-
“U Tla Hloloheloa”Molula-Qhooa—2011 | March 1
-
-
Nahana ka boemo bona. Jobo, e leng monna ea nang le tumelo e ikhethang, o hlaheloa ke liteko tse bohloko haholo—tse akarelletsang ho lahleheloa ke maruo a hae, ho shoeloa ke bana ba hae kaofela bao a ba ratang le ho tšoaroa ke lefu le bohloko. Har’a mahlomola ao a hae, o ile a bitsa ho Molimo, a re: “Hoja u ka mpata Sheole [lebitla le tloaelehileng]!” (Temana ea 13) Jobo o ne a bona Sheole e le eona e ka mo phomotsang mahlomoleng a hae. Ha a le moo, joalokaha eka ke letlotlo le patiloeng ke Molimo, o ne a ke ke a hlola a imeloa ke mathata le ho opeloa.a
Na Jobo o ne a tla fella Sheole? Jobo o ne a sa lumele joalo. O ile a tsoela pele a re thapelong ea hae: “Hoja u ka . . . ntekanyetsa nako ’me ua nkhopola!” Jobo o ne a kholisehile hore Jehova a ke ke a mo lebala, o tla ba sheole nakoana feela. Jobo o ile a tšoantša nako eo a tla e qeta a le Sheole le ‘mosebetsi o qobelloang’—e leng nako eo motho a qobelloang hore a e lete. O ne a tla leta nako e kae? O ile a re: “Ho fihlela phomolo ea ka e fihla.” (Temana ea 14) Phomolo eo e ne e tla bolela ho lokolloa Sheole—ka mantsoe a mang, ho tsosoa bafung!
-
-
“U Tla Hloloheloa”Molula-Qhooa—2011 | March 1
-
-
a Buka e ’ngoe e re mantsoe a Jobo ha a ne a re ‘mpate’ a ka bolela “ho mpoloka moo ho sireletsehileng joaloka letlotlo la bohlokoa.” E ’ngoe eona e re mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore o ne a re “mpate joaloka letlotlo.”
-