-
Botšepehi ba Jobo Boa PutsoaMolula-Qhooa—1998 | May 1
-
-
Jehova o ile a qala ka ho khalemela Elifase, Bildade le Tsofare. Ha a bua le Elifase, eo ho hlakileng hore e ne e le eena e moholo ho bona, o ile a re: “Bohale ba ka bo tuketse uena le metsoalle ea hao e ’meli, hobane ha lea ka la bolela tsa ka hantle, joalo ka ha ho entse Jobo, mohlanka oa ka. Ka baka leo, ntšang joale lipoho tse supileng le lipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka oa ka, Jobo, le hlahise secheso bakeng sa lōna, ’me Jobo, mohlanka oa ka, a ke a le rapelle.” (Jobo 42:7, 8) Nahana hore na sena se ne se bolela eng!
Jehova o ile a batla sehlabelo se seholo ho Elifase, Bildade le Tsofare, mohlomong e le ho ba totobaletsa botebo ba sebe sa bona. Ka sebele, ebang ba ne ba hlokomela kapa ba ne ba sa hlokomele, ba ne ba nyefotse Molimo ka ho bolela hore ‘ha a tšepe bahlanka ba hae’ le hore o ne a sa tsotelle hore na Jobo o ne a tšepahala kapa che. Elifase o bile a re Jobo o ne a itšoanela feela le tšoèlè mahlong a Molimo! (Jobo 4:18, 19; 22:2, 3) Hase feela Jehova a ileng a re: “Ha lea ka la bolela tsa ka hantle”!
Empa hase seo feela. Elifase, Bildade le Tsofare ba ne ba boetse ba sitetsoe Jobo ka ho mo bolella hore ke eena ea ipaketseng mathata ao. Liqoso tsa bona tse se nang motheo le tse hlokang kutloelo-bohloko li ile tsa siea Jobo a halefile ’me a nyahame, tsa etsa hore a ipiletse: “Le tla ’ne le hlokofatse moea oa ka, le ho nthuhakanya ka lipolelo tsa lōna ho isa kae?” (Jobo 10:1; 19:2) Nahana lifahleho tse soabileng tsa banna bana ba bararo ha joale ba se ba lokela ho hlahisa nyehelo ho Jobo bakeng sa libe tsa bona!
Empa, Jobo o ne a sa lokela ho tšeha tsietsi eo ea bona. Ka sebele, Jehova o ne a batla hore a rapelle baqosi bao ba hae. Jobo o ile a phetha joalokaha a ne a laetsoe, ’me o ile a hlohonolofatsoa bakeng sa sena. Pele, Jehova o ile a folisa lefu la hae le tšabehang. Joale, bara le barali babo Jobo hammoho le metsoalle ea hae ea pele ba ile ba tla mo tšelisa, “e mong le e mong a mo nea sekoto sa chelete le lesale le khauta.”a Ho feta moo, Jobo o ile “a rua linku tse likete tse leshome le metso e mene, le likamele tse likete tse tšeletseng, le lipholo tse lekaneng lijoko tse sekete, le liesele tse sekete tse tšehali.”b ’Me ho hlakile hore mosali oa Jobo o ile a boelana le eena. Ha nako e ntse e feta, Jobo o ile a hlohonolofatsoa ka bara ba supileng le barali ba bararo, ’me o ile a phela a ba a bona moloko oa bone oa bana ba hae.—Jobo 42:10-17, NW.
-
-
Botšepehi ba Jobo Boa PutsoaMolula-Qhooa—1998 | May 1
-
-
Pele Jobo a khutlisetsoa boemong bo botle, Jehova o ile a batla hore Jobo a rapelle ba neng ba mo sitetsoe. Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa rōna! Jehova o batla hore re tšoarele ba re sitetsoeng pele re ka tšoareloa libe tsa rōna. (Matheu 6:12; Baefese 4:32) Haeba re sa ikemisetsa ho tšoarela ba bang ha ho e-na le lebaka le utloahalang la hore re ba tšoarele, na ka nepo re ka lebella hore Jehova a re hauhele?—Matheu 18:21-35.
-