaneng ea 22, re bala hore ha Elia a rapella moshanyana eo, “Jehova a utloa lentsoe la Elia, ’me moea oa ngoana oa khutlela ka ho eena, a boela a phela.” Le mona hape, lentsoe “moea” le bolela “bophelo.” Kahoo, New American Standard Bible e baleha tjena: “Bophelo ba ngoana eo bo ile ba khutlela ho eena ’me a boela a phela.” E, e ne e le bophelo, eseng sebōpeho se seng sa seriti, bo ileng ba khutlela moshanyaneng eo. Sena se tumellanong le seo Elia a ileng a se bua ho ’mè oa moshanyana eo: “Bona, mor’a hao [motho ea feletseng] oa phela.”—1 Marena 17:23.
Qaka ea “Boemo bo Mahareng”
8. Ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba lumela hore ho tla etsahala’ng nakong ea tsoho?
8 Ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba lumela hore ho tla ba le tsoho ea ka moso eo ho eona litopo li tlang ho kopanngoa le meea e sa shoeng. Joale, ba tsositsoeng ba tla fetisetsoa phellong ea bona ea ho qetela—ebang ke moputso ho ba phetseng bophelo bo botle kapa kotlo bakeng sa ba khopo.
9. Ho boleloa eng ka poleloana “boemo bo mahareng,” hona ba bang ba re ho etsahala’ng ka moea nakong ee?
9 Mohopolo ona o utloahala o le bonolo. Empa ba khomaretseng tumelo ena ea ho se shoe ha moea ba na le bothata ba ho hlalosa hore na ho etsahala’ng ka moea pakeng tsa nako ea lefu le nako ea tsoho. Ka sebele, ‘boemo bona bo mahareng,’ kamoo hangata bo bitsoang kateng, bo bakile likhopolo-taba ka makholo a lilemo. Ba bang ba re nakong ena moea o ea pelekatoring, moo o ka hloekisoang libe tse ka tšoareloang e le hore o ka tšoanelehela leholimo.a
10. Ke hobane’ng ha e se ho ea ka Mangolo ho lumela hore meea e solla pelekatoring ka mor’a lefu, hona phihlelo ea Lazaro e tiisa see joang?
10 Leha ho le joalo, joalokaha re bone, moea e mpa e le motho. Ha motho eo a e-shoa, moea oa shoa. Kahoo, ha ho bophelo boo ho bona motho a ntseng a ikutloa ka mor’a lefu. Ka sebele, ha Lazaro a e-shoa, Jesu Kreste ha aa ka a re o ne a le pelekatoring, Limbong, kapa ‘boemong leha e le bofe bo bong bo mahareng.’ Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re feela: “Lazaro o robetse.” (Johanne 11:11, New English Bible) Ka ho hlakileng, Jesu, ea neng a tseba ’nete ka hore na ho etsahala’ng ka moea lefung, o ne a lumela hore Lazaro ha a ikutloe, ha a eo.
Moea (Spirit) ke Eng?
11. Ke hobane’ng ha lentsoe “moea” le sa bolele karolo ea motho e tsoileng ’meleng e pholohang lefu?
11 Bibele e bolela hore ha motho a e-shoa, “moea [spirit] oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae.” (Pesaleme ea 146:4, NW) Na hoo ho bolela hore moea o tsoileng ’meleng o hlile oa tloha ’me o tsoela pele ho phela ka mor’a hore motho a shoe? Hoo ho ke ke ha e-ba joalo, hobane mopesaleme o re hape: “Ka letsatsi lona leo menahano ea hae ea timela” (“ho nahana hohle ha hae hoa fela,” NEB). Joale, moea (spirit), ke eng, hona o ‘tsoa’ joang ho motho nakong ea lefu la hae?
12. Ke eng se boleloang ke lentsoe la Seheberu le la Segerike le fetoletsoeng e le “moea” (spirit) ka Bibeleng?
12 Ka Bibeleng mantsoe a fetoletsoeng e le “moea” (spirit) (ruʹach ka Seheberu; pneuʹma ka Segerike) ha e le hantle a bolela “phefumoloho.” Kahoo, ho e-na le ho re “moea oa hae oa tsoa,” phetolelo ea R. A. Knox e sebelisa poleloana “phefumoloho e tsoa ’meleng oa hae.” (Pesaleme ea 145:4, Knox) Empa lentsoe “moea” (spirit) le fana ka maikutlo a ho fetang feela ketso ea ho phefumoloha. Ka mohlala, ha e hlalosa ho timetsoa ha bophelo ba batho le ba liphoofolo nakong ea Moroallo oa lefatše lohle, Genese 7:22 e re: “Lintho tsohle tse neng li na le phefumoloho [kapa moea; ruʹach, ka Seheberu] ea ho phela linkong tsa tsona, kaofela ha tse lutseng moo ho omileng tsa e-shoa.” Kahoo “moea” (spirit) o ka bolela matla a bophelo a sebetsang libōpuoeng tsohle tse phelang, ka bobeli batho le liphoofolo, ’me li bolokoa li phela ke ho phefumoloha.
13. Ke ka tsela efe moea o ka tšoantšoang le motlakase?
13 Ho etsa mohlala: Motlakase o fa thepa matla. Haeba motlakase o khaoha, thepa eo e khaotsa ho sebetsa. Motlakase ka booona ha o fetohe thepa eo. Ka ho tšoanang, ha motho a e-shoa, moea (spirit) oa hae o khaotsa ho phelisa lisele tsa ’mele. Ha o siee ’mele ebe o fallela sebakeng se seng.—Pesaleme ea 104:29.
14, 15. Moea o khutlela ho Molimo joang lefung?
14 Joale, ke hobane’ng ha Moeklesia 12:7 e bolela hore ha motho a e-shoa, “moea o e-so ho khutlele ho Molimo o nong o o nee”? Na hoo ho bolela hore moea o hlile o haola sepakapaka ho ea kena moo Molimo a leng teng? Ha ho ntho e joalo. Hopola, moea (spirit) ke matla a bophelo. Hang ha matla ao a bophelo a felile, ke Molimo feela ea nang le matla a ho a khutlisetsa. Kahoo moea o ‘khutlela ho Molimo oa ’nete’ ka kutloisiso ea hore tšepo leha e le efe ea bophelo ba ka moso bakeng sa motho eo joale e se e itšetlehile ka ho feletseng ka Molimo.
15 Ke Molimo feela ea ka khutlisetsang moea (spirit), kapa matla a bophelo, a etsa hore motho a boele a phele. (Pesaleme ea 104:30) Empa na Molimo o rerile ho etsa joalo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho latela New Catholic Encyclopedia, “Bo-ntate ba [Kereke] ka kakaretso ha ba na khoao ho tiiseng ha bona hore pelekatori e teng.” Leha ho le joalo, buka ena ea litšupiso e boetse e lumela hore “thuto ea K’hatholike ea pelekatori e thehiloe neanong, eseng Mangolong a Halalelang.”
[Lebokose le leqepheng la 23]
Mehopolo ea Bophelo ba Pele
HAEBA ha ho letho le pholohang lefu la ’mele, joale ho thoe’ng ka mehopolo ea bophelo ba pele eo ba bang ba bolelang hore ba na le eona?
Setsebi sa Mohindu Nikhilananda se bolela hore ‘liphihlelo tsa ka mor’a lefu li ke ke tsa bontšoa ka mabaka.’ Puong e neng e re “Mehlala ea ho Lumela ho Bosafeleng Malumeling,” moruti oa thuto ea bolumeli Hans Küng oa totobatsa: “Ha ho le e ’ngoe ea litlaleho tseo—haholo-holo tse tsoang ho bana kapa linaheng tseo ho tsona ho lumeloang thuto ea ho tsoaloa hangata—tsa ho hopola bophelo ba pele e ka pakoang.” Oa phaella: “Boholo ba [bafuputsi ba sebetsang ka thata le ka mekhoa ea saense lefapheng leo] ba lumela hore liphihlelo tseo ba li fumaneng ha li fane ka motheo bakeng sa bopaki bo hlileng bo kholisang ba bophelo ba lefatšeng bo ipheta-phetang.”
Ho thoe’ng haeba u ikutloa hore u na le mehopolo ea botho ea bophelo ba pele? Maikutlo a joalo a ka ’na a e-ba teng ka mabaka a sa tšoaneng. Boholo ba boitsebiso boo re bo fumanang bo bolokoa sekhutloaneng se seng se patehileng likelellong tsa rōna hobane re sa khone ho bo sebelisa ka ho toba kapa kapele-pele. Ha mehopolo e lebalehileng e hlahella hape, batho ba bang ba e hlalosa e le bopaki ba hore ba kile ba phela pele. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha re na liphihlelo tse ka pakoang tsa bophelo bo bong ka ntle ho boo re bo phelang hona joale. Boholo ba batho ba phelang lefatšeng ha bo hopole ho hang bo kile ba phela pele; leha e le hore bo nahana hore bo kile ba phela ka makhetlo a mang pejana.