Jeokrafi ea Bibele—Na e Nepahetse?
LETSATSI le sa tsoa likela Palestina. Selemo ke 1799. Ka mor’a letsatsi le chesang le macha, Lebotho la Fora le ne le hlomme litente ka nakoana, ’me Napoléon, molaoli oa lebotho, o phomotse tenteng ea hae. E mong oa bahlanka ba hae o balla holimo ho tsoa Bibeleng ea Sefora a sebelisa khanya e fokolang ea kerese.
Kamoo ho bonahalang ka teng sena se etsahetse hangata phutuhong ea sesole ea Napoléon Palestina. Hamorao o ile a ngola litlalehong tsa hae: “Ha re ne re hlomme litente ka nakoana masuping a metse eo ea boholo-holo, ba ne ba bala Lengolo mantsiboea a mang le a mang . . . Ho tšoana le ’nete ea litlhaloso e ne e hlolla: li sa ntse li tšoana le naha ena ka mor’a makholo a mangata a lilemo le liphetoho tse bileng teng.”
Ka sebele, baeti Bochabela bo Hare ba fumana ho le bonolo ho bapisa liketsahalo tsa Bibele le libaka tsa kajeno. Pele Lebotho la Fora le hlōla Egepeta, melata e ne e tseba ho honyenyane ka naha eo ea boholo-holo. Eaba bo-rasaense le liithuti, bao Napoléon a neng a ba tlisitse Egepeta, ba qala ho hlahisetsa lefatše lintlha tse qaqileng ka boholo bo hlollang ba Egepeta ea pele. Sena se ile sa nolofatsa ho bona ka mahlo a kelello “bokhoba bo matla” boo Baiseraele ba kileng ba ba tlas’a bona.—Exoda 1:13, 14, NW.
Bosiung boo ba ileng ba lokolloa Egepeta, Baiseraele ba ile ba bokana Ramsese ’me eaba baa macha ho ea “moeling oa lefeella.” (Exoda 12:37; 13:20) Karolong ena, Molimo o ile a ba laela hore “ba khelohe” ’me ba “hlome litente maloka le . . . leoatle.” Mokhoa o joalo oa ho tsamaea o ile oa hlalosoa e le oa batho “ba lahlehileng har’a naha,” ’me morena oa Egepeta o ile a ba latela le lebotho la hae la makoloi a ntoa a 600 ho tšoara hape makhoba a hae a pele.—Exoda 14:1-9.
Phallo
Ho ea ka Josephus, rahistori oa lekholo la pele la lilemo C.E., lebotho la Egepeta le ile la khannela Baiseraele “sebakeng se patisaneng” ’me la ba thibella “pakeng tsa lilomo tse ke keng tsa finyelloa le leoatle.” Sebaka se tobileng seo Baiseraele ba tšetseng Leoatle le Lefubelu ho sona hase tsejoe ka ho toba kajeno. Leha ho le joalo, ho bonolo ho bona ketsahalo ena ka mahlo a kelello ha u le tlhōrōng ea thaba u talimile u le karolong e ka leboea ea Leoatle le Lefubelu. Ka ho thahasellisang, thaba e bitsoa Jebel ʽAtaqah, ho bolelang “Thaba ea Topollo.” Pakeng tsa mokoloko ona oa lithaba le Leoatle le Lefubelu ho na le thota e bang tšesaane ntlheng eo maralla a tlaase a kenellang hoo e ka bang leoatleng. Ka lehlakoreng le ka thōko ho Leoatle le Lefubelu ke sebaka se setala, se nang le liliba tse ngata, tse bitsoang ʽAyun Musaʼ, ho bolelang “liliba tsa Moshe.” Sebaka se lehlabathe se ka tlas’a leoatle pakeng tsa lintlha tsena tse peli se theohela tlaase hanyenyane, athe libakeng tse ling ke mothipoloha oa botebo bo pakeng tsa limithara tse 9 le 18.
Litsebi tse se nang tumelo tsa thuto ea bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana li lekile ho hana mohlolo oo Molimo a o entseng ha a arohanya metsi a Leoatle le Lefubelu ’me a etsa hore Baiseraele ba phonyohe ba hatile mobung o ommeng. Ba tlosa ketsahalo ena ho e beha mokhoabong o sa tebang ka leboea ho Leoatle le Lefubelu. Empa sebaka seo hase lumellane le tlaleho ea Bibele, eo ka ho pheta-pheta e bolelang hore ba ile ba tšela Leoatle le Lefubelu sebakeng se nang le metsi a mangata ka ho lekaneng ho ka etsa hore Faro le lebotho la hae kaofela ba qoele, e, ho ba koahela kaofela.—Exoda 14:26-31; Pesaleme ea 136:13-15; Ba-Heberu 11:29.
Lefeella la Sinai
Maemo a thata a fumanoang Hlohleng ea Sinai a bontšoa ka ho hlaka tlalehong ea Bibele ea ho lelera ha Baiseraele. (Deuteronoma 8:15) Kahoo, na sechaba sohle se ne se ka bokana tlaase ho Thaba ea Sinai ho amohela Molao oa Molimo ’me hamorao se suthele morao ho “ikemela hōle”? (Exoda 19:1, 2; 20:18) Na ho na le sebaka se seholo ka ho lekaneng ho lumella motsamao o joalo oa letšoele le lekanyetsoang hore le ne le e-na le palo ea limillione tse tharo?
Moeti oa lekholo la bo19 la lilemo hape e le setsebi sa Bibele, Arthur Stanley, o ile a etela sebaka sa Thaba ea Sinai ’me a hlalosa seo sehlopha sa hae se se boneng ka mor’a ho hloa Ras Safsafa: “Phello ho rōna, joaloka ho e mong le e mong ea e boneng le ho e hlalosa, e ne e le e itlelang hang-hang. . . . Mona ho ne ho e-na le thota e khōlō e tebileng e tšehla e theohelang botlaaseng ba lilomo . . . Ha u hlokomela hore ho ne ho se sebaka se joalo se kopantseng thota le thaba sebakeng sena, ruri ke bopaki ba bohlokoa ’neteng ea pale eo, hore sebaka se le seng se joalo se kopanyang ketsahalo se ka fumanoa, ’me se le har’a tikoloho ea Sinai ea boholo-holo.”
Naha e Tšepisitsoeng
Selemong sa bo40 sa ho lelera ha Iseraele lefeelleng, Moshe o ile a fana ka tlhaloso ena ea litšobotsi tsa naha eo ba neng ba tla kena ho eona: “Jehova, Molimo oa hao, o ea u kenya lefatšeng le molemo, lefatše la melapo, la liliba, la matša, la metsi a kollang likhutlong le lithabeng.”—Deuteronoma 8:7.
Ho nepahala ha tšepiso ena ho ile ha etsahala hang ha sechaba sohle se bokana kaofela—banna, basali, bana, le bajaki—khohlong e nang le metsi a mangata ea Sikeme e pakeng tsa Thaba ea Ebale le Thaba ea Gerizime. Botlaaseng ba Thaba ea Gerizime ho ne ho eme meloko e tšeletseng. Meloko e meng e tšeletseng e ile ea bokana lehlakoreng le bapileng le khohlo botlaaseng ba Thaba ea Ebale ho utloa litlhohonolofatso tsa Molimo tseo sechaba se neng se tla li thabela haeba se mamela Molao oa Jehova le lithohako tse tla latela haeba se hlōleha ho boloka Molao oa Molimo. (Joshua 8:33-35) Empa na ho ne ho e-na le sebaka se lekaneng bakeng sa hore sechaba se lekane khohlong eo e patisaneng? ’Me kaofela ha bona ba ile ba utloa joang ntle le lisebelisoa tsa kajeno tsa ho hōlisa molumo oa lentsoe?
Jehova Molimo o ne a ka ’na a hōlisa ka mohlolo molumo oa mantsoe a Balevi. Leha ho le joalo, ho bonahala mohlolo o joalo o ne o sa hlokahale. Tsamaiso ea molumo khohlong ena ke e ntle ka ho fetisisa. Setsebi sa Bibele sa lekholo la bo19 la lilemo Alfred Edersheim se ngotse: “Baeti bohle ba lumellana lintlheng tse peli: 1. Hore ho ne ho ke ke ha e-ba le bothata leha e ka ba bofe ba ho utloa ka ho hlaka u le Ebale le Gerizime ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e buuoa khohlong. 2. Hore lithaba tsena tse peli li ne li fana ka lebala le lekaneng la ho ema bakeng sa Baiseraele kaofela.”
Setsebi se seng sa Bibele sa lekholo la bo19 la lilemo, William Thomson, o ile a hlalosa phihlelo ea hae khohlong eo bukeng ea hae The Land and the Book: “Ke ile ka hoeletsa ho utloa molumo oa lentsoe o sallang, ’me ebe ke nahana kamoo ho tlamehang ho ne ho le ka teng ha Balevi ka mantsoe a phahameng ba phatlalatsa . . . ‘Ho rohakoe motho e mong le e mong ea etsang setšoantšo leha e ka ba sefe se rapeloang, e leng manyala ho Jehova.’ Ebe joale AMEN! e matla e utloahala e ipheta haleshome ka boholo, e e-tsoa phuthehong e matla, e phahama, e eketseha, ’me molumo oa lentsoe o ipheta-pheta ho tsoa Ebale ho ea Gerizime, le ho tsoa Gerizime ho ea Ebale.”—Bapisa le Deuteronoma 27:11-15.
Phula ea Jizreele
Ho ea ka leboea ho Sikeme ho na le phula e ’ngoe e nonneng, e phahamang ho tsoa tlaase ho bophahamo ba leoatle ’me e buleha ho ba thota e khōlō. Sebaka sena sohle se bitsoa Phula ea Jizreele, e bitsoa ka motse oa Jizreele. Ho ea ka leboea ho phula ho na le maralla a Galilea moo motse oa habo Jesu, Nazaretha, o neng o le teng. George Smith bukeng ea hae The Historical Geography of the Holy Land oa hlalosa: “Nazaretha e karolong e tlaase har’a maralla; empa hang ha u hloella karolong e ka holimo ho tsoa tlaase, . . . u bona ponahalo e ntle hakaakang! [Phula ea Jizreele] e pel’a hao, ka . . . mabala a eona a ntoa . . . Ke ’mapa oa histori ea Testamente ea Khale.”
Phuleng ena ea thota, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla masupi a metse ea mebuso e ileng ea hlōloa ke Iseraele mehleng ea Joshua, mabitso a eona ke Taanake, Megiddo, Jokneame, mohlomong le Kedeshe. (Joshua 12:7, 21, 22) Karolong eona ena, matsatsing a Moahloli Barake le Moahloli Gideone, ka mohlolo Jehova o ile a pholosa batho ba hae lichabeng tsa lira tse matla ka ho fetisisa.—Baahloli 5:1, 19-21; 6:33; 7:22.
Makholo a lilemo hamorao, Morena Jehu o ile a tla a palame pere khohlong ena motseng oa Jizreele ho phethahatsa kahlolo ea Jehova ho Jezebele le ntlo ea bokoenehi ea Akabe. Ho ne ho ka ba bonolo ho bona ho elella ka bochabela mabotho a Jehu a atamela ho tsoa bohōleng ba lik’hilomithara tse 19 ha u le qhooeng ea ho lebela e Jizreele. Kahoo, ho ne ho na le nako e lekaneng bakeng sa Morena Jorame ho romela lenģosa la pele le la bobeli ka pere ’me, qetellong, bakeng sa morena Jorame oa Iseraele le morena Akazia oa Juda ho qhana lipere tsa bona le ho ea kopana le Jehu pele a fihla motseng oa Jizreele. Jehu o ile a bolaea Jorame kapele. Akazia o ile a baleha empa hamorao a tsoa leqeba le bolaeang, ’me o ile a shoela Megiddo. (2 Marena 9:16-27) Mabapi le libaka tsa ntoa joaloka e ka holimo, George Smith oa ngola: “Hoa makatsa hore lipaleng tsohle . . . ha ho boemo ba jeokrafi boo e neng e ke ke ea e-ba ’nete.”
Ha ho pelaelo hore hangata Jesu o ne a sheba tlaase Phuleng ea Jizreele ’me a thuise ka litlhōlo tse tsotehang tse etsahetseng moo, a tseba hore eena, Messia ea tšepisitsoeng, o ne a lebeletsoe ho phethahatsa karolo ea Joshua e Moholoanyane, Barake e Moholoanyane, Gideone e Moholoanyane, le Jehu e Moholoanyane ho tloseng qoso bobusing ba Jehova. Ka sebele, Bibele e sebelisa Megiddo, motse o sebakeng se molemo ka ho fetisisa thoteng ea phula ena, e le e emelang sebaka sa ntoa ea Molimo ea Harmagedone (e bolelang “Thaba ea Megiddo”). Eo e tla ba ntoa ea lefatše lohle eo ho eona Jesu Kreste, Morena oa marena, a tlang ho timetsa lira tsohle tsa Molimo le tsa phutheho ea Bakreste, batho ba ’nete ba Molimo.—Tšenolo 16:16; 17:14.
Bibele e tlaleha hore Bajode ba halefileng ba Nazaretha ba kile ba leka ho bolaea Jesu ka ho mo lihela “selomong sa thaba eo motse oa bona o hahiloeng holim’a eona.” (Luka 4:29) Ka ho thahasellisang, ho ea boroa-bophirimela ba motse oa kajeno oa Nazaretha ho na le selomo se limithara tse 12 moo ketsahalo ena e neng e ka etsahala ho sona. Jesu o ile a phonyoha lireng tsa hae, ’me Bibele ea eketsa ka hore o ile a “theohela Kapernauma.” (Luka 4:30, 31) Ka sebele, Kapernauma, Leoatleng la Galilea, e bophahamong bo tlaase haholo.
Lintlha tsena le tse ling tse ngata li entse ba bangata ntle ho Napoléon ho makalla ho nepahala ha jeokrafi ea Bibele. Ho The Land and the Book Thomson o ngotse: “Litšupiso tsa [Bibele] sebōpehong sa naha li ngata haholo, hape ke tse khotsofatsang ka ho feletseng.” Ho Sinai and Palestine Stanley o re: “Ho ke ke ha etsahala hore u se khahloe ke tumellano ea ka mehla pakeng tsa histori e tlalehiloeng le jeokrafi ea tlhaho ea Testamente ea Khale le e Ncha.”
Ho nepahala ho makatsang ha Bibele mabapi le lintho tsa jeokrafi e mpa e le bopaki bo bong ba hore hase buka e qapiloeng feela ke batho. Litokollo tse tharo tse ka pele tsa Molula-Qhooa li ne li e-na le lihlooho tse maloka le Bibele. Re u memela hore u iphumanele le ho thabela likarolo tse ling tse tharo tatellanong ena.
[’Mapa o leqepheng la 7]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
PHULA EA JIZREELE
Jizreele
Nazaretha
Taanake
Megiddo
Jokneame
Kedeshe
N
LEOATLE LA GALILEA
LEOATLE LE LEHOLO
limaele
lik’hilomithara
5
10
10
20
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on a map copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Baiseraele ba fumane Molao Thabeng ea Sinai
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.