Ho Koaholla Noha
“Ka tsatsi le leng, bara ba Molimo ba tla ho itlhahisa pel’a Jehova ’me Satane a kena har’a bona.”—JOBO 1:6.
1. (a) Lebitso Satane le simolohile hokae, ’me le bolela eng? (b) “Satane” e hlaha ka makhetlo a makae ka Mangolong, ’me ho hlaha lipotso life?
LEBITSO Satane le simolohile kae? Le bolela eng? Tšebelisong ea lona ea Bibele, le qapiloe ka litlhaku tse tharo tsa Seheberu ש (Sin), ט (Tehth), le נ (Nun). Ka hore na lilumi tsa tsona li ngotsoe kae, litlhaku tsena li bōpa lentsoe “Satane,” leo, ho ea ka setsebi Edward Langton, le “nkiloeng motsong o bolelang ‘ho hanyetsa,’ kapa ‘ho ba sera kapa ho itšoara joaloka sera.’” (Bapisa 1 Petrose 5:8.) Le hoja lebitso Satane le hlaha ka makhetlo a fetang 50 ka Bibeleng, le hlaha feela ka makhetlo a 18 Mangolong a Seheberu e bile e le libukeng tsa 1 Likronike, Jobo le Zakaria. Ka hona ho hlaha lipotso, Motho o qalile ho elelloa bofetoheli le liketso tsa Satane neng? Satane o senoloa neng ka ho hlaka ka lekhetlo la pele Mangolong a Seheberu?
2. Ke potso efe e ileng ea se arabeloe hang-hang kamor’a bofetoheli ba Adama le Eva?
2 Bibele e hlalosa ka mantsoe a bonolo empa e le a tebileng kamoo sebe le bofetoheli li ileng tsa e-ba teng lefatšeng, moo e neng e le serapa sa paradeise Bochabela bo Hare. (Bona Genese, likhaolo 2 le 3.) Le hoja ea ileng a ntšetsa pele ho se utloe ha Adama le Eva a tsebahatsoa e le noha, ha ho tataiso e fanoang hore na matla a sebele le bohlale ba sebele tse ileng tsa hlohleletsa lentsoe le neng le e-tsoa ho noha ke mang. Leha ho le joalo, Adama o bile le nako e telele ea hore a ka busa mehopolo ka liketsahalo tsa Edene tse ileng tsa isa ho lelekoeng ha hae serapeng sa paradeise.—Genese 3:17, 18, 23; 5:5.
3. Le hoja a sa thetsoa, Adama o ile a etsa sebe joang, ’me phello ea e-ba efe bakeng sa batho?
3 Ka ho hlakileng, Adama o ne a tseba hore liphoofolo ha li bue ka bohlale bo kang ba motho. Hape o ne a tseba hore Molimo o ne o sa ka oa bua le eena ka phoofolo leha e le efe pele ho moleko oa Eva. E be joale ke mang ea neng a boleletse mosali oa hae hore a se ke a utloa Molimo? Pauluse o bolela hore le hoja mosali a ile a thetsoa ka ho feletseng, Adama ha aa ka a thetsoa. (Genese 3:11-13, 17; 1 Timothea 2:14) Mohlomong Adama o ile a hlokomela hore sebopuoa se seng se sa bonahaleng se ne se etsa tlhahiso ea ho hong ho ka emang sebakeng sa ho utloa Molimo. Empa, le hoja eena ka boeena a sa ka a atameloa ke noha, o ile a ikhethela ho ea le mosali oa hae ho hlokeng kutlo. Ketso ea Adama ea ka boomo le ea boithatelo ea ho se utloe ea pshatla foromo ea phetheho, ea kenya sepha sa sebe, ’me ea isa thohakong ea lefu e neng e boletsoe e sa le pele. ’Me kahoo, a sebelisa moemeli oa noha, Satane a fetoha ’molai oa pele oa motho.—Johanne 8:44; Ba-Roma 5:12, 14.
4, 5. (a) Ke kahlolo efe ea boprofeta e ileng ea fanoa khahlanong le noha? (b) Ke lilotho life tse neng li akarellelitsoe boprofeteng boo?
4 Bofetoheli Edeneng bo ile ba fella ka kahlolo ea boprofeta e tsoang ho Molimo. Kahlolo eo e ne e ama “sephiri se halalelang” se neng se tla nka lilemo tse likete hore se koaholloe ka ho feletseng. Molimo oa re ho noha: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Ba-Efese 5:32, NW; Genese 3:15.
5 Boprofeta bona ba bohlokoa bo akarelletsa lilotho tse ngata. Hantle-ntle ho ne ho boleloa mang ka “mosali”? Na e ne e le Eva, kapa na e ne e le mosali e mong oa tšoantšetso oa bohlokoa haholoanyane ho feta Eva? Hape, ho ne ho boleloa eng ka ‘peo ea mosali’ le ‘peo ea noha’? Hona hantle-ntle noha eo peō ea eona e neng e tla ba sera sa peō ea mosali e ne e le mang? Joalokaha re tla tloha re buisana ka taba ena, ka ho hlakileng Jehova o ile a rera hore lipotso tsena li ne li tla arabeloa ka botlalo haholoanyane ka nako ea hae e loketseng.—Bapisa Daniele 12:4 le Ba-Kolosse 1:25, 26.
Bopaki bo Eketsehileng ba Bofetoheli Maholimong
6. Ke pono efe ea bofetoheli maholimong e ileng ea bonoa pele ho Moroallo?
6 Ha histori ea Bibele e ntse e tsoela pele, pontšo e ’ngoe ea bofetoheli bophelong bo phahameng haholoanyane ho feta ba batho e senoloa pejana feela ho Moroallo, lilemo tse ka bang 1 500 kamor’ a hore motho a oele sebeng. Tlaleho ea Bibele e re bolella hore “bara ba Molimo ba bona barali ba batho hoba ba batle, ’me ba inkela basali har’a bohle bao ba ikhethetseng bona.” Bana ba motsoako ona ba hlahisitsoeng ke ho kopana hona hoo e seng ha tlhaho ba ne ba tsebjoa e le “lifontoane,” “linatla tsa boholo-holo, tse mabitso a tumileng.” (Genese 6:1-4; bapisa Jobo 1:6 bakeng sa ho tseba hore na “bara ba Molimo” ke bafe.) Lilemo tse ka bang 1 600 hamorao Juda o ile a hlalosa ka bokhutšoanyane ketsahalo ena ha a ngola: “O bolokile litlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ea letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba ’ona.”—Juda 6; 2 Petrose 2:4, 5.
7. Ho sa tsotellehe bobe ba motho, ke sekheo sefe se hlollang seo re se fumanang libukeng tse ngata tsa histori tsa Bibele?
7 Ntlheng ena ea pele ho Moroallo ‘bobe ba batho bo ne bo le boholo lefatšeng, le ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o ne o le mobe ka matsatsi ’ohle.’ Leha ho le joalo, Satane ha a ka a boleloa ka ho toba bukeng e bululetsoeng ea Genese e le tšusumetso e matla e ileng ea hlohlelletsa bofetoheli ba mangeloi le bokhopo ba motho. (Genese 6:5) Ha e le hantle, historing eohle ea lichaba tsa Iseraele le Juda, ka ho oela ha tsona nako le nako borapeling ba melimo ea litšoantšo le borapeling ba bohata, ha ho mohla Satane a boleloang ka lebitso libukeng tse bululetsoeng tsa Bibele tsa Baahloli, Samuele, le Marena e le eena tšusumetso e sa bonahaleng e neng e hlohlelletsa liketsahalo tsena—le hoja, Satane a lumela hore o ne a “chalaka lefatšeng, le ho solla teng.”—Jobo 1:7; 2:2.
8. Na qalong Jobo o ne a hlokometse karolo ea Satane mahlomoleng a hae? Re tseba joang?
8 Esita leha re hlahloba tlaleho ea bohlokoa ea Jobo le liteko tsa hae, re bona hore ha ho mohla Jobo a kileng a re liteko tsa hae li ne li entsoe ke sera, Satane. Ka ho hlakileng, ka nako eo o ne a sa hlokomele tseko e neng e itšetlehile ka phello ea boitšoaro ba hae. (Jobo 1:6-12) O ne a sa hlokomele hore Satane ke eena ea mo lihetseng tlokotsing ka ho qholotsa botšepehi ba Jobo ka pel’a Jehova. Kahoo, ha mosali oa Jobo a mo khalemela ka mantsoe: “Na u sa tiiselitse tokeng ea hao na? Rohaka Molimo, ’me u shoe!” a araba ka bonolo feela: “Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na?” Kaha a ne a sa tsebe mohloli oa ’nete oa liteko tsa hae, ho bonahala a ne a li talima li e-tsoa ho Molimo ’me kahoo e le ntho e lokelang ho amoheloa. Kahoo, sena e bile teko e matla ea botšepehi ba Jobo.—Jobo 1:21; 2:9, 10.
9. Ke potso efe e utloahalang e ka botsoang mabapi le Moshe?
9 Joale ho hlaha potso. Haeba, joalokaha re lumela, Moshe a ile a ngola buka ea Jobo ’me kahoo a tsebile hore Satane o ne a solla lefatšeng, ke hobane’ng ha a sa bua ka Satane ka lebitso bukeng leha e le efe ea libuka tse hlano tsa pele, tse ngotsoeng ke eena le tsona? E, ke hobane’ng ha Satane a boleloa seoelo hakana ka Mangolong a Seheberu?a
Ho Pepesoa ho sa Fellang ha Satane
10. Satane o ile a pepesoa ka mokhoa o sa fellang feela joang ka Mangolong a Seheberu?
10 Le hoja a nyatsa liketso tse bululetsoeng ke bademona, Jehova bohlaleng ba hae ka ho totobetseng o ne a e-na le mabaka a matle a ho tiisa hore Sera sa hae, Satane, se pepesoe ka mokhoa o sa fellang feela ka Mangolong a Seheberu. (Levitike 17:7, NW; Deuteronoma 18:10-13; 32:16, 17; 2 Likronike 11:15) Kahoo, le hoja bangoli ba Baheberu ba ne ba e-na le tsebo e itseng ea Satane le karolo ea hae ea bofetoheli maholimong, ba ile ba bululeloa feela hore ba hlalose le ho pepesa libe tsa batho ba Molimo le lichaba tse neng li ba potolohile le ho fana ka keletso khahlanong le bokhopo ba tsona. (Exoda 20:1-17; Deuteronoma 18:9-13) Lebitso la Satane le ne le boleloa ka seoelo.
11, 12. Re tseba joang hore bangoli ba Bibele ba Baheberu ba ne ba tseba Satane le tšusumetso ea hae?
11 Ka lebaka la liketsahalo tsa Edene, boitšoaro bo hlephileng ba “bara ba Molimo,” le tlaleho e bukeng ea Jobo, bangoli ba bululetsoeng ba Bibele ba Baheberu ba ne ba tseba ka bobe, tšusumetso ea Satane e phahametseng matla a tlhaho. Moprofeta Zakaria, ea ileng a ngola hamorao lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., o ile a bona moprista e moholo Joshua le “Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela. Jehova a re ho Satane: Jehova a ke a u khalemele, Satane! Jehova . . . a u khalemele.” (Zakaria 3:1, 2) Hape, mongoli Esdrase, ha a ngola histori ea Iseraele le Juda lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., o boletse hore “eaba Satane o tsohela Iseraele matla, ’me a susumetsa Davida hore a bale baIseraele.”—1 Likronike 21:1.
12 Kahoo, mehleng ea Zakaria, moea o halalelang o ne o lumella hore karolo ea Satane e hlake haholoanyane ka Mangolong. Empa lilemo tse ling tse makholo a mahlano li ne li tla feta pele sebopuoa sena se khopo se pepesoa ka ho feletseng ka Lentsoeng la Molimo. Motheong oa Bibele, ke lebaka lefe leo re ka le supang ha re bea nako ena bakeng sa ho senoloa ho feletseng ha Satane?
Senotlolo sa Selotho
13-15. (a) Ke linnete life tsa bohlokoa tseo e leng senotlolo sa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Satane a ile a pepesoa ka mokhoa o sa fellang ka Mangolong a Seheberu? (b) Ka ho tla ha Jesu, Satane o ile a hlahisoa pooaneng joang?
13 Bakeng sa Mokreste ea lumelang Lentsoe la Molimo, senotlolo sa bohlokoa lipotsong tsena le tseo re li botsitseng pele se ke ke sa fumanoa ka ho tšoaea Bibele liphoso, joalokaha eka ke buka e ngotsoeng ka bokhabane feela, mosebetsi o feletseng oa bohlale ba motho. Senotlolo se senotsoe linneteng tse peli tsa bohlokoa tsa Bibele. Ea pele, joalokaha Morena Salomone a ile a ngola: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” (Liproverbia 4:18; bapisa Daniele 12:4; 2 Petrose 1:19-21.) ’Nete e senoloa butle-butle ka Lentsoeng la Molimo ka nako ea Molimo, tumellanong le hore na ho hlokahala eng le tumellanong le matla a bahlanka ba hae hore ba ka amohela ’nete e joalo.—Johanne 16:12, 13; Bapisa 6:48-69.
14 ’Nete ea bobeli ea bohlokoa e ho seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla morutuoa oa Mokreste Timothea: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, . . . motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Mora oa Molimo, Jesu, o ne a tla pepesa Satane, ’me hona ho ne ho tla ngoloa ka Mangolong, e le ho hlomella phutheho ea Bokreste hore e eme e tiile khahlanong le Satane ho tšehetsa borena ba Jehova.—Johanne 12:28-31; 14:30.
15 Motheong ona lilotho tsa Genese 3:15 li ’nile tsa khurumolloa butle-butle. Tlas’a tataiso ea moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang a oona, Mangolo a Seheberu a ile a fana ka tlhase tabeng ea ea neng a tla tla e le Messia, kapa Peō. (Esaia 9:6, 7; 53:1-12) Tumellanong le sena, a ’nile a e-ba le tataisonyana karolong ea Satane e le Sera sa Molimo le sera sa batho. Empa ka ho tla ha Jesu, Satane o ile a beoa pooaneng ka ho feletseng ha a nka bohato bo totobetseng le bo tobileng khahlanong le Peo e tšepisitsoeng, Jesu Kreste. Ha liketsahalo li ntse li tsoela pele lekholong leo la pele la lilemo la mehla ea Bokreste, karolo ea “mosali,” mokhatlo o hlophisitsoeng oa moea oa leholimo oa Jehova, le ea Peo Jesu Kreste, e ile ea hlakisoa ka Mangolong a Bokreste a Segerike. Ka nako e tšoanang, karolo ea Satane, “noha ea khale,” e ile ea etsoa hore a hlahele pooaneng haholoanyane.—Tšenolo 12:1-9; Mattheu 4:1-11; Ba-Galata 3:16; 4:26.
Ho Khurumolloa Sephiri se Halalelang
16, 17. “Sephiri se halalelang sa Kreste” se ne se ama eng?
16 Moapostola Pauluse o ile a ngola haholo ka “sephiri se halalelang sa Kreste.” (Ba-Efese 3:2-4; Ba-Roma 11:25; 16:25) Sephiri sena se halalelang se ne se amana le “peo” ea ’nete e neng e tla qetella e ranthantse noha ea khale, Satane Diabolose. (Tšenolo 20:1-3, 10) Sephiri sena se ne se ama ’nete ea hore Jesu e ne e le setho sa pele le se ka sehloohong sa “peō” eo empa hore o ne a tla kopana le ba bang, “majalefa hammoho” le eena, ba pele ba e-tsoa ho Bajode e be joale ho latela Basamaria le Balichaba, ho phetha palo ea “peō.”—Ba-Roma 8:17; Ba-Galata 3:16, 19, 26-29; Tšenolo 7:4; 14:1.
17 Pauluse oa hlalosa: “Sephiri seo ha sea ka sa senoleloa bana ba batho melokong e fetileng, joaloka ha se tsoa senoloa mehleng ena ke Moea ho baapostola ba hae ba halalelang, le ho baprofeta.” Hona sephiri see e ne e le eng? “Hore ba-lichaba ke majalefa le baIseraele, ke ’mele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli.”—Ba-Efese 3:5, 6; Ba-Kolosse 1:25-27.
18. (a) Pauluse o bontša joang hore ho ne ho hlokahala nako ho senola se boleloang ke “sephiri se halalelang”? (b) Tšenolo ee e ne e tla ama joang ho utloisisa se boleloang ka “noha ea khale”?
18 Pauluse o ile a hlolloa ke hore har’a batho bohle a ka sebelisetsoa ho bolela ‘monono o sa fihleloeng oa Kreste, le ho pepesa pel’a bohle litaba tsa sephiri seo, se neng se patiloe, mehla ea bohloleho e eso ho qale, ka ho Molimo o hlolileng lintho tsohle.’ Kapa joalokaha a ho boletse ho Bakolose: “Sephiri se ’nileng sa patoa mehleng eohle le melokong eohle, empa joale se pepeselitsoe bahalaleli ba oona.” Ka ho utloahalang, haeba sephiri se amanang le “peo” se ile sa qetella se senotsoe, se ne se tla ama hape ho koaholloa ho feletseng ha Sera se seholo, “noha ea khale.” Ka ho hlakileng, Jehova ha aa ka a ikhethela hore tseko le Satane e be ntho ea bohlokoa ho fihlela ho tleng ha Messia. ’Me ke mang ea neng a ka ba molemong haholoanyane ho koaholla Satane ho feta Peō, Kreste Jesu ka boeena?—Ba-Efese 3:8, 9; Ba-Kolosse 1:26.
Jesu o Pepesa Sera
19. Jesu o ile a pepesa Sera joang?
19 Qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu ka tieo o ile a hana Moleki ka mantsoe ana: “Tloha, Satane, hobane ho ngoliloe, ho thoe: Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.” (Mattheu 4:3, 10) Ketsahalong e fapaneng, Jesu o ile a pepesa lira tsa hae tse etselletsang tsa bolumeli tse neng li rerile ho ’molaea ka ho tsebahatsa molaoli oa tsona le ho mo pepesa e le matla a ileng a hlohleletsa noha Edeneng, a re: “Le tsoa ho ntat’a lōna, Diabolosi, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena e bile ’molai ho tloha tšimolohong, ’me ha aa ka a ema ’neteng, hobane ha ho ’nete ka ho eena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.”—Johanne 8:44, TLP.
20. Jesu o ne a e-na le motheo ofe oa ho pepesa Satane?
20 Jesu o ne a ka bua ka sebete joalo joang ha a pepesa Satane? O ne a mo tseba hantle hakaalo joang? Hobane o ne a ile a phela maholimong le Satane! Esita le pele eo ka boikhohomoso a fetohela Morena ’Musi Jehova, Jesu, e le Lentsoe, o ne a ile a mo tseba. (Johanne 1:1-3; Ba-Kolosse 1:15, 16) O ne a ile a hlokomela liketso tsa hae tsa bolotsana ha a ne a sebelisa noha Edene. O ne a bone tšusumetso ea hae e ipatileng ho Kaine ’molai oa ngoan’abo. (Genese 4:3-8; 1 Johanne 3:12) Hamorao, Jesu o ne a le teng lekhotleng la leholimo la Jehova ha “bara ba Molimo ba tla ho itlhahisa pel’a Jehova ’me Satane a kena har’a bona.” (Jobo 1:6; 2:1) E, Jesu o ne a mo tseba ka botebo ’me a loketse ho mo pepesa ka seo a leng sona—ea leshano, ’molai, moetselletsi, le sera sa Molimo!—Liproverbia 8:22-31; Johanne 8:58.
21. Ke lipotso life tse saletseng hore li arabeloe?
21 Ka sera se matla hakaalo se susumetsang batho le histori ea bona, lipotso joale ke tsena: Satane o pepesoa ho fella kae ka Mangolong a Bokreste a Segerike? Hona re ka hanela merero ea hae ea bolotsana le ho boloka botšepehi ba rōna ba Bokreste joang?—Ba-Efese 6:11, Kingdom Interlinear.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Moprofesa Russell oa bolela bukeng ea hae The Devil—Perceptions of Evil From Antiquity to Primitive Christianity: “’Nete ea hore Diabolose ha a hlakisoe ka ho feletseng Testamenteng ea Khale hase lebaka la ho hana hore o teng thutong ea bolumeli ea kajeno ea Sejode le ea Bokreste. Hoo e ne e tla ba maikutlo a fosahetseng a tšimoloho ea ntho: maikutlo a hore ’nete ea lentsoe—kapa khopolo—e fumanoa ka sebopeho sa lona sa pele. Ho e-na le hoo, ’nete ea histori ke ho tsoela pele ha eona ho theosa le nako.”—Leqephe 174.
Na u sa Hopola?
◻ Ke lilotho life tse amanang le Genese 3:15 tseo ho neng ho hlokahala hore li hlalosoe?
◻ Ho na le bopaki bofe ba Mangolo a Seheberu ba bofetoheli maholimong?
◻ Ke linnete life tse peli tse re thusang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Satane a boleloa seoelo ka Mangolong a Seheberu?
◻ “Sephiri se halalelang sa Kreste” se amana kae le ho senoloa ha Satane le karolo ea hae?
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Tšusumetso ea Satane e ne e totobetse ka ho hlakileng har’a batho lefatšeng la pele ho Moroallo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke Satane—motho oa sebele—ea ileng a qholotsa Molimo ka botšepehi ba Jobo