Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Emela Batho ba Molimo
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 18. (a) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Mordekai a ile a hana ho inamela Hamane? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Kajeno, ke joang banna le basali ba bontšang tumelo ba etsisang mohlala oa Mordekai?

      18 Monna ea bitsoang Hamane o ile a behoa boemong bo phahameng ntlong ea borena ea Assueruse. Morena o ile a etsa Hamane tona-khōlō, ea e-ba eena moeletsi ea ka sehloohong le letsoho la morena. Morena o ile a ba a ntša taelo ea hore ha batho bohle ba bona letona lena la hae, ba lokela ho le inamela. (Esth. 3:1-4) Molao oo e ne e le bothata ho Mordekai. O ne a lumela hore o lokela ho mamela morena empa eseng ho feta ho hlompha Molimo. Ha e le hantle, Hamane e ne e le Moagage. Seo se bolela hore e ne e le setloholo sa Agage, morena oa Baamaleke ea ileng a bolaoa ke moprofeta oa Molimo, Samuele. (1 Sam. 15:33) Baamaleke ba ne ba le khopo hoo ba ileng ba iketsa lira tsa Jehova le tsa Baiseraele. Molimo o ne a sa amohele sechaba sa Baamaleke.c (Deut. 25:19) Joale, ke joang Mojuda ea tšepahalang a neng a ka inamela Moamaleke? Mordekai o ne a ke ke a etsa joalo. O ile a ema a tiile ho seo a se lumelang. Ho fihlela lena le holimo, banna le basali ba bontšang tumelo ba ’nile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba mamele molao-motheo ona: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:29.

  • O Ile a Emela Batho ba Molimo
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • c Ho ka etsahala hore ebe Hamane e ne e le e mong oa Baamaleke ba ho qetela kaha “masala” a bona a ile a timetsoa khale mehleng ea Morena Ezekiase.—1 Likron. 4:43.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela