Pōpo e re, ‘Ba Hloka Boikemelo’
“Litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa hae li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li bonoa linthong tseo a li entseng, esita le matla a hae a sa feleng le Bomolimo, e le hore ba hloke boikemelo.”—BA-ROMA 1:20, NW.
1, 2. (a) Ke pelaelo efe e bontšang ho utloa bohloko eo Jobo a ileng a e etsa ho Jehova? (b) Ke phetoho efe eo Jobo a ileng a e etsa hamorao?
JOBO, monna oa mehleng ea boholo-holo ea neng a e-na le botšepehi bo ke keng ba felisoa ho Jehova Molimo, o ne a ile a behoa tekong e tšabehang ke Satane. Diabolose o ne a ile a etsa hore Jobo a lahleheloe ke lintho tsa hae tsohle tse bonahalang, a bolaea bara ba hae le barali ’me a mo hlokofatsa ka lefu le nyonyehang. Jobo o ne a nahana hore ke Molimo ea ’makelang matšoenyeho ana, ’me o ile a belaela ho Jehova a utloile bohloko: “Na u ka thaba ka ho nketsa hampe, . . . ha u batla molato oa ka, ’me u botsisisa sebe sa ka na? Athe u ntse u tseba hobane ha ke na molato?”—Jobo 1:12-19; 2:5-8; 10:3, 6, 7.
2 Nakoana ka mor’a mona, mantsoe a Jobo ho Molimo a ile a bontša hore o fetohile ka ho feletseng: “Ke fela ke buile, ke se na kutloisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utloisiseng. Ke ne ke utloile tsa hao ka litsebe feela; empa joale, mahlo a ka a u bone. Ke fela ke inyatsa, ’me ke iteta sefuba ke le lerōleng le moloreng.” (Jobo 42:3, 5, 6) Ke eng e neng e etsahetse e ileng ea fetola maikutlo a Jobo?
3. Ke pono efe ea lintho e ncha eo Jobo a ileng a e fumana mabapi le pōpo?
3 Pakeng tsa liketsahalo tseo, Jehova o ne a ile a itlhahisa ho Jobo a le sefefong. (Jobo 38:1) O ne a ile a hloma Jobo lipotso. ‘U ne u le kae ha ke theha lefatše? Ke mang ea koaletseng leoatle ka menyako ’me a bea meeli ea hore na maqhubu a lona a ka fella kae? Na u ka etsa hore maru a nese pula ea ’ona lefatšeng? Na u ka melisa joang? Na u ka kopanya mefuta e sa tšoaneng ea linaleli ’me ua li tataisa litseleng tsa tsona?’ Ho pholletsa le likhaolo tsa 38 ho isa ho 41 tsa buka ea Jobo, Jehova o ile a botsa Jobo lipotso tsena tsohle hammoho le tse ling tse ngata ka pōpo ea Hae. O ile a etsa hore Jobo a bone phapang e khōlō pakeng tsa Molimo le motho, ka matla a hopotsa Jobo ka bohlale le matla tse bonahalang pōpong ea Molimo, lintho tseo Jobo a hlōloang ho li etsa kapa leha e le ho li utloisisa. Jobo, a hloletsoe ke matla a tsotehang le bohlale bo hlollang ba Molimo ea matla ’ohle joalokaha li bonahatsoa pōpong ea Hae, o ne a tšohile ha a nahana hore o ne a ile a ba le sebete sa ho pheha khang le Jehova. Kahoo o ile a re: “Ke ne ke utloile tsa hao ka litsebe feela; empa joale, mahlo a ka a u bone.”—Jobo 42:5.
4. Re lokela ho hlokomela eng pōpong ea Jehova, ’me boemo ke bofe ho ba hlōlehang ho e bona?
4 Lilemo tse makholo hamorao mongoli ea bululetsoeng oa Bibele o ile a tiisa hore litšoaneleho tsa Jehova li ka bonoa pōpong ea hae. Moapostola Pauluse o ile a ngola sena ho Ba-Roma 1:19, 20 (NW): “Se ka tsejoang ka Molimo sea bonahala har’a bona, hobane Molimo o ba senoletse sona. Hobane litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa hae li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li bonoa linthong tseo a li entseng, esita le matla a hae a sa feleng le Bomolimo ba hae, e le hore ba hloke boikemelo.”
5. (a) Ke tlhoko efe e bōpelletsoeng ka ho batho, ’me ke joang ba bang ba e khotsofatsang ka tsela e fosahetseng? (b) Pauluse o ile a khothaletsa Magerike a Athene ho etsa eng?
5 Motho o bōpeletsoe le tlhoko ea ho rapela matla a phahameng haholoanyane. Dr. C. G. Jung, bukeng ea hae The Undiscovered Self, o ile a bua ka tlhoko ena e le “boikutlo ba tlhaho bo ikhethang ba motho, ’me ho iponahatsa ha bona ho ka fumanoa historing eohle ea batho.” Moapostola Pauluse o ile a bua ka tšusumetso e bōpeletsoeng ho motho ea ho rapela, e ileng ea hlalosa lebaka leo Magerike a Athene a neng a etselitse melimo e mengata, e tsejoang le e sa tsejoeng litšoantšo le lialetare. Pauluse o ile a tsebahatsa Molimo oa ’nete ho bona ’me a bontša hore ba lokela ho khotsofatsa tšusumetso ena e ka hare ka tsela e nepahetseng ka ho batla Jehova Molimo oa ’nete, “ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:22-30) Ho latela kamoo re leng haufi le pōpo ea hae kateng, ke ka tsela eo re leng haufi le ho utloisisa litšobotsi le litšoaneleho tsa hae.
Potoloho ea Metsi e Hlollang
6. Ke litšobotsi life tsa Jehova tseo re li bonang potolohong ea metsi?
6 Ka mohlala, ke litšobotsi life tsa Jehova tseo re li hlokomelang matleng a maru a bobebe a ho tšoara litone tsa metsi? Re bona lerato le bohlale ba hae, hobane ka tsela ena o fana ka marotholi a pula bakeng sa tlhohonolofatso ea lefatše. O etsa sena ka boqapi bo hlollang bo amehang potolohong ea metsi, e boletsoeng ho Moeklesia 1:7 (NW): “Linōka tsohle li phallela leoatleng, athe leoatle ha le tlale. Sebaka seo linōka li eang ho sona, mono ke moo li khutlang e le hore li ka boela tsa ea.” Buka ea Bibele ea Jobo e hlakisa kamoo sena se etsahalang.
7. Metsi a tloha joang leoatleng ho ea marung, ’me ke joang maru a bobebe a ka tšoarang litone tsa metsi?
7 Ha linōka tsa mariha li phallela leoatleng, ha li lule teng. Jehova “o nyolla marotholi a metsi leoatleng ’me o nesa pula ho tsoa ’muoaneng oo a o entseng.” Hobane metsi ke moholi, ’me qetellong e e-ba ’muoane, “maru a phaphamala holimo, mosebetsi o babatsehang oa tsebo ea hae e phethahetseng.” (Jobo 36:27; 37:16; The New English Bible) Maru aa phaphamala hafeela e ntse e le ’muoane: “O sireletsa metsi marung a hae—’me ’muoane ha o arohanngoe ke boima ba ’ona.” Kapa joalokaha phetolelo e ’ngoe e bolela: “O boloka metsi a koaletsoe marung a teteaneng, ’me maru ha a phatlohe ke boima ba ’ona.”—Jobo 26:8, The Jerusalem Bible; NE.
8. Ke ka mehato efe e fapaneng “merifi ea leholimo” e thulamisoang ebe potoloho ea metsi ea phethoa?
8 “Merifi ena ea leholimo—ke mang ea ka e thulamisang” bakeng sa ho nesa pula lefatšeng? (Jobo 38:37, NW) Ke Eo “tsebo ea hae e phethahetseng” e a behileng moo qalong, ea “nesang pula ho tsoa ’muoaneng oo a o entseng.” ’Me ho hlokahala eng ho nesa marotholi a pula ho tsoa ’muoaneng? Ho tlameha ho ba le lintho tse ka bonoang ka microscope feela, tse kang likarolo tse nyenyane tsa lerōle kapa tsa letsoai—tse ka bang likete ho isa ho likete tse makholo cubic senthimithareng e ’ngoe le e ’ngoe ea moea—ho sebeletsa e le sebaka se bohareng seo marotholi a ka ipōpang ho sona. Ho hakanngoa hore ho hlokahala marotholi a maru a manyenyane a millione ho etsa lerotholi la pula le le leng le tloaelehileng. Ke feela ka mor’a tšebetso ena eohle maru a ka theolelang marotholi a ’ona lefatšeng ho etsa linōka tse khutlisetsang metsi leoatleng. Kahoo potoloho ea metsi ea iphetha. Na see sohle se etsahetse ntle ho tataiso? Ka sebele, ke pono e ‘hlokang boikemelo’!
Mohloli o Mong oa Bohlale ba Salomone
9. Ke’ng seo Salomone a ileng a se fumana se hlolla ka mofuta o mong oa bohloa?
9 Lefatšeng la boholo-holo, bohlale ba Salomone bo ne bo khethehile. Boholo ba bohlale boo bo ne bo le mabapi le pōpo ea Jehova: “[Salomone] A bolela le tsa lifate, ho qala ka kedare ea Lebanone, ho isa ho hysopa e melang lerakong; a bolela le tsa liphoofolo, le linonyana, le lihahabi, le lihlapi.” (1 Marena 4:33) Ke eena Morena Salomone ea ileng a ngola: “Hela sekhoba! e-ea ho bohloa, u qamake mekhoa ea bona, u tle u hlalefe. Ha bo na molisa, leha e le mohlahlobi, kapa morena; leha ho le joalo, bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula, bo ipokellela lijo ha ho kotuloa.”—Liproverbia 6:6-8.
10. Papiso ea Salomone ea bohloa bo kotulang e ile ea tlosoa qoso joang?
10 Ke mang ea ileng a ruta bohloa ho bokella lijo hlabula tseo bo tla li ja mariheng a batang? Ka lilemo tse makholo ho nepahala ha tlaleho ea Salomone ka bohloa bo kotulang peō ’me bo e bokella bakeng sa ho e sebelisa mariha e ne e belaelloa. Ha ho motho ea neng a fumane bopaki leha e le bofe ba ho ba teng ha bona. Leha ho le joalo, ka 1871, setsebi sa tlhaho sa Brithani se ile sa sibolla meliko ea bona e ka tlas’a lefatše, ’me ho nepahala ha Bibele ha e fana ka tlaleho ea bona ho ile ha tlosoa qoso. Empa ke joang bohloa bona bo ileng ba ba le ponelo-pele ea bona ea ho tseba esale hlabula hore mariha a batang aa tla le bohlale ba ho tseba hore na bo lokela ho etsa eng? Bibele ka boeona e hlalosa hore bongata ba pōpo ea Jehova bo na le bohlale bo bōpeletsoeng ka ho eona bakeng sa ho phela. Bohloa bo kotulang bo amohela tlhohonolofatso ena ho ’Mōpi oa bona. Liproverbia 30:24 (NW) e bua ka bona: ‘Bo bohlale ba tlhaho.’ Ho bolela hore bohlale bo joalo bo ka itlhahela ka tšohanyetso feela ha ho utloahale; ho hlōleha ho hlokomela ’Mōpi ea bohlale ea bo entseng ho etsa hore motho a hloke boikemelo.
11. (a) Ke hobane’ng ha sefate se seholo sa sequoia se hlolla hakaale? (b) Ke eng e hlollang haholo ka tšebetso ea pele ea photosynthesis?
11 Monna ea emeng maotong a sefate se seholo sa sequoia, a hloletsoe ke boholo ba sona, hoa utloahala hore ebe o ikutloa joaloka kokoanyana. Boholo ba sefate sena boa hlolla: Bophahamo ba limithara tse 90, bophara ba limithara tse 11, letlalo le botenya ba limithara tse 0,6, methapo e namelang bohōleng ba lihekethere tse ka bang 1,2 ho isa ho 1,6. Empa, se hlollang ka ho fetisisa ke liphetoho tseo se fetang ho tsona le libōpeho tse amehang khōlong ea sona. Makhasi a sona a hula metsi methapong, carbon dioxide moeeng, le matla letsatsing bakeng sa ho etsa litsoekere le ho ntša oxygen—tšebetso e bitsoang photosynthesis e amang litšebetso tsa lik’hemik’hale tse 70, hase tsohle tse utloisisoang. Ka ho makatsang, tšebetso ea pele e itšetlehile ka khanya e tsoang letsatsing e nang le ’mala o nepahetseng, e leng bohōleng bo nepahetseng; ho seng joalo e ne e ke ke ea monngoa ke limolek’hule tsa botala bo leng limeleng bakeng sa ho qalisa tšebetso ea photosynthesis.
12. (a) Ke’ng se hlollang ka tsela eo sefate sa sequoia se sebelisang metsi ka eona? (b) Ke hobane’ng ha nitrogen e hlokahala khōlong ea limela, ’me ke joang potoloho ea eona e phethehang?
12 Ho hong ho makatsang ke taba ea hore sefate seo se ka hula metsi a mangata metsong ho ea tlhōrōng ea sefate sena se seholo se ka bang bophahamo ba limithara tse 90. Se hula metsi a fetang a hlokahalang bakeng sa photosynthesis. A sa hlokahaleng a ntšetsoa moeeng ke makhasi ka ho fufuleloa. Ho etsa hore sefate se pholisoe ke metsi, joalokaha re pholisoa ke ho fufuleloa. Bakeng sa ho etsa lihaha-’mele bakeng sa khōlo, ho hlokahala hore nitrogen e tsoakoe le litsoekere, kapa limatlafatsi. Lekhasi le ke ke la sebelisa nitrogen e gase e tsoang moeeng, empa metsoako ea mobu e ka fetola nitrogen e gase e mobung ho e etsa li-nitrates le li-nitrites tse ka kopanang le metsi, ebe li nyoloha ho tloha methapong ho ea makhasing. Ha limela le liphoofolo tse sebelisitseng nitrogen ena lihaha-’meleng tsa tsona li e-shoa ’me li bola, nitrogen eo ea tsoa, ebe e phetha potoloho ea nitrogen. Ho sena sohle, ho rarahana ho amehang hoa makatsa, hase mosebetsi o ka finyelloang ka ntle le morero le tataiso.
Lia Bua, Eseng ka Molomo Kapa ka Mantsoe Kapa ka Molumo oa Lentsoe!
13. Ke eng seo maholimo a tletseng linaleli a ileng a se bolella Davida, ’me a tsoela pele ho re bolella eng?
13 Ke ponahatso e hlollang hakaakang ea ’Mōpi bosiu e tsoang leholimong le tletseng linaleli le tlatsang babohi tlhompho! Ho Pesaleme ea 8:3, 4, Davida o ile a bontša tlhompho eo a neng a ikutloa a na le eona: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bōpileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?” Ho ba nang le mahlo a bonang, litsebe tse utloang, le pelo e nang le boikutlo, maholimo ana a tletseng linaleli aa bua, joalokaha a ile a etsa ho Davida: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo.”—Pesaleme ea 19:1-4.
14. Ke hobane’ng ha matla a maholo a e ’ngoe ea linaleli e le a bohlokoa ho rōna?
14 Ho tseba se eketsehileng ka linaleli, ho etsa hore li bue le rōna haholoanyane. Ho Esaia 40:26, re mengoa hore re hlokomele matla a tsona a maholo: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.” Matla a khoheli le matla a maholo a e ’ngoe ea tsona, letsatsi la rōna, a boloka lefatše le tsitsitse tselaneng ea lōna, a melisa lijalo, a re futhumatsa, ’me a etsa hore bophelo bo be teng mona lefatšeng. Ka pululelo moapostola Pauluse o ile a re: “Naleli e ee e be hosele ho naleli e ’ngoe ka khanya.” (1 Ba-Korinthe 15:41) Saense e tseba ka linaleli tse tšehla joaloka letsatsi la rōna, le ka linaleli tse putsoa, tse khubelu tse khōloanyane ho feta letsatsi, tse tšoeu tse boima bo batlang bo lekana le ba lefatše, linaleli tse nang le neutron, le linaleli tse khōlō tse phatlohang tse ntšang matla ao ho leng thata ho a utloisisa.
15. Ke’ng seo baqapi ba bangata ba ithutileng sona pōpong le ho leka ho se etsisa?
15 Baqapi ba bangata ba ithutile ho hong pōpong ’me ba lekile ho etsisa matla a libōpuoa tse phelang. (Jobo 12:7-10) Hlokomela likarolo tse seng kae feela tse hlaheletseng tsa pōpo. Linonyana tsa leoatle tse nang le li-gland tse khonang ho ntša letsoai metsing a leoatle; litlhapi tse nang le mapheo le tse se nang ’ona tse fehlang motlakase; litlhapi, libōkō, likokoanyana tse khonang ho hlahisa khanya; bo-’mankhane, le li-dolphin tse sebelisang matla a sonar; bobi bo etsang pampiri; bohloa bo ahang marokho; li-beaver tse ahang matamo; linoha tse nang le li-thermometer tsa tlhaho; likokoanyana tsa matamo tse sebelisang li-snorkel le lisebelisoa tsa ho qoela; litlhapi tse khōlō tse bitsoang li-octopus tse fehlang moea joaloka li-jet; likho tse etsang mefuta e supileng ea litepo tse bileng li etsang lifi, matlooa, le lithapo tse telele le tse nang le malinyane a tsamaeang ka balloon, lik’hilomithara tse likete a le holimo-limo; litlhapi le liphoofolo tse ling tsa metsing tse sebelisang litanka tsa ho phaphamala joaloka li-submarine; le linonyana, likokoanyana, likolopata tsa leoatle, litlhapi, le liphoofolo tse anyesang tse etsang mesebetsi e hlollang ea ho falla—tsebo ea ho etsa lintho eo saense e sitoang ho e hlalosa.
16. Ke linnete life tsa saense tseo tlaleho ea Bibele e ileng ea li hlokomela lilemo tse likete pele saense e li hlokomela?
16 Bibele e tlalehile linnete tsa saense lilemo tse likete pele saense e li tseba. Molao oa Moshe (lekholong la bo16 la lilemo B.C.E.) o ile oa bontša ho hlokomeloa ha likokoana-hloko lilemo tse likete pele Pasteur a li hlokomela. (Levitike, likhaolo 13, 14) Lekholong la bo17 la lilemo B.C.E., Jobo o ile a re: “Molimo o . . . leketlisa lefatše holim’a bofeela-feelane.” (Jobo 26:7, BPN) Lilemo tse sekete pele ho Kreste, Salomone o ile a ngola ka potoloho ea mali; saense ea meriana e ile ea lokela ho ema ho fihlela lekholong la bo17 la lilemo hore e e hlokomele. (Moeklesia 12:6) Pele ho moo, Pesaleme ea 139:16 e ile ea bontša tsebo ea tšebetso ea liphatsa tsa lefutso: “Mahlo a hao a bone moloho oa tsona; matsatsi a ka a ngoliloe kaofela hammoho bukeng ea hao; a na a se a baliloe, a e-so ho be teng.” Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., pele litsebi tsa tlhaho li utloisisa taba ea ho falla ha linonyana, Jeremia o ile a ngola, joalokaha ho tlalehiloe ho Jeremia 8:7: “Mokotatsie o marung o tseba nako ea ho falla, leeba le lehaqasi le wryneck li tseba nako ea ho khutla.”—NE.
“’Mōpi” Eo ba Lumelang ho Iphetola ha Lintho ba mo Khethang
17. (a) Ba-Roma 1:21-23 e re’ng ka ba hanang ho hlokomela ’Mōpi ea bohlale ea etsang mehlolo ea pōpo? (b) Ho latela kutloisiso e itseng, litsebi tsa thuto ea ho iphetola ha lintho li khetha eng e le “’mōpi” oa tsona?
17 Lengolo le leng ha le bua ka ba hanang ho hlokomela hore no na le ’Mōpi ea bohlale ea entseng mehlolo ea pōpo le re: “Ba fetohile maoatla tseleng eo ba behang mabaka ka eona, ’me lipelo tsa bona, tse hlokang bohlale, li fifetse. Le hoja ba tiisa hore ba bohlale, ba fetohile lithoto. ’Me khanya ea Molimo o sa boleng ba e fetotse litšoantšo tse lekanyang motho ea bolang, le linonyana le tse maoto a mane, le lihahabi.” Ba “fetotse ’nete ea Molimo leshano ’me ba rapela le ho nehela pōpo tšebeletso e halalelang ho e-na le Ea bōpileng.” (Ba-Roma 1:21-23, 25, NW) Ho tšoana le litsebi tsa saense ea ho iphetola ha lintho, tseo, ha e le hantle, li buellang tatellano e inaheneloang ea protozoa-libōkō-litlhapi-liphoofolo tsa metsi-lihahabi-liphoofolo tse anyesang-“batho ba kang litšoene” e le “’mōpi” oa bona. Leha ho le joalo, lia tseba hore ha ho ntho e phelang e nang le sele e le ’ngoe e sa rarahanang e ka qalang tatellano eo. Ntho e phelang e sa rarahanang ho hang e tsejoang e na le liathomo tse limillione tse likete tse lekholo, ’me e na le litšebetso tsa k’hemik’hale tse etsahalang ka hare ho eona ka nako e le ’ngoe.
18, 19. (a) Ke mang eo ka nepo e leng Eena ea lokelang ho fuoa tlotla bakeng sa ho hlahisa bophelo? (b) Ke karolo e kae ea pōpo ea Jehova eo re ka e bonang?
18 Jehova Molimo ke ’Mōpi oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Ke Mohloli oa Pele e moholo. Lebitso la hae, Jehova, le bolela “O etsa hore ho be teng.” Re ke ke ra khona ho bala pōpo ea hae. Ka sebele ho na le limillione tse fetang tseo motho a li hlokomelang. Pesaleme ea 104:24, 25 e bontša sena: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale.” Jobo 26:14 (BPN) e hlakile tabeng ena: “Tsena ke linyane feela tsa matla a hae, tse boleloang ke eena ke lehoeshehoeshe; boholo ba matla a hae bo ka utloisisoa ke mang?” Re bona linyane feela, re utloa lehoeshehoeshe le seng lekae feela, empa ha ho bonolo ho utloisisa bohlokoa bo feletseng ba matla a hae a maholo.
19 Leha ho le joalo, re na le mohloli o molemonyana oa ho ’mona ho feta ka pōpo ea hae e bonahalang. Mohloli oo o bonahalang ke Lentsoe la hae, Bibele. Re retelehela mohloling oo sehloohong se latelang.
Na U sa Hopola?
◻ Ke eng seo Jobo a ileng a ithuta sona ha Jehova a bua le eena a le sefefong?
◻ Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re ba bang ba hloka boikemelo?
◻ Potoloho ea metsi e sebetsa joang?
◻ Ke lintho life tsa bohlokoa tseo khanya ea letsatsi e re etsetsang tsona?
◻ Ke linnete life tsa saense tseo Bibele e li senotseng pele saense e li hlokomela?