Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?
    Molula-Qhooa—2013 | August 15
    • SEO ELISHA A ILENG A SE BONA

      Molimo o ile a talima kōpo ea Elisha ea ho batla likarolo tse peli tsa moea oa Elia joang? Tlaleho e re: “Eitse ha ba ntse ba tsamaea, ba bua ba ntse ba tsamaea, bonang! koloi ea ntoa ea mollo le lipere tsa mollo, tsa ba arohanya; Elia a nyolohela maholimong ka sefefo. Nakong eo eohle Elisha o ne a ho bona.”a Eo e ne e le karabo ea Jehova kōpong ea Elisha. Elisha o ile a bona ha Elia a tlosoa ho eena, a amohela likarolo tse peli tsa moea oa Elia, ’me ea e-ba mojalefa oa lintho tsa moea oa moprofeta eo.—2 Mar. 2:11-14.

  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?
    Molula-Qhooa—2013 | August 15
    • Ha ho pelaelo hore Elisha o ile a angoa haholo ke ketsahalo eo a ileng a e bona ea ha Elia a nyoloha ka sefefo. Ho feta moo, hase kamehla motho a bonang likoloi tsa ntoa tsa mollo le lipere! Li ile tsa fana ka bopaki ba hore ka sebele Jehova o ananetse kōpo ea Elisha. Ha Molimo a araba lithapelo tsa rōna, ha re bone likoloi tsa ntoa tsa mollo kapa lipere. Empa re ka lemoha hore Molimo o sebelisa matla a maholo ho tiisa hore thato ea hae e ea phethoa. Hape, ha re hlokomela hore Jehova o hlohonolofatsa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae, ha e le hantle re “bona” ha koloi ea hae ea leholimo e tsamaea.—Ezek. 10:9-13.

  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?
    Molula-Qhooa—2013 | August 15
    • a Elia ha aa ka a nyolohela leholimong leo ho lona ho lulang Jehova le mangeloi a hae a moea. Sheba Molula-Qhooa oa September 15, 1997, leqepheng la 15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela