-
Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?Molula-Qhooa—2011 | July 1
-
-
Ho feta moo, taba ea hore ha ho letho le tšoereng lefatše e etsa hore ho be le potso e ’ngoe: Ke eng e etsang hore lefatše le lihloliloeng tse ling tsa leholimo li lule li tsamaea litselaneng tsa tsona ho se mohla li fapohang? Hlokomela mantsoe a hlollang ao Molimo a ileng a a bolella Jobo: “Na u ka tiisa litlamo tsa sehlopha sa linaleli sa Kima, kapa na u ka lokolla lithapo tsa sehlopha sa linaleli sa Kesile?” (Jobo 38:31) Bosiu bo bong le bo bong bophelong ba hae, Jobo o ne a bona linaleli tseo tse neng li tloaelehile ha li ntse li hlaha le ha li nyamela.c Empa ke hobane’ng ha li ne li lula li tšoana selemo le selemo, esita le ka mor’a lilemo-lemo? Ke litlamo life tse neng li tšoere linaleli tseo le lihloliloeng tse ling tsa leholimo hore li lule li le libakeng tsa tsona? Joang kapa joang, Jobo ha a nahana ka taba eo o ne a hlolloa haholo.
Haeba linaleli li ne li itšoarelelitse lilikalikoeng tse entseng bokahohle, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ho be le litlamo tse joalo. Bo-rasaense ba ile ba ithuta lilemo tse likete hamorao ka “litlamo” kapa “lithapo” tseo tse sa bonahaleng tse tšoereng lihloliloeng tsa lefatše ha li ntse li tsamaea butle bokahohleng. Isaac Newton, eo hamorao a ileng a tlatsoa ke Albert Einstein, ba ile ba tsebahala haholo ka seo ba se sibolotseng tabeng ena. Ke ’nete hore Jobo o ne a sa tsebe letho ka matla ao Molimo a a sebelisang hore lihloliloeng tsa leholimo li lule li le ’moho. Leha ho le joalo, mantsoe a bululetsoeng a bukeng ea Jobo a ipakile e le ’nete ka lilemo tse makholo ho feta hōle lithuto tsa Aristotle ea neng a nkoa a rutehile. Ha ho e mong ha e se Moetsi oa melao ena feela ea neng a ka ba le tsebo e kaalo!
-
-
Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?Molula-Qhooa—2011 | July 1
-
-
c E ka ’na eaba ha ho buuoa ka “sehlopha sa linaleli sa Kima,” ho ne ho boleloa sehlopha sa linaleli sa Pleiades. “Sehlopha sa linaleli sa Kesile” e ka ’na eaba e ne e le sehlopha sa linaleli sa Orion. Ho nka lilemo tse likete-kete hore lihlopha tse joalo tsa linaleli li fetohe ka tsela e bonahalang.
-