Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esdrase
BUKA ea Bibele ea Esdrase e qala tlaleho ea eona moo buka ea Likronike Tsa Bobeli e feletseng teng. Mongoli oa eona, e leng moprista Esdrase o qala tlaleho eo ka taelo ea Morena Cyruse oa Persia e lumellang masala a Bajuda a isitsoeng botlamuoeng Babylona hore a khutlele naheng ea habo ’ona. Tlaleho eo e phethela ka ho bolela mehato eo Esdrase a ileng a e nka hore a hloekise ba neng ba itšilafalitse ka batho ba linaha lisele. Ka kakaretso, buka ena e akaretsa nako ea lilemo tse 70—ho tloha ka 537 ho isa ka 467 B.C.E.
Ha Esdrase a ngola buka ena, sepheo sa hae se ne se hlakile: e ne e le ho bontša kamoo Jehova a ileng a phethahatsa kateng tšepiso ea ho lokolla batho ba Hae botlamuoeng Babylona le hore a tsosolose borapeli ba ’nete Jerusalema. Kahoo, Esdrase o totobatsa feela liketsahalo tse amanang le morero ona. Buka ea Esdrase e tlaleha kamoo tempele e ileng ea hahuoa bocha kateng le kamoo borapeli ba Jehova bo ileng ba boela ba tsosolosoa ho sa tsotellehe ho hanyetsoa le ho se phethahale ha batho ba Molimo. Re thahasella tlaleho eo haholo hobane le rōna re phela nakong ea tsosoloso. Ba bangata ba phallela ‘thabeng ea Jehova,’ ’me lefatše lohle le mothating oa ho “tlala ho tseba khanya ea Jehova.”—Esaia 2:2, 3; Habakuke 2:14.
TEMPELE E HAHUOA BOCHA
E le ha ba mamela taelo ea Cyruse ea tokoloho, Bajuda ba ka bang 50 000 ba neng ba le kholehong ba ile ba khutlela Jerusalema ba eteletsoe pele ke ’Musisi Zorobabele, kapa Sheshebazare. Kapele-pele, batho ba khutlang kholehong ba ile ba hloma aletare sebakeng sa eona ’me ba qala ho etsetsa Jehova mahlabelo.
Selemong se latelang Baiseraele ba ile ba rala motheo oa ntlo ea Jehova. Lira tsa bona li ile tsa ’na tsa sitisa mosebetsi oo oa tsosoloso ’me qetellong tsa atleha ho fumana taelo ea morena ea hore mosebetsi oo o emisoe. Ho sa tsotellehe thibelo eo, moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria ba ile ba tsosa sechaba molota e le hore se tsosolose mosebetsi oa ho haha. Ka lebaka la ho tšaba taelo e sa fetoloeng ea Bapersia e ileng ea ntšoa qalong ke Cyruse, bahanyetsi ba bona ba ile ba khaoha mokoka. Ba boholong ba ile ba laela hore ho etsoe phuputso ’me ha fumanoa taelo ea Cyruse “malebana le ntlo ea Molimo e Jerusalema.” (Esdrase 6:3) Mosebetsi o ile oa tsoela pele hantle ho fihlela o qetoa.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:3-6—Na Baiseraele ba sa kang ba ithaopela ho khutlela naheng ea habo bona ba ne ba fokola tumelong? E ka ’na eaba ba bang ha baa ka ba khutlela Jerusalema kahobane ba ne ba rata lintho tse bonahalang kapa ba sa ananele borapeli ba ’nete, empa hase bohle ba ileng ba sitisoa ke mabaka ao hore ba khutle. Taba ea pele, leeto la ho ea Jerusalema la lik’hilomithara tse 1 600 le ne le nka likhoeli tse ’nè ho isa ho tse hlano. Ho feta moo, ho ne ho tla hlokahala hore motho a be matla ’meleng hore a eo lula naheng e neng e bile lesupi ka lilemo tse 70 haesita le ho ea etsa mosebetsi oa tsosoloso. Kahoo, maemo a sa jeseng litheohelang, a kang ho kula ’meleng, botsofali le boikarabelo ba lelapa, ha ho pelaelo hore a ile a sitisa ba bang hore ba khutlele Jerusalema.
2:43—Banethinime e ne e le bo-mang? E ne e le batho bao e seng Baiseraele, bao e neng e le makhoba kapa basebeletsi ba tempele. Ba bang ba bona e ne e le litloholo tsa Bagibeone ba mehleng ea Joshua le ba bang “bao Davida le likhosana ba neng ba fane ka bona tšebeletsong ea Balevi.”—Esdrase 8:20.
2:55—Bara ba bahlanka ba Solomone e ne e le bo-mang? E ne e le batho bao e seng Baiseraele, ba neng ba filoe likabelo tse khethehileng tšebeletsong ea Jehova. E ka ’na eaba e ne e le bangoli kapa bakopitsi tempeleng kapa ba le boemong bo itseng ba botsamaisi.
2:61-63—Na Baiseraele ba tsoang botlamuoeng ba ne ba e-na le Urime le Thumime, tse neng li sebelisoa ha ho hlokahala karabo e tsoang ho Jehova? Batho ba neng ba ipolela hore ke ba leloko la boprista ba ileng ba hlōleha ho hlahisa bopaki ba hore na ke ba leloko lefe, e ka ’na eaba ba ile ba tiisa boipolelo ba bona ka hore ba sebelise Urime le Thumime. Esdrase o bolela hore e ka ’na eaba ba ile ba etsa joalo. Mangolo ha a tlalehe hore na ebe ho ile ha sebelisoa Urime le Thumime ka nako eo kapa ka mor’a moo. Neano ea Sejuda e bolela hore Urime le Thumime li ile tsa nyamela ha ho ne ho senngoa tempele ka 607 B.C.E.
3:12—Ke hobane’ng ha “banna-baholo ba neng ba bone ntlo ea pele” ea Jehova ba ile ba lla? Banna bao ba ne ba hopola kamoo tempele e neng e hahiloe ke Solomone e neng e khanya kateng. Litokisetso tsa ho haha tempele e ncha eo ba neng ba e bona e ne e le ‘lefeela mahlong a bona ha ho bapisoa’ le tempele ea pele. (Hagai 2:2, 3) Na boiteko ba bona bo ne bo tla khutlisa khanya e tšoanang le ea tempele ea pele? E tlameha ebe ba ile ba nyahama, eaba ka lebaka leo baa lla.
3:8-10; 4:23, 24; 6:15, 16—Ho nkile lilemo tse kae hore tempele e hahuoe bocha? Motheo oa tempele o ile oa etsoa ka 536 B.C.E.—e leng “ka selemo sa bobeli sa ho tla ha bona.” Mosebetsi oa ho haha o ile oa emisoa matsatsing a Morena Artaxerxese, ka 522 B.C.E. Thibelo e ile ea tsoela pele ho fihlela ka 520 B.C.E., e leng ka selemo sa bobeli sa Morena Dariuse. Tempele e ile ea phetheloa ka selemo sa botšelela sa puso ea hae, kapa ka 515 B.C.E. (Bona lebokose le reng “Marena a Persia ho Tloha ka 537 ho Isa ka 467 B.C.E.”) Kahoo mosebetsi oa ho haha tempele o ile oa nka lilemo tse ka bang 20.
4:8–6:18—Ke hobane’ng ha karolo ee ea Esdrase e ne e ngotsoe ka Searame? Boholo ba karolo ena ke mangolo a liofisiri tsa ’muso a eang ho marena le likarabo tse tsoang ho marena ao. Esdrase o ile a a kopitsa litlalehong tsa ’muso tse ngotsoeng ka Searame, e leng puo e neng e sebelisoa khoebong le ’musong mehleng eo. Likarolo tse ling tsa Bibele tse ngotsoeng ka puo ena ea boholo-holo ea Sesema ke Esdrase 7:12-26, Jeremia 10:11 le Daniele 2:4b–7:28.
Seo re Ithutang Sona:
1:2. Seo Esaia a ileng a se profeta lilemong tse ka bang 200 esale pele se ile sa phethahala. (Esaia 44:28) Kamehla boprofeta bo Lentsoeng la Jehova boa phethahala.
1:3-6. Joaloka Baiseraele ba bang ba ileng ba sala Babylona, Lipaki Tsa Jehova tse ngata li sitoa ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng kapa ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō. Leha ho le joalo, li tšehetsa le ho khothatsa ba ka khonang ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng ebile li fana ka menehelo ea boithatelo e le hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa o ka ntšetsoa pele.
3:1-6. Ka khoeli ea bosupa ea selemo sa 537 B.C.E. (e leng Tishri, e tsamaisanang le September/October), batho ba tšepahalang ba khutlang kholehong ba ile ba etsa sehlabelo sa pele. Ka selemo sa 607 B.C.E, Morena Nebukadnezare o ne a ile a kena motseng oa Jerusalema ka khoeli ea bohlano (e leng ea Ab, e tsamaisanang le July/August) ’me likhoeli tse peli hamorao, motse oo o ne o timelitsoe ka ho feletseng. (2 Marena 25:8-17, 22-26) Joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele, ho etsoa lesupi ha Jerusalema ka lilemo tse 70 ho ile ha fela hantle ka nako. (Jeremia 25:11; 29:10) Ntho leha e le efe eo Lentsoe la Jehova le e bolelang esale pele kamehla ea phethahala.
4:1-3. Masala a tšepahalang a ile a hana tlhahiso e ka beng e entse hore a thehe selekane sa bolumeli le barapeli ba bohata. (Exoda 20:5; 34:12) Ka ho tšoanang, kajeno barapeli ba Jehova ha ba be le seabo mekhatlong leha e le efe e kopanyang litumelo.
5:1-7; 6:1-12. Jehova a ka tsamaisa litaba hore batho ba hae ba atlehe.
6:14, 22. Jehova o amohela le ho hlohonolofatsa ba kopanelang mosebetsing oa hae ka cheseho.
6:21. Ha ba bona mosebetsi oa Jehova o hatela pele, Basamaria bao ka nako eo ba neng ba phela naheng ea Bajuda le batho ba neng ba khutlile kholehong ba neng ba ineheletse litšusumetsong tsa bohetene ba ile ba susumetsoa ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba bona. Na ha rea lokela ho kopanela ka cheseho mosebetsing oo Molimo a re abetseng oona, o kopanyelletsang ho bolela ka ’Muso?
ESDRASE O TLA JERUSALEMA
Ho ne ho se ho fetile lilemo tse mashome a mahlano ntlo ea Jehova e hahiloeng bocha e khakotsoe. E ne e le ka selemo sa 468 B.C.E. Esdrase o ile a tloha Babylona a habile Jerusalema a e-na le masala a batho ba Molimo ebile a nkile menehelo e fanoeng. O ile a fumana eng moo?
Likhosana li ile tsa bolella Esdrase tsa re: “Batho ba Iseraele le baprista le Balevi ha baa ikarola ho lichaba tsa linaha tsena mabapi le lintho tsa tsona tse manyala.” Ho phaella moo, “matsoho a likhosana le batlatsi ba babusisi a bile ka pele-pele ho se tšepahaleng hona.” (Esdrase 9:1, 2) Esdrase o ile a makala ha a utloa seo. O ile a khothalletsoa hore a ‘be matla ’me a nke bohato.’ (Esdrase 10:4) Esdrase o ile a nka bohato ba ho lokisa litaba, ’me batho le bona ba nka bohato bo loketseng.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
7:1, 7, 11—Na litemana tsee tsohle li bua ka Artaxerxese ea ileng a emisa mosebetsi oa ho haha? Che. Artaxerxese ke lebitso kapa tlotla e ileng ea sebelisoa ho Marena a mabeli a Persia. E mong e ne e le Bardiya kapa Gaumata, ea ileng a laela hore mosebetsi o etsoang tempeleng o emisoe ka 522 B.C.E. Artaxerxese oa nakong eo Esdrase a neng a e-tla Jerusalema ke Artaxerxese Longimanus.
7:28–8:20—Ke hobane’ng ha Bajuda ba bangata ba neng ba le Babylona ba ile ba tsilatsila hore ba nyolohele Jerusalema le Esdrase? Le hoja ho ne ho fetile lilemo tse 60 sehlopha sa pele sa Bajuda se khutletse naheng ea habo sona, batho ba ne ba lula mona le mane feela Jerusalema. Ho khutlela Jerusalema ho ne ho tla bolela hore batho ba qalise bophelo bo bocha maemong a boima le a kotsi. Bajuda bao mohlomong ba neng ba ntse ba ateloa ke lintho ha ba le Babylona, ba ne ba ke ke ba fumana monyetla oa ho ba le tsona ka lebaka la maemo a neng a le Jerusalema. Lebaka le leng le neng le sa lokela ho lebaloa ke hore leeto leo le ne le le kotsi. Batho ba khutlelang Jerusalema ba ne ba lokela ho ba le tumelo e matla ho Jehova, ba chesehele borapeli ba ’nete ’me ba be le sebete sa ho kena leetong leo. Esita le Esdrase o ile a imatlafatsa ho ea ka letsoho la Jehova le neng le le holim’a hae. Ka mor’a ho khothatsoa ke Esdrase, malapa a 1 500—ao mohlomong a neng a e-na le batho ba 6 000—a ile a lumela ho kena leetong leo. Ka mor’a hore Esdrase a etse boikhathatso bo bong hape, Balevi ba 38 le Banethinime ba 220 le bona ba ile ba lumela ho tsamaea.
9:1, 2—Ho nyallana le batho ba naha esele e ne e le kotsi e tebileng hakae? Sechaba se tsosolositsoeng se ne se lokela ho sireletsa borapeli ba Jehova ho fihlela Mesia a tla. Ho nyallana le baahi ba bang ho ne ho tla hlahisa kotsi ea sebele borapeling ba ’nete. Kaha ba bang ba ne ba kene lilekaneng tsa lenyalo le batho ba rapelang litšoantšo, qetellong sechaba sohle se ne se ka ’na sa tsoakana le lichaba tsa bohetene. Borapeli ba ’nete bo ka be bo ile ba fela tu! lefatšeng. Joale Mesia o ne a tla tla ho bo-mang? Hase feela Esdrase a neng a maketse ha a bona se neng se etsahetse!
10:3, 44—Ke hobane’ng ha ho ile ha lahloa bana hammoho le basali? Haeba bana ba ne ba tlohetsoe hore ba sale, ho ne ho ka ’na ha e-ba le monyetla o moholo oa hore basali ba lelekiloeng ba khutle ka lebaka la bana bao. Ho feta moo, ka tloaelo bana ba banyenyane ba lokela ho hlokomeloa ke bo-’m’a bona.
Seo re Ithutang Sona:
7:10. Kaha Esdrase e ne e le seithuti sa Lentsoe la Molimo se khothetseng le se hloahloa, o re behetse mohlala o motle. Ka thapelo, o ne a lokisa pelo ea hae hore a hlahlobe Molao oa Jehova. Ha a ntse a o hlahloba, Esdrase o ne a ela hloko ka ho feletseng seo Jehova a se bolelang. Esdrase o ne a sebelisa seo a ithutang sona ebile a ikitlaelletsa ho ruta ba bang.
7:13. Jehova o rata ha bahlanka ba hae ba etsa lintho ka ho rata.
7:27, 28; 8:21-23. Esdrase o ile a isa tlotla ho Jehova, a mo kōpa ka tieo pele a kena leetong le lelelele le bileng le leng kotsi la ho ea Jerusalema, ’me o ne a ikemiselitse ho beha bophelo ba hae kotsing hore feela Molimo a tlotlisoe. Ka tsela eo, o ile a re behela mohlala o motle.
9:2. Re lokela ho nka ka ho teba keletso ea hore re ‘nyale feela Moreneng.’—1 Bakorinthe 7:39.
9:14, 15. Litloaelano tse mpe li ka etsa hore motho a se ke a amoheloa ke Jehova.
10:2-12, 44. Batho ba neng ba nyetse basali basele, ka boikokobetso ba ile ba baka ’me ba lokisa litsela tsa bona tse fosahetseng. Ba behile mohlala o motle ka boikutlo ba bona le ka bohato boo ba ileng ba bo nka.
Jehova o Boloka Litšepiso Tsa Hae
Ka sebele buka ea Esdrase ke ea bohlokoa ho rōna! Ka nako e loketseng hantle, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho lokolla sechaba sa hae botlamuoeng Babylona le ho tsosolosa borapeli ba ’nete Jerusalema. Na seo ha se matlafatse tumelo ea rōna ho Jehova le litšepisong tsa hae?
Nahana ka mehlala eo buka ea Esdrase e fanang ka eona. E fana ka mohlala oa ho inehela ho Molimo o bontšitsoeng ke Esdrase le masala a ileng a khutla ho ea tsosolosa borapeli bo hloekileng Jerusalema. Buka ena e boetse e totobatsa tumelo eo batho ba linaha lisele ba tšabang Molimo ba neng ba e-na le eona le boikokobetso boo bafosi ba bakileng ba neng ba e-na le bona. Ruri, mantsoe a bululetsoeng a Esdrase a paka ka ho hlakileng hore “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Baheberu 4:12.
[Chate/Setšoantšo se leqepheng la 18]
Marena A Persia Ho Tloha Ka 537 Ho Isa Ka 467 B.C.E.
Cyruse e Moholo (Esdrase 1:1) o shoele ka 530 B.C.E.
Cambyses, kapa Assueruse (Esdrase 4:6) ka 530-22 B.C.E.
Artaxerxese—Bardiya kapa (Esdrase 4:7) ka 522 B.C.E. (O ile a
Gaumata fenethoa ka mor’ahore
a buse ka likhoeli tse
supileng feela)
Dariuse I (Esdrase 4:24) ka 522-486 B.C.E.
Xerxese, kapa Assuerusea ka 486-75 B.C.E. (O ile
a busa hammoho le
Dariuse I ho tloha
ka 496-86 B.C.E.)
Artaxerxese Longimanus (Esdrase 7:1) ka 475-24 B.C.E.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bukeng ea Esdrase ha ho na moo ho buuoang ka Xerxese. O bitsoa Assueruse ka bukeng ea Bibele ea Esthere.
[Setšoantšo]
Assueruse
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Cyruse
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Moqomo oa Cyruse o ne o bua ka leano la ho khutlisetsa batlamuoa linaheng tsa habo bona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Cylinder: Photograph taken by courtesy of the British Museum
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Esdrase e ne e le mosuoe ea hloahloa?