Buka ea Bibele ea 15—Esdrase
Mongoli: Esdrase
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 460 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: hoo e ka bang 537 ho ea ho 467 B.C.E.
1. Ke boprofeta bofe bo ileng ba fana ka tiiso ea ho tsosolosoa ha Jerusalema?
BOFELO ba lilemo tse 70 tse profetiloeng tsa ho etsoa lesupi ha Jerusalema tlas’a Babylona bo ne bo ntse bo atamela. Ke ’nete hore Babylona e ne e tumme ka hore le ka mohla ha e lokolle batlamuoa ba eona, empa lentsoe la Jehova le ne le tla ipaka le le matla ho feta matla a Babylona. Ho lokolloa ha batho ba Jehova ho ne ho atametse. Tempele ea Jehova e neng e helelitsoe e ne e tla tsosolosoa, ’me aletare ea Jehova e ne e tla boela e amohele mahlabelo a poelano. Jerusalema e ne e tla boela e tsebe mehoo le thoriso tsa morapeli oa ’nete oa Jehova. Jeremia o ne a profetile bolelele ba nako ea ho etsoa lesupi, ’me Esaia o ne a profetile hore na ho lokolloa ha batlamuoa ho ne ho tla tla joang. Esaia o ne a bile a boletse Cyruse oa Persia ka lebitso ‘e le eena molisa oa Jehova,’ ea neng a tla ketola Babylona e ikakasang boemong ba eona ba ho ba ’muso oa boraro oa lefatše historing ea Bibele.—Esa. 44:28; 45:1, 2; Jer. 25:12.
2. Babylona e oele neng hona e le tlas’a maemo afe?
2 Babylona e ile ea oeloa ke tlokotsi bosiung ba la 5 October, 539 B.C.E. (almanaka ea Gregory), ha morena Belshatsare oa Babylona le matona a hae ba ntse ba e-noa ba tlotlisa melimo ea bona ea bademona. Ho phaella boithabisong ba bona bo hlephileng ba bohetene, ba ne ba sebelisa lijana tse halalelang tse tsoang tempeleng ea Jehova e le linoelo tsa bona tsa botahoa! E ile ea e-ba ho loketseng hakaakang hore e be Cyruse o ne a le ka ntle ho marako a Babylona ho tla phethahatsa boprofeta bosiung bona boo!
3. Ke phatlalatso efe ea Cyruse e ileng ea etsa hore borapeli ba Jehova bo khone ho tsosolosoa lilemo tse 70 hantle feela ka mor’a hore ho etsoa lesupi ha Jerusalema ho qalehe?
3 Nako ena ea 539 B.C.E. ke selemo sa bohlokoahali se tšoaeang nako, ke hore, ke nako eo ho ka bontšoang hore e lumellana le histori ea lefatše hammoho le histori ea Bibele. Selemong sa Cyruse sa ho qala e le ’musi oa Babylona, o ile a “tumisa kahohle ’musong oa hae ka mokhosi,” o fang Bajode tumello ea ho nyolohela Jerusalema ho ea tsosolosa ntlo ea Jehova. Ka ho hlakileng taelo ena e ntšitsoe ho ea qetellong ea 538 B.C.E. kapa mathoasong a 537 B.C.E.a Masala a tšepahalang a ile a kena leetong la ho khutlela Jerusalema ka nako e loketseng ho ea hloma aletare le ho nyehela mahlabelo a ho qala ka “khoeli ea bosupa” (Tishri, e bapang le September-October) selemong sa 537 B.C.E.—lilemo tse 70 hantle ka mor’a hore Nebukadnezare a etse Juda le Jerusalema lesupi.—Esdr. 1:1-3; 3:1-6.
4. (a) Buka ea Esdrase e ngotsoe tlas’a boemo bofe, hona e ngotsoe ke mang? (b) Esdrase e ngotsoe neng, ’me e akaretsa nako e kae?
4 Tsosoloso! Sena se hlahisa boemo boo buka ea Esdrase e ngotsoeng tlas’a bona. Ho sebelisoa ha mantsoe a emelang motho ea buang tlalehong e tlohang khaolong ea 7 temana ea 27 ho ea ho khaolo ea 9 ka ho hlakileng ho bontša hore mongoli e ne e le Esdrase. Esdrase, joaloka “mongoli ea masene molaong oa Moshe” le monna ea nang le tumelo e sebetsang ea neng a ‘sekehetse pelo ea hae ho batla molao oa Jehova le ho etsa ka oona, le ho o ruta,’ o ne a tšoaneleha hantle bakeng sa ho tlaleha histori ena, joalokaha a ne a tlalehile Likronike ka ho tšoanang. (Esdr. 7:6, 10) Kaha buka ea Esdrase ke ntšetso-pele ea Likronike, ka tloaelo ho lumeloa hore e ngotsoe ka nako e tšoanang, hoo e ka bang ka 460 B.C.E. E akaretsa lilemo tse 70, ho tloha nakong ea ha Bajode e ne e le sechaba se tsekolohileng, se qhalakaneng se neng se khetholloa ka ho ba “bara ba lefu” ho isa ho phethoeng ha tempele ea bobeli le ho hloekisoeng ha boprista ka mor’a ho khutlela ha Esdrase Jerusalema.—Esdr. 1:1; 7:7; 10:17; Pes. 102:20, NW botlaaseng ba leqephe.
5. Buka ea Esdrase e amana joang le buka ea Nehemia, ’me e ne e ngotsoe ka lipuo life?
5 Lebitso la Seheberu Esdrase le bolela “Thuso.” Libuka tsa Esdrase le Nehemia e ne e le moqolo o le mong qalong. (Neh. 3:32, NW botlaaseng ba leqephe) Hamorao Bajode ba ile ba arola moqolo ona ’me ba o bitsa Esdrase oa Pele le oa Bobeli. Libibele tsa kajeno tsa Seheberu li bitsa libuka tseo tse peli Esdrase le Nehemia, joaloka Libibele tse ling tsa kajeno. Karolo ea buka ea Esdrase (4:8 ho ea ho 6:18 le 7:12-26) e ne e ngotsoe ka Searame ’me karolo e ’ngoe e ngotsoe ka Seheberu, kaha Esdrase e ne e le setsebi sa lipuo tseo ka bobeli.
6. Ke eng e pakang ho nepahala ha buka ea Esdrase?
6 Kajeno boholo ba litsebi li amohela ho nepahala ha buka ea Esdrase. Mabapi le hore Esdrase ke karolo ea libuka tse amoheloang tsa Mangolo a halalelang, tlalehong ea hae The Bible After Twenty Years of Archaeology W. F. Albright oa ngola: “Ka hona boitsebiso ba baepolli ba lintho tsa khale bo pakile bonnete bo tiileng ba Libuka tsa Jeremia le Ezekiele, tsa Esdrase le Nehemia hoo ho ke keng ha e-ba le pelaelo ea letho; bo tiisitse setšoantšo se tlileng ka neano sa liketsahalo, hammoho le tatellano ea tsona.”
7. Ho bontšitsoe joang hore kannete buka ea Esdrase ke karolo ea tlaleho ea bomolimo?
7 Le hoja e ka ’na eaba buka ea Esdrase ha ea qotsoa kapa hona ho suptjoa ka ho toba ke bangoli ba Lengolo la Segerike la Bokreste, ha ho na pelaelo mabapi le sebaka sa eona libukeng tse amoheloang tsa Mangolo a halalelang a Bibele. E lokolisa tlaleho ea ho sebelisana ha Jehova le Bajode ho theosa ho tla fihlela nakong ea ho bokelloa ha masika a Baheberu, e leng mosebetsi oo karolo e khōlō ea oona e entsoeng ke Esdrase, ho latela neano ea Bajode. Ho feta moo, buka ea Esdrase e phahamisa boprofeta bohle bo amanang le tsosoloso, kahoo e paka hore ka sebele ke karolo ea bohlokoahali ea tlaleho ea bomolimo, hape e lumellana le eona ka ho felletseng. Ho phaella moo, e tlotlisa borapeli bo hloekileng ’me e halaletsa lebitso le leholo la Jehova Molimo.
LITABA TSE KA HARE TSA ESDRASE
8. Hlalosa letoto la liketsahalo tse lebisang bofelong ba ho etsoa ha naha lesupi ka lilemo tse 70.
8 Masala aa khutla (1:1–3:6). Cyruse morena oa Persia, a tsositsoe molota ke Jehova, o ntša taelo ea hore Bajode ba khutle ba e’o haha ntlo ea Jehova Jerusalema. O phehella Bajode ba ka ’nang ba sala Babylona hore ba ntše menehelo ka seatla se bulehileng mosebetsing oo ’me o lokisetsa hore Bajode ba khutlang ba khutlise lintho tse neng li sebelisoa tempeleng ea pele. Moeta-pele oa moloko oa borena oa Juda eo e bileng e leng setloholo sa Morena Davida, Zorobabele (Sheshebatsare), o abeloa ho ba ’musisi le ho etella ba lokollotsoeng pele, ’me Jeshua (Joshua) ke moprista e moholo. (Esdr. 1:8; 5:2; Zak. 3:1) Masala ao e ka ’nang eaba e ne e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba 200 000, ho akarelletsa banna, basali, le bana, a kena leetong lena le lelelele. Ho latela almanaka ea Bajode, ka khoeli ea bosupa a aha metseng ea ’ona, ’me joale a phuthehela Jerusalema ho nyehela mahlabelo setšeng sa aletare ea tempele le ho keteka Mokete oa Metlotloane lehoetleng la 537 B.C.E. Ka hona ho etsoa ha naha lesupi ka lilemo tse 70 ho fela hantle feela ka nako!b
9. Mosebetsi oa tempele o qaleha joang, empa ho etsahala’ng lilemong tse latelang?
9 Ho tsosolosa tempele (3:7–6:22). Ho bokelloa thepa, ’me selemong sa bobeli sa ho khutla ha ’ona, ho raloa moralo oa tempele ea Jehova ka litlatse tsa thabo le liboko tsa banna ba hōlileng ba neng ba ile ba bona ntlo ea pele. Lichaba tsa baahisani, tsa lira, li ithaopela ho thusa kahong li re li batla Molimo oa ’ona, empa masala a Bajode a hana ka ho felletseng ho etsa selekane le tsona. Lira li tsoela pele ho leka ho fokolisa Bajode le ho ba nyahamisa le ho ferekanya mosebetsi oa bona, ho tloha pusong ea Cyruse ho theosa ho fihlela ho ea Dariuse. Qetellong, mehleng ea “Artaxerxese” (Bardiya kapa mohlomong Momagi ea tsejoang e le Gaumata, 522 B.C.E.), li etsa hore ba qobelloe ho emisa mosebetsi ka taelo ea morena. Thibelo ena e tsoela pele “ho isa lemong sa bobeli sa ho busa ha Dariuse, morena oa Persia” (520 B.C.E.), e leng nako e fetang lilemo tse 15 ka mor’a hore ho raloe moralo.—4:4-7, 24.
10. (a) Khothatso e tsoang ho baprofeta ba Molimo e kopana le taelo ea morena joang ho etseng hore mosebetsi o phethoe? (b) Ke thabo efe e tšoaeang ho neheloa ha tempele ee ea bobeli?
10 Joale Jehova o romela baprofeta ba hae Haggai le Zakaria ho tsosa Zorobabele le Jeshua molota, ’me mosebetsi oa kaho o qaloa ka cheseho e ncha. Lira li boetse li ipelaetsa ho morena, empa mosebetsi o tsoela pele ka matla a sa fokotseheng. Dariuse I (Hystaspis), ka mor’a ho bua ka taelo ea pele-pele ea Cyruse, o laela hore mosebetsi o tsoele pele ho sa kena-kenanoe le oona o bile o laela hore bahanyetsi ba fane ka thepa ho thusa kahong. Ka khothatso e tsoelang pele e hlahang ho baprofeta ba Jehova, lihahi li phetha tempele ka nako e ka tlaase ho lilemo tse hlano. Sena se etsahala khoeling ea Adare ka selemo sa botšelela sa Dariuse, kapa ho tlella nakong ea selemo ka 515 B.C.E., ’me kaho eohle e nkile hoo e ka bang lilemo tse 20 feela. (6:14, 15, NW) Joale ntlo ea Molimo e khakoloa ka thabo e khōlō le ka mahlabelo a loketseng. Joale batho ba keteka Paseka ’me ba tsoela pele ho etsa “mokete oa mahobe a se nang litomoso ka tšiu tse supileng ka thabo.” (6:22) E, thabo le nyakallo li tšoaea ho neheloa ha tempele ena ea bobeli thorisong ea Jehova.
11. Morena o fa Esdrase “tsohle tseo a li kōpileng” joang, ’me karabelo ea Esdrase ke efe?
11 Esdrase o khutlela Jerusalema (7:1–8:36). Ho feta lilemo tse ka bang 50, e leng ho re tlisang ho 468 B.C.E., selemo sa bosupa sa morena Artaxerxese oa Persia (ea tsejoang e le Longimanus ka lebaka la hore letsoho la hae le letona le ne le le lelelele ho feta le letšehali). Morena o fa mokopitsi oa setsebi Esdrase “tsohle tseo a li kōpileng” mabapi le leeto la ho ea Jerusalema ho ea fana ka thuso e hlokahalang haholo moo. (7:6) Ha morena a mo fa tumello, o khothalletsa Bajode ho tsamaea le eena ’me o fa Esdrase lijana tsa silevera le tsa gauda hore li sebelisoe tempeleng, hammoho le mefaho ea koro, veine, oli, le letsoai. O lokolla baprista le ba sebetsang tempeleng hore ba se ke ba lefa lekhetho. Morena o fa Esdrase boikarabelo ba ho ruta sechaba ’me o phatlalatsa hore ke tlōlo e tšoaneloang ke kahlolo ea lefu haeba mang kapa mang a sa etse ka molao oa Jehova le molao oa morena. Esdrase, a leboha Jehova bakeng sa ponahatso ena ea mosa o lerato oo a o bontšitseng ka morena, hang-hang o etsa seo a se laetsoeng.
12. Jehova o ipaka a e-na le sehlopha sa Esdrase joang nakong ea leeto?
12 Ntlheng ena Esdrase o qala tlaleho ea hae ea paki e boneng ka mahlo, o ngola a sebelisa mantsoe a emelang motho ea buang. O phutha Bajode ba khutlang hore ba bōkane nōkeng ea Ahava ho fumana litaelo tsa ho qetela, ’me o phaella Balevi sehlopheng sa banna ba tiileng ba ka bang 1 500 ba seng ba ntse ba phuthehile. Esdrase o hlokomela likotsi tsa tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona empa ha a kōpe morena hore ba fuoe balebeli, esere hoo ha talingoa e le ho bontša ho hloka tumelo ho Jehova. Ho e-na le hoo, o phatlalatsa hore ba itime lijo ’me o etella kampo eo pele ho etseng thapelo e tiileng ho Molimo. Thapelo ena ea arabeloa, ’me letsoho la Jehova le ipaka le ba sirelelitse ho pholletsa le leeto leo le lelelele. Ka hona, ba khona ho tlisa matlotlo a bona (a lekanang le R110 000 000 ka litekanyo tsa kajeno) a sireletsehile tlung ea Jehova Jerusalema.—8:26, 27, NW botlaaseng ba leqephe.
13. Esdrase o nka khato joang bakeng sa ho tlosa litšila har’a Bajode?
13 Ho hloekisa boprista (9:1–10:44). Empa hase tsohle tse ’nileng tsa tsamaea hantle nakong ea lilemo tse 69 tsa ho lula naheng e tsosolositsoeng. Esdrase o utloela ka maemo a ferekanyang, a hore sechaba, baprista, le Balevi ba nyallane le Bakanana ba bahetene. Esdrase ea tšepahalang o tsielehile. O beha taba ka pel’a Jehova ka thapelo. Sechaba se lumela phoso ea sona ’me se kōpa Esdrase hore ‘a iphe matla, a sebetse.’ (10:4) O laela Bajode hore ba leleke basali ba balichaba bao ba ba nkileng ka ho se utloe molao oa Molimo, ’me ka nako e ka etsang likhoeli tse tharo litšila lia tlosoa.—10:10-12, 16, 17.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
14. Buka ea Esdrase e bontša’ng mabapi le boprofeta ba Jehova?
14 Buka ea Esdrase e molemo, tabeng ea pele, ho bontšeng ho nepahala ho sa foseng hoo boprofeta ba Jehova bo phethahatsoang ka hona. Jeremia, eo ka nepo a neng a boletse esale pele ka ho etsoa lesupi ha Jerusalema, o ile a boela a bolela esale pele ka ho tsosolosoa ha eona ka mor’a lilemo tse 70. (Jer. 29:10) Hantle feela ka nako, Jehova o ile a bontša mosa oa hae o lerato ka ho khutlisetsa batho ba hae, masala a tšepahalang, Naheng e Tšepisitsoeng ho tla ntšetsa borapeli ba ’nete pele.
15. (a) Tempele e tsosolositsoeng e ile ea finyella morero oa Jehova joang? (b) Ke lintlheng life moo e neng e haelloa ke khanya ea tempele ea pele?
15 Tempele e tsosolositsoeng e ile ea boela ea phahamisa borapeli ba Jehova har’a batho ba hae, ’me ea ema e le bopaki ba hore o hlohonolofatsa ka ho babatsehang le ka mohau ba retelehelang ho eena ka takatso ea borapeli ba ’nete. Le hoja e ne e hloka khanya ea tempele ea Salomone, e ile ea finyella morero oa eona tumellanong le thato ea Molimo. Phatsimo ea lintho tse bonahalang e ne e se e le sieo ho eona. Hape e ne e e-na le matlotlo a moea a fokolang, har’a tse ling, e ne e hloka areka ea selekane.c Esita le ho khakoloa ha tempele ea Zorobabele ho ne ho ke ke ha bapisoa le ho khakoloa ha tempele mehleng ea Salomone. Mahlabelo a likhomo le a linku a ne a sa fihle esita le karolong e le ’ngoe lekholong ea mahlabelo a tempele ea Salomone. Ha ho khanya e kang leru e ileng ea tlala ntlo ena ea morao, joalokaha e ne e ile ea tlala ntlo ea pele, esita le mollo o tsoang ho Jehova ha oa ka oa theoha ho tla chesa licheso. Leha ho le joalo, litempele tseo ka bobeli li ile tsa finyella morero oa bohlokoa oa ho phahamisa borapeli ba Jehova, Molimo oa ’nete.
16. Empa ke tempele efe e ’ngoe e fetang litempele tsa lefatše ka khanya?
16 Tempele e hahiloeng ke Zorobabele, tabernakele e hahiloeng ke Moshe, le litempele tse hahiloeng ke Salomone le Heroda, hammoho le litšobotsi tsa tsona, e ne e le litšoantšetso, kapa litšoantšo. Tsena li ne li emela “tente ea ’nete, e hlomiloeng ke Jehova, eseng motho.” (Ba-Heb. 8:2, NW) Tempele ea moea ke tokisetso ea ho atamela Jehova borapeling motheong oa sehlabelo sa poelano sa Kreste. (Ba-Heb. 9:2-10, 23) Tempele ea moea e khōlō ea Jehova e phahametse tsohle ka khanya ’me ha ho e ka bapisoang le eona ka botle le khahleho; phatsimo ea eona ke e sa feleng ’me e phahametse phatsimo efe kapa efe ea lintho tse bonahalang.
17. Ke lithuto life tsa bohlokoa tse ka fumanoang bukeng ea Esdrase?
17 Buka ea Esdrase e fuparetse Bakreste lithuto tsa bohlokoa bo phahameng ka ho fetisisa kajeno. Ho eona re bala ka batho ba Jehova ha ba etsa linyehelo ka boithaopo bakeng sa mosebetsi oa hae. (Esdr. 2:68; 2 Ba-Kor. 9:7) Re khothatsoa ke ho ithuta ka tokisetso ea Jehova e ke keng ea hlōleha bakeng sa likopano tse mo rorisang le kamoo a li hlohonolofatsang ka teng. (Esdr. 6:16, 22) Re bona mohlala o motle oa Banethinime le balichaba ba bang ba lumetseng ha ba nyoloha hammoho le masala ho ea tšehetsa borapeli ba Jehova ka pelo eohle. (2:43, 55) Nahana hape ka ho baka ha sechaba ka boikokobetso ha se hlokomelisoa tsela ea sona e fosahetseng ea ho nyallana le baahisani ba bahetene. (10:2-4) Litloaelano tse mpe li ile tsa tlisa ho se amoheloe ke Molimo. (9:14, 15) Cheseho e thabisang bakeng sa mosebetsi oa oona e ile ea tlisa kamohelo le tlhohonolofatso tsa oona.—6:14, 21, 22.
18. Ke hobane’ng ha ho tsosolosoa ha sechaba sa Jehova e ne e le bohato ba bohlokoa bo lebisang ho hlaheng ha Messia, Morena?
18 Le hoja ho ne ho se ho se morena ea lutseng teroneng ea Jehova Jerusalema, tsosoloso eo e ile ea tsosa tebello ea hore ka nako e loketseng Jehova o ne a tla hlahisa Morena oa hae ea tšepisitsoeng lesikeng la Davida. Joale sechaba se tsosolositsoeng se ne se le boemong ba ho lebela liphatlalatso tse halalelang le borapeli ba Molimo ho fihlela nakong eo Messia a neng a tla hlaha ka eona. Hoja masala ana a ne a sa ka a arabela ka tumelo ho khutleleng ha ’ona naheng ea habo ’ona, Messia o ne a tla tla ho bo-mang? Ka sebele, liketsahalo tse bukeng ea Esdrase ke karolo ea bohlokoa ea histori e lebisang ho hlaheng ha Messia le Morena! E molemo ka ho felletseng bakeng sa thuto ea rōna kajeno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 452-4, 458.
b Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 332.
c Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 1079.