Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Buella Batho ba Molimo
    Molula-Qhooa—2011 | October 1
    • Hamane o ile a tuka ke bohale. Empa o ile a bona ho sa lekana hore a fumane tsela ea ho bolaea Mordekai feela. O ne a batla ho timetsa sechaba sa habo Mordekai kaofela! Hamane o ile a bua le morena, a senya Bajuda lebitso. Le hoja a ne a sa ba bolele ka mabitso, o ile a fana ka maikutlo a hore ke batho ba se nang thuso ea letho, “ba hasaneng le ba arohileng ho lichaba” tse ling. Ho hobe le ho feta ke hore o ile a re ba ne ba sa mamele melao ea morena; ka hona, e ne e le marabele a kotsi. O ile a re o tla fana ka chelete e ngata letlōleng la morena e le hore e koahele litšenyehelo tsohle tsa ho bolaea Bajuda kaofela ’musong oo.c Assueruse o ile a fa Hamane lesale la hae la tiiso e le hore a tiise taelo leha e le efe eo a neng a e nahanne.—Esthere 3:5-10.

  • O Ile a Buella Batho ba Molimo
    Molula-Qhooa—2011 | October 1
    • c Hamane o ile a fana ka litalenta tse 10 000 tsa silevera, e leng chelete e lekanang le liranta tse limilione tse makholo kajeno. Haeba Assueruse e ne e le eena Xerxese I, chelete eo ea Hamane e tlameha e ile ea mo hohela. Xerxese o ne a lahlehetsoe ke leruo la hae ntoeng e tšabehang eo a neng a bile le eona le Bagerike, mohlomong pele a nyala Esthere.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela