Ena ke Nako ea ho Etsa Qeto
“Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng?”—1 MARENA 18:21.
1. Ke eng se etsang hore nako ea rōna e fapane hakaale le nako e fetileng?
NA U lumela hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete? Na u lumela seo boprofeta ba Bibele bo se bolelang ha bo re mehla ea rōna ke ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso e khopo ea Satane? (2 Timothea 3:1) Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore u tla lumela hore hona joale, ho feta leha e le neng pele, ke nako ea ho etsa qeto. Ha ho mohla bophelo ba batho bo kileng ba e-ba kotsing joaloka hona joale.
2. Ho ne ho etsahala’ng ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome ha ho ne ho busa Morena Akabe?
2 Lekholong la leshome la lilemo B.C.E., ho ile ha hlokahala hore sechaba sa Iseraele se etse qeto ea bohlokoa haholo. E ne e le qeto ea hore na se tla sebeletsa mang? Morena Akabe, ea neng a susumetsoa ke mosali oa hae oa mohetene, Jezebele, o ne a khothalletsa borapeli ba Baale ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome. Baale e ne e le molimo oa tsoalo le oa chai eo ho neng ho lebeletsoe hore a nese pula a be a fane ka chai. Ho ka etsahala hore ebe barapeli ba bangata ba Baale ba ne ba imeta seatla ebe ba se shebisa ka ho eena e le pontšo ea ho rapela setšoantšo sa molimo oa bona kapa ba ne ba se khumamela. Ka boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate le matekatse a tempeleng, barapeli ba Baale ba ne ba mo kōpa hore a hlohonolofatse lijalo tsa bona le mehlape ea bona. Ba ne ba boetse ba tloaetse ho itšeha e le hore ba tšolohe mali.—1 Marena 18:28.
3. Borapeli ba Baale bo ile ba fella ka eng ho batho ba Molimo?
3 Masala a Baiseraele ba ka bang 7 000 a ile a hana ho kopanela borapeling bona ba litšoantšo, ba boitšoaro bo bobe le ba pefo. (1 Marena 19:18) Ka botšepehi a ile a khomarela selekane seo a neng a se entse le Jehova Molimo, ’me ka lebaka leo a ile a hlorisoa. Ka mohlala, Mofumahali Jezebele o ile a bolaea baprofeta ba bangata ba Jehova. (1 Marena 18:4, 13) Ka lebaka la maemo ana a lekang, Baiseraele ba bangata ba ne ba kopanya litumelo, e le ha ba leka ho khahlisa Jehova le Baale. Empa e ne e le bokoenehi hore Moiseraele a furalle Jehova ebe o rapela molimo oa bohata. Jehova o ile a tšepisa Baiseraele hore o tla ba hlohonolofatsa haeba ba ne ba ka mo rata ba ba ba mamela litaelo tsa hae. Leha ho le joalo, o ile a ba lemosa hore haeba ba ke ke ba lebisa “boinehelo bo khethehileng” ho eena, ba ne ba tla felisoa.—Deuteronoma 5:6-10; 28:15, 63.
4. Jesu le baapostola ba hae ba ile ba bolela esale pele hore ho ne ho tla etsahala’ng har’a Bakreste, ’me see se phethahetse joang?
4 Bokreste-’mōtoana bo boemong bo tšoanang kajeno. Litho tsa kereke li ipitsa Bakreste, empa matsatsi a tsona a phomolo, boitšoaro ba tsona le litumelo tsa tsona ha li lumellane le lithuto tsa Bibele. Joaloka Jezebele, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba etella pele ho hlorisoa ha Lipaki Tsa Jehova. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba boetse ba tsebahala ka ho tšehetsa lintoa ’me kahoo ba ikarabella ka polao ea litho tse ngata haholo tsa likereke. Bibele e re ke bohlola ba moea ha bolumeli bo tšehetsa mebuso ea lefatše. (Tšenolo 18:2, 3) Ho phaella moo, Bokreste-’mōtoana bo tsoela pele ho lumella bohlola, esita le bo etsoang ke baruti ba bona. Jesu Kreste le baapostola ba hae ba ile ba bolela esale pele hore bokoenehi bona bo boholo bo tla etsahala. (Matheu 13:36-43; Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1, 2) Ebe qetellong ho tla etsahala’ng ka balateli baa ba limilione tse likete ba Bokreste-’mōtoana? Hona barapeli ba ’nete ba Jehova ba na le boikarabelo bofe ka bona le ka ba bang bohle ba thetsitsoeng ke bolumeli ba bohata? Re fumana karabo e hlakileng ea lipotso tsena ka ho hlahloba liketsahalo tse hlollang tse ileng tsa “felisa Baale Iseraele.”—2 Marena 10:28.
Lerato la Molimo ho Batho ba Hae ba Tsoileng Tseleng
5. Jehova o ile a bontša kameho e lerato joang ka batho ba hae ba tsoileng tseleng?
5 Jehova Molimo ha a thabele ho ahlola batho ba sa tšepahaleng ho eena. Joaloka Ntate ea lerato, o rata hore ba khopo ba bake ’me ba khutlele ho eena. (Ezekiele 18:32; 2 Petrose 3:9) Bopaki ba sena ke hore mehleng ea Akabe le Jezebele, Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba bangata ho lemosa batho ba Hae ka liphello tsa borapeli ba Baale. E mong oa baprofeta bao e ne e le Elia. Ka mor’a komello e senyang, e neng e boletsoe esale pele, Elia o ile a bolella Morena Akabe hore a bokelle Baiseraele le baprofeta ba Baale Thabeng ea Karmele.—1 Marena 18:1, 19.
6, 7. (a) Elia o ile a pepesa motso oa bokoenehi ba Baiseraele joang? (b) Baprofeta ba Baale ba ile ba etsa’ng? (c) Elia eena o ile a etsa’ng?
6 Seboka sena se ile sa tšoareloa setšeng sa aletare ea Jehova e neng “e qhaqhiloe,” mohlomong e le ho khahlisa Jezebele. (1 Marena 18:30) Ka masoabi, Baiseraele ba neng ba le teng ba ne ba sa tsebe hore na ke mang ea neng a hlile a ka nesa pula e neng e hlokahala haholo, hore na ebe e ne e le Jehova kapa Baale. Baale o ne a emetsoe ke baprofeta ba 450, athe Elia e ne e le eena feela moprofeta ea emetseng Jehova. Ha Elia a toba motso oa bothata ba sechaba, o ile a se botsa: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng?” Joale, ka mantsoe a bileng a leng bonolo haholo, o ile a teka bothata ka pel’a bona a re: “Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.” E le hore Elia a susumelletse Baiseraele ba qeaqeang hore ba inehele ka ho khetheha ho Jehova, o ile a etsa tlhahiso ea hore ho etsoe teko ea hore na Molimo oa ’nete ke mang. Ho ne ho tla etsoa sehlabelo ka lipoho tse peli, e ’ngoe e le ea Jehova ’me e ’ngoe e le ea Baale. Molimo oa ’nete o ne a tla chesa sehlabelo sa hae ka mollo. Baprofeta ba Baale ba ile ba lokisa sehlabelo sa bona, ’me ba ’na ba hoeletsa ka nako e telele: “Baale, re arabe!” Ha Elia a qala ho ba soma, ba ile ba itšeha ho fihlela mali a phalla, ’me ba hoeletsa haholo. Empa ha hoa ka ha e-ba le karabo.—1 Marena 18:21, 26-29.
7 Joale ho ile ha fihla nako ea Elia. O ile a qala ka ho tsosa aletare ea Jehova eaba o beha litho tsa pohoana holim’a eona. Ka mor’a moo, o ile a laela hore sehlabelo seo se tšeloe ka metsi a linkho tse ’nè tse khōlō. Sena se ile sa etsoa ka makhetlo a mararo ho fihlela foro e potolohileng aletare e tlala metsi. Eaba Elia oa rapela o re: “Jehova, Molimo oa Abrahama, Isaka le Iseraele, kajeno ho ke ho tsejoe hore ke uena Molimo Iseraele ’me ’na ke mohlanka oa hao le hore ke ka lentsoe la hao ke entseng lintho tsena tsohle. Nkarabe, Jehova, nkarabe, e le hore batho bana ba ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo oa ’nete le hore u khutlisitse lipelo tsa bona.”—1 Marena 18:30-37.
8. Molimo o ile a araba thapelo ea Elia joang, ’me moprofeta Elia o ile a nka bohato bofe?
8 Molimo oa ’nete o ile a araba Elia ka ho chesa sehlabelo le aletare ka mollo o tsoang leholimong. Mollo oo o ile oa chesa le metsi a ka forong e pota-potileng aletare! Nahana feela hore na Baiseraele ba ile ba ikutloa joang. “Kapele-pele ba itihela fatše ka lifahleho ’me ba re: ‘Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!’” Joale, Elia o ile a etsa qeto hape, a laela Baiseraele a re: “Tšoarang baprofeta ba Baale! Le se ke la lumella le ea mong oa bona ho phonyoha!” Baprofeta bohle ba Baale ba 450 ba ile ba bolaeloa mosikong oa Thaba ea Karmele.—1 Marena 18:38-40.
9. Barapeli ba ’nete ba ile ba boela ba lekoa joang?
9 Letsatsing lona leo le sa lebaleheng, Jehova o ile a nesetsa naha eo pula ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse tharo le halofo! (Jakobo 5:17, 18) Nahana feela hore na Baiseraele ba ne ba re’ng ha ba khutlela hae; Jehova o ne a bontšitse hore ke eena Molimo. Ho sa tsotellehe seo, barapeli ba Baale ha baa ka ba tela. Jezebele o ile a tsoela pele ka letšolo la hae la ho hlorisa bahlanka ba Jehova. (1 Marena 19:1, 2; 21:11-16) Kahoo, botšepehi ba batho ba Molimo bo ile ba lekoa hape. Na ba ne ba tla be ba inehetse ka ho khethehileng ho Jehova ha ho fihla letsatsi la hae la ho ahlola barapeli ba Baale?
Etsa Qeto Hona Joale
10. (a) Mehleng ea kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba etsa’ng? (b) Ho mamela taelo e ho Tšenolo 18:4 ho bolela’ng?
10 Mehleng ea kajeno, Bakreste ba tlotsitsoeng ba entse mosebetsi o kang oa Elia. Ka lipolelo le ka lingoliloeng, ba lemositse batho ba lichaba tsohle tsa Bokreste-’mōtoana le tseo e seng tsa Bokreste-’mōtoana hore bolumeli ba bohata bo kotsi. Ka lebaka leo, batho ba limilione ba entse qeto ea ho tlohela malumeli a bohata. Ba inehetse ho Jehova ’me ke barutuoa ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste. Ho hlakile hore ba mametse boipiletso bona bo potlakileng ba Molimo mabapi le bolumeli ba bohata: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.”—Tšenolo 18:4.
11. Ho hlokahala eng hore motho a amohelehe ho Jehova?
11 Le hoja batho ba bang ba limilione ba khahloa ke molaetsa o thehiloeng Bibeleng o boleloang hohle ke Lipaki Tsa Jehova, ba sa ntse ba sa tsebe hantle hore na ba lokela ho etsa’ng. Ba bang ba bona ba tla libokeng tsa Bokreste ka linako tse ling, tse kang mokete oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena kapa ba ba teng mananeong a itseng a kopano ea setereke. Re khothalletsa batho bohle ba joalo hore ba nahane ka hloko mantsoe ana a Elia: “Le tla palama terata ho fihlela neng?” (1 Marena 18:21, New English Bible) Ho e-na le ho lieha, ho hlokahala hore ba etse qeto hona joale ’me ka cheseho ba ikitlaelletse ho ba barapeli ba inehetseng le ba kolobelitsoeng ba Jehova. Ba ka ’na ba lahleheloa ke monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng!—2 Bathesalonika 1:6-9.
12. Bakreste ba bang ba kolobelitsoeng ba oetse boemong bofe bo kotsi, ’me ba lokela ho etsa’ng?
12 Ka masoabi, Bakreste ba bang ba kolobelitsoeng ha ba sa kopanela ka mehla tšebeletsong kapa ha ba etse letho ka borapeli ba bona. (Baheberu 10:23-25; 13:15, 16) Ba bang ha ba sa cheseha ka lebaka la ho tšaba ho hlorisoa, ho tšoenyeha ka hore na ba tla phela ka’ng, ho leka ho rua, kapa ho phehella menate ea boithati. Jesu o ile a lemosa hore lintho tsena li ne li tla khopa, li bipetse hape e be leraba ho balateli ba bang ba hae. (Matheu 10:28-33; 13:20-22; Luka 12:22-31; 21:34-36) Ho e-na le hore batho bana ba ‘qeaqee pakeng tsa maikutlo a mabeli,’ ba lokela ‘ho cheseha ’me ba bake’ ka ho etsa qeto ea ho phelela boinehelo ba bona ho Molimo.—Tšenolo 3:15-19.
Bolumeli ba Bohata bo Fela ka Tšohanyetso
13. Hlalosa hore na maemo a ne a le joang Iseraele ha Jehu a ne a tlotsetsoa borena.
13 Lebaka leo ka lona e leng ho potlakileng hore batho ba etse qeto hona joale le bonoa ka se ileng sa etsahala Iseraele hoo e ka bang lilemo tse 18 ka mor’a hore ho rarolloe khang ea hore na Molimo oa ’nete ke mang Thabeng ea Karmele. Letsatsi la hore Jehova a ahlole barapeli ba Baale le ile la tla ka tšohanyetso ebile le sa lebelloa nakong ea mohlahlami oa Elia, e leng Elisha. Mora oa Morena Akabe, e leng Jorame, o ne a busa Iseraele, ’me Jezebele o ne a ntse a phela e le eena mofumahali, ’mè oa morena. Elisha o ile a romela mohlanka oa hae ka lenyele hore a e’o tlotsa molaoli e moholo oa lebotho la Iseraele, e leng Jehu, hore e be morena e mocha. Nakong eo, Jehu o ne a le ka bochabela ho Jordane, a le Ramothe-gileade, a ntse a laola ntoa khahlanong le lira tsa Iseraele. Morena Jorame o ne a le Jezriele, phuleng e haufi le Megido, a ntse a ikoka leqeba la ntoa.—2 Marena 8:29–9:4.
14, 15. Jehu o ile a fuoa taelo efe, ’me o ile a etsa’ng?
14 Jehova o ile a laela Jehu hore a etse se latelang: “U hlasele ntlo ea morena oa hao Akabe, ’me ke tla pheteletsa mali a bahlanka ba ka baprofeta le mali a bahlanka bohle ba Jehova letsohong la Jezebele. Ntlo eohle ea Akabe e tla timela; . . . Lintja li tla jella Jezebele tšimong e Jezriele, ’me ha ho ea tla mo pata.”—2 Marena 9:7-10.
15 Jehu e ne e le monna ea sa qeaqeeng. Ka potlako feela o ile a kena ka koloing ea hae ea ntoa eaba o potlakela Jezriele. Molebeli ea neng a le Jezriele o ile a tseba Jehu ka tsela eo a palamang ka eona eaba o tlalehela Morena Jorame, ’me ka lebaka leo, Jorame o ile a kena koloing ea hae ea ntoa eaba o tsoa ho ea khahlametsa molaoli oa mabotho a hae. Ha ba khahlana, Jorame o ile a botsa: “Na khotso e teng, Jehu?” Jehu o ile a araba ka ho re: “Ke khotso ea eng e ka bang teng hafeela ho e-na le bohlola ba ’m’ao Jezebele le boloi ba hae bo bongata?” Joale, pele Morena Jorame a ka baleha, Jehu o ile a hula seqha sa hae eaba o bolaea Jorame ka motsu o ileng oa mo hlaba pelong.—2 Marena 9:20-24.
16. (a) Bahlanka ba lekhotla la Jezebele ba ile ba thulana le boemo bofe ba tšohanyetso? (b) Lentsoe la Jehova mabapi le Jezebele le ile la phethahala joang?
16 Jehu ha aa ka a senya nako, o ile a beisa koloi ea hae a ea motseng. Jezebele ea neng a inetile ka litlolo o ile a hlahela ka fensetere eaba o amohela Jehu ka litšoko. Jehu o ile a mo hlokomoloha eaba o batla batšehetsi: “Ke mang ea nang le ’na? Ke mang?” Joale, bahlokomeli ba Jezebele ba ne ba tlameha ho etsa qeto. Bahlanka ba babeli kapa ba bararo ba lekhotla ba ile ba hlaha ka lihlooho fensetereng. Ka potlako feela botšepehi ba bona bo ile ba lekoa. Jehu o ile a ba laela: “Mo liheleng!” Bahlanka bao ba ile ba lihela Jezebele seterateng, moo a ileng a hatikeloa ke lipere le koloi ea Jehu. Kahoo, motho ea neng a hlohleletsa borapeli ba Baale Iseraele o ile a kotula litholoana tsa mesebetsi ea hae. Pele ho ka ba le nako ea hore a patoe, lintja li ile tsa ja linama tsa hae joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele.—2 Marena 9:30-37.
17. Kahlolo eo Molimo a ileng a ahlola Jezebele ka eona e lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna bakeng sa ketsahalo efe e tlang?
17 Seotsoa sa tšoantšetso, se bitsoang “Babylona e Moholo,” se tla felisoa ka tsela e tšosang joalo. Seotsoa sena se tšoantšetsa malumeli a bohata a lefatše la Satane, a simolohileng motseng oa boholo-holo oa Babylona. Ha bolumeli ba bohata bo se bo felisitsoe, Jehova Molimo o tla shebana le batho bohle ba mekhatlo eo e seng ea bolumeli ea lefatše la Satane. Le bona ba tla timetsoa e le hore ho lokisetsoe lefatše le lecha la ho loka.—Tšenolo 17:3-6; 19:19-21; 21:1-4.
18. Ka mor’a lefu la Jezebele, ho ile ha etsahala’ng ka barapeli ba Baale Iseraele?
18 Ka mor’a lefu la Jezebele, Morena Jehu o ile a potlakela ho bolaea bana bohle ba Akabe le batšehetsi ba hae ba ka sehloohong. (2 Marena 10:11) Empa Baiseraele ba bangata ba rapelang Baale ba ne ba ntse ba le teng ka hare ho naha. Jehu o ile a etsa qeto e le hore a bontše “ho se mamelle . . . tlhōlisano ea letho e lebisitsoeng ho Jehova.” (2 Marena 10:16) Jehu o ile a iketsa eka ke morapeli oa Baale eaba o hlophisa mokete o moholo tempeleng ea Baale eo Akabe a neng a e hahile Samaria. Barapeli bohle ba Baale ba Iseraele ba ile ba tla moketeng oo. Ba ile ba qabelloa ka tempeleng eaba banna ba Jehu ba ba bolaea kaofela ha bona. Bibele e qetella tlaleho ena ka mantsoe ana: “Kahoo Jehu a felisa Baale Iseraele.”—2 Marena 10:18-28.
19. “Bongata bo boholo” ba barapeli ba tšepahalang ba Jehova bo letetsoe ke eng ea bohlokoa?
19 Borapeli ba Baale bo ile ba felisoa ka ho feletseng Iseraele. Ka tsela e tšoanang, malumeli a bohata a lefatše lena a tla felisoa ka tšohanyetso le ka tsela e tšosang. U tla ba ka lehlakoreng la mang letsatsing leo le leholo la kahlolo? Etsa qeto hona joale, ’me mohlomong u ka fuoa tokelo ea ho akarelletsoa har’a “bongata bo boholo” ba batho ba tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo.’ Kahoo, u tla khona ho hopola ka thabo nako e fetileng ebe u rorisa Molimo ha a ahlotse “seotsoa se seholo se ileng sa bolisa lefatše ka bohlola ba sona.” Uena le barapeli ba bang ba ’nete, le tla lumellana le mantsoe ana a babatsehang a libini tsa leholimo, a reng: “Rorisang Jah, hobane Jehova Molimo oa rōna, ea Matla ’Ohle, o qalile ho busa e le morena.”—Tšenolo 7:9, 10, 14; 19:1, 2, 6.
Lipotso Tseo re ka Thuisang ka Tsona
• Ke joang Baiseraele ba boholo-holo ba ileng ba e-ba molato oa borapeli ba Baale?
• Bibele e ile ea bolela esale pele ka bokoenehi bofe bo boholo, ’me boprofeta boo bo phethahalitsoe joang?
• Jehu o ile a felisa borapeli ba Baale joang?
• Re lokela ho etsa’ng e le hore re tle re pholohe letsatsi la Molimo la kahlolo?
[’Mapa o leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Soko
Afeke
Helkathe
Jokneame
Megido
Tanake
Dothane
SAMARIA
Ene-dore
Shuneme
Ofra
Jezriele
Ibleame (Gathe-rimone)
Tirza
Bethe-shemeshe
Bethe-sheane (Bethe-shane) (Scythopolis)
Jabeshe-gileade?
Abele-mehola
Ntlo ea Arbele
Ramothe-gileade
Mountain Peaks
Thaba ea Karmele
Thaba ea Tabore
More
Thaba ea Gilboa
[Metsi]
Leoatle la Mediterranean
Leoatle la Galilea
[River]
Nōka ea Jordane
[Spring and well]
Seliba sa Harode
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on maps copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Ho kopanela kamehla boboleling ba ’Muso le ho ba teng libokeng tsa Bokreste ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]
Joaloka Jehu, bohle ba batlang ho pholoha letsatsi la Jehova ba lokela ho etsa qeto