-
Lipotso tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1991 | February 15
-
-
Ha ho bonahala eka Jobo a ka ’na a shoa, Elihu o ile a nahanisisa ka boemo ba Jobo bo hlobaetsang ’me a rala motheo oa tšepo, a re: “Nama ea hae ea mamarana . . . ’Me sephefumolohi sa hae se atamela mokoti, ’me bophelo ba hae bo atamela babolai. Haeba ho e-na le lenģosa bakeng sa hae, ’muelli, lenģosa le le leng ho a sekete, hore le bolelle motho ho loka ha hae, joale lea mo hauhela ebe le re, ‘Mo tšoarele a se ke a theohela mokoting! Ke fumane topollo! Nama ea hae a e ke e nchafale ho feta bocheng.’”—Jobo 33:21-25, NW.
-
-
Lipotso tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1991 | February 15
-
-
Ke sona se ileng sa etsahala. Jobo o ile a ‘baka a le lerōleng le moloreng.’ Joale ha etsahala eng? “Jehova a ntša Jobo litlamong tsa hae . . . ’Me Jehova a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho fetisa qalo ea hae . . . Ka mor’a moo, Jobo a ’na a phela lilemo tse lekholo le nang le mashome a mane; ’me a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong oa bone.” Bonneteng, topollo eo ha ea ka ea lokolla Jobo sebeng, kahoo ka mor’a nako o ile a shoa. Leha ho le joalo, ho lelefatsoa ha bophelo ba hae ho paka hore, ha e le hantle, ‘nama ea hae e ile ea nchafala ho feta bocheng, ’me a khutlela matsatsing a bocha ba hae bo sehlahlo.’—Jobo 33:25, NW; 42:6, 10-17.
-