-
Motho oa Bohlokoa ka ho Fetisisa Bophelong ba Hao ke Mang?Molula-Qhooa—2011 | May 15
-
-
7, 8. Jobo ile a tobana le liteko life, hona o ile a bontša’ng ka ho mamella ha hae ka botšepehi?
7 Jehova o ile a lumella Satane hore a hlahisetse Jobo litlokotsi ka ho latellana. (Jobo 1:12-19) Jobo o ile a etsa’ng ka lebaka la maemo aa a fetohileng? Re bolelloa hore “ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato.” (Jobo 1:22) Leha ho le joalo, Satane ha aa ka a tela. O ile a boela a ipelaetsa a re: “Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.”a (Jobo 2:4) Satane o ile a bolela hore haeba Jobo a ne a ka hlokofatsoa, o ne a tla etsa qeto ea hore Jehova e ne e se Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae.
-
-
Motho oa Bohlokoa ka ho Fetisisa Bophelong ba Hao ke Mang?Molula-Qhooa—2011 | May 15
-
-
a Litsebi tse ling tsa Bibele li lumela hore e ka ’na eaba poleloana e reng “letlalo bakeng sa letlalo” e fana ka maikutlo a hore ka boithati Jobo o ne a tla lumella liphoofolo tsa hae le bana ba hae hore ba lahleheloe ke matlalo a bona kapa bophelo, hafeela eena a ne a ka boloka letlalo la hae kapa bophelo. Tse ling li lumela hore poleloana ena e hatisa hore motho o ne a tla ikemisetsa ho lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea letlalo hafeela a ne a ka pholosa bophelo ba hae. Ka mohlala, motho a ka ’na a thiba ka letsoho e le hore a se ke a otloa hloohong, ebe ka tsela eo o lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea letlalo e le hore a pholose letlalo la hae. Ho sa tsotellehe hore na maele ao a ne a bolela’ng, ho hlakile hore a fana ka maikutlo a hore Jobo o ne a tla tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka pelo e tšoeu hafeela a ne a ka pholosa bophelo ba hae.
-