Mongolo oa Boholo-holo oa Cuneiform le Bibele
KA MOR’A hore puo ea batho e ferekanngoe Babele, ho ile ha hlaha mekhoa e fapa-fapaneng ea ho ngola. Batho ba neng ba lula Mesopotamia, ba kang Basumere le Bababylona, ba ne ba sebelisa mongolo oa cuneiform. Lentsoe lena le tsoa lentsoeng la Selatine le bolelang “ntho e motlorutlo” ’me le bolela letšoao le likhutlo li tharo le etsoang ka ntho e kang pene e neng e sebelisoa ho ngola letsopeng le metsi.
Baepolli ba lintho tsa khale ba epollotse lingoliloeng tse ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform tseo ho tsona ho buuoang ka batho le liketsahalo tse boletsoeng ka Mangolong. Re tseba eng ka mokhoa oo oa boholo-holo oa ho ngola? Hona lingoliloeng tsee li fana ka bopaki bofe ba hore Bibele ea tšepahala?
Litlaleho Tse Nkileng Nako e Telele li le Teng
Litsebi li lumela hore qalong, Mesopotamia ho ne ho sebelisoa litšoantšo e le tsona mokhoa oa ho ngola, lentsoe kapa maikutlo a itseng a ne a emeloa ke letšoao kapa setšoantšo. Ka mohlala, qalong letšoao le neng le emela poho le ne le shebahala joaloka hlooho ea poho. Ha tlhokahalo ea hore ho bolokoe litlaleho e ntse e eketseha, mongolo oa cuneiform o ile oa ntlafatsoa. NIV Archaeological Study Bible e fana ka tlhaloso ena: “Joale, matšoao a ne a ke ke a emela mantsoe feela, empa hape a ne a ka kopanngoa hore a emele linoko tsa mantsoe.” Qetellong, matšoao a sa tšoaneng a ka bang 200 a ile a etsa hore mongolo oa cuneiform “e be puo ea sebele, ka ho rarahana hohle ha eona le sebōpeho sohle sa eona.”
Mehleng ea Abrahama, hoo e ka bang ka 2 000 B.C.E., mongolo oa cuneiform o ne o se o tsoetse pele. Makholong a lilemo a latelang a 20, lipuo tse ka bang 15 li ile tsa sebelisa mokhoa oo oa ho ngola. Lingoliloeng tsa mongolo oa cuneiform tse fetang 99 ho tse lekholo tse ileng tsa fumanoa, li ne li ngotsoe matlapeng a letsopa. Lilemong tse fetang 150 tse fetileng, matlapa a mangata a joalo a fumanoe Ure, Uruk, Babylona, Nimrud, Nippur, Ashur, Nineve, Mari, Ebla, Ugarit le Amarna. Archaeology Odyssey e re: “Litsebi li hakanya hore matlapa a cuneiform a seng a epolotsoe a ka ba pakeng tsa milione le limilione tse peli, ’me selemo le selemo ho fumanoa a mang a ka bang 25 000.”
Litsebi tsa mongolo oa cuneiform lefatšeng lohle li na le mosebetsi o moholo oa ho fetolela. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, “ke hoo e ka bang sengoliloeng se 1 ho tse 10 tsa cuneiform tse teng se kileng sa baloa leha e se e le hanngoe feela mehleng ea kajeno.”
Ho sibolloa ha lingoliloeng tse neng li ngotsoe ka lipuo tse peli kapa tse tharo ka mongolo oa cuneiform ho ile ha thusa hore ho hlalosoe mongolo oo. Litsebi li ile tsa hlokomela hore lingoliloeng tsena li ne li e-na le boitsebiso ka lipuo tse sa tšoaneng tseo kaofela ha tsona li neng li ngotsoe ka mongolo oa cuneiform. Se ileng sa thusa ho utloisisa mokhoa ona oa ho ngola e bile ho hlokomela hore mabitso, litlotla, lesika la babusi esita le mantsoe a ho ithorisa li ne li pheta-phetoa hangata.
Ka bo-1850 litsebi li ne li khona ho bala puo e tloaelehileng ea Bochabela bo Hare, Seakadia, kapa Seassyria se kopaneng le Sebabylona, ka mongolo oa cuneiform. Encyclopædia Britannica e fana ka tlhaloso ena: “Eitse hang feela ha ho se ho utloisisoa Seakkadia, mokhoa ona oa ho ngola le oona o ile oa utloisisoa, ’me seo se ile sa thusa hore ho hlalosoe lipuo tse ling tse neng li ngotsoe ka mongolo oa cuneiform.” Lingoliloeng tsee li amana joang le Mangolo?
Bopaki bo Lumellanang le Bibele
Bibele e bolela hore Jerusalema e ne e busoa ke marena a Bakanana ho fihlela ha Davida a e hapa hoo e ka bang ka 1070 B.C.E. (Josh. 10:1; 2 Sam. 5:4–9) Empa litsebi tse ling li ne li belaella sena. Leha ho le joalo, ka 1887 mosali e mong oa molemi o ile a fumana letlapa la letsopa Amarna, Egepeta. Ka mor’a hore lingoliloeng tse ka bang 380 tse ileng tsa fumanoa moo li fetoleloe, litsebi li ile tsa hlokomela hore lingoliloeng tseo e ne e le mangolo a ’muso ao babusi ba Egepeta (Amenhotep III le Akhenaton) ba neng ba a ngollana le mebuso ea Bakanana. Mangolo a tšeletseng a ne a tsoa ho ‘Abdi-Heba, ’musi oa Jerusalema.
Biblical Archaeology Review e re: “’Nete ea hore matlapa a Amarna a bolela ka ho hlaka hore Jerusalema e ne e le toropo eseng naha, le hore ‘Abdi-Heba . . . e ne e le ’musisi ea neng a e-na le ntlo le masole a 50 a Egepeta a neng a behiloe Jerusalema, e fana ka maikutlo a hore Jerusalema e ne e le ’muso o monyenyane o lerallaneng.” Hamorao koranta eona eo e ile ea re: “Ho ea ka mangolo a Amarna, re ka kholiseha hore sebakeng seo, ho ne ho e-na le motse oo e neng e le oa bohlokoa mehleng eo.”
Mabitso a Litlalehong Tsa Assyria le Tsa Babylona
Baassyria ba ne ba ngola histori ea bona matlapeng a letsopa, le meqomong e chitja, meqomong e likhutlo le liemahaleng, ’me Bababylona le bona ba ile ba etsa joalo hamorao. Kahoo ha litsebi li hlalosa mongolo oa cuneiform oa Seakkadia, li ile tsa fumana hore lingoliloeng tseo le tsona li ne li bua ka batho bao Bibele le eona e buang ka bona.
Buka e bitsoang The Bible in the British Museum e re: “Ka 1870, ha Dr Samuel Birch a ne a bua le litho tsa Society of Biblical Archaeology e neng e sa tsoa thehoa, o ile a khona ho khetholla ka [lingoliloeng tsa cuneiform mabitso a] marena a Baheberu e leng Omri, Akabe, Jehu, Azaria . . . , Menaheme, Pekah, Hoshea, Ezekiase le Manase, a marena a Assyria e leng, Tiglathe-Pilesere . . . [III], Sargone, Sankeribe, Esarhaddone le Asnapare, . . . le a Syria e leng, Benhadade, Hazaele le Rezine.”
Buka e bitsoang The Bible and Radiocarbon Dating e bapisa histori ea Bibele ea Iseraele le Juda le lingoliloeng tsa boholo-holo tsa mongolo oa cuneiform. Liphello tsa seo e bile life? “Ka kakaretso, ho hlaha marena a 15 kapa a 16 a Juda le a Iseraele litlalehong tsa linaha tse ling tsa nakong eo, ’me mabitso a ’ona hammoho le linako tseo a phetseng ka tsona li lumellana le boitsebiso bo ngotsoeng [bukeng ea Bibele ea] Marena. Marena ao ’ohle a boletsoeng litlalehong tsa linaha tse ling a se a ntse a boletsoe bukeng ea Bibele ea Marena.”
Mongolo o mong o tsebahalang oa cuneiform o ileng oa fumanoa ka 1879, Moqomong oa Cyruse, o tlaleha hore ka mor’a ho hapa Babylona ka 539 B.C.E., Cyruse o ile a sebelisa molao oa hae oa ho khutlisetsa batšoaruoa linaheng tsa habo bona. Ba bang ba ileng ba rua molemo taelong eo e ne e le Bajuda. (Esdr. 1:1-4) Litsebi tse ngata tsa lekholong la bo-19 la lilemo li ne li belaella bonnete ba taelo eo e qotsitsoeng ka Bibeleng. Leha ho le joalo, litlaleho tsa mongolo oa cuneiform tsa mehleng ea Persia, tse akarelletsang Moqomo oa Cyruse, li fana ka bopaki bo kholisang ba hore tlaleho ea Bibele e nepahetse.
Ka 1883, ho ile ha fumanoa polokelo ea litokomane tsa khale tse fetang 700 tsa mongolo oa cuneiform, Nippur, haufi le Babylona. Har’a mabitso a 2 500 a boletsoeng moo, a ka bang 70 ho ka boleloa hore ke a Bajuda. Rahistori Edwin Yamauchi o bolela hore “a hlaha e le a batho ba kenang litumellanong, baemeli, lipaki, babokelli ba lekhetho le bahlanka ba baholo ba borena.” Bopaki ba hore Bajuda ba ile ba tsoela pele ho etsa mesebetsi e joalo haufi le Babylona nakong eo, ke ba bohlokoa. Bo tiisa mantsoe a Bibele a boprofeta a ileng a bolela hore le hoja “masala” a Iseraele a ile a khutlela Judea a tsoa botlamuoeng Assyria le Babylona, ba bangata ha baa ka ba khutla.—Esa. 10:21, 22.
Lekholong la pele la lilemo B.C.E., mongolo oa cuneiform o ne o ngoloa o bapile le mongolo oa alfabeta. Empa qetellong Bassyria le Babylona ba ile ba tlohela mongolo oa cuneiform ba sebelisa oa alfabeta.
Ho sa ntse ho tla ithutoa matlapa a makholo a likete a bolokiloeng limusiamong. Ao litsebi li seng li a hlalositse a fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Bibele ea tšepahala. Ke mang ea tsebang hore na lingoliloeng tse e-s’o ithutoe li ka ’na tsa hlahisa bopaki bofe bo bong?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
Photograph taken by courtesy of the British Museum