Botšepehi—Ka Theko Efe?
“Ho ea tšepahalang, ua tšepahala.”—PESALEME EA 18:26, “TLP.”
1, 2. (a) Botšepehi ke eng, ’me litšobotsi tsa bona li ama bophelo ba rōna joang? (b) Ke hobane’ng ha ho le hotle hore re retelehele ho Jehova joaloka Mohlala oa rōna o ikhethang?
BOTŠEPEHI, boikarabelo, lerato, tlameho, ho hloka bokoenehi. Ke eng e tšoanang mantsoeng aa? Ke litšobotsi tse fapaneng tsa botšepehi. Botšepehi ke tšoaneleho ea bomolimo e hlahang boinehelong bo tlohang botebong ba pelo. Leha ho le joalo, ho batho ba bangata kajeno, botšepehi ha bo sa bolela letho. Ho tšepahala ho molekane oa lenyalo, litlamo tseo motho a nang le tsona ho litho tsa lelapa tse seng li hōlile, ho se koenehe ha mohiruoa botšepehing ba hae ho mohiri oa hae—tsena tsohle ha li tsotelloe ebile hangata lia sekisetsoa. ’Me ho etsahala’ng ha ho hlaha khohlano ea ho tšepahalla lintho tse fapaneng? Engelane, haufinyane tjena, ha ’mōloki oa litlaleho tsa lichelete a bolella bahlahlobi ba lekhetho ’nete ka chelete ea k’hamphani ea habo, o ile a felloa ke mosebetsi.
2 Ho bonolo ho bua feela ka botšepehi, empa botšepehi ba ’nete bo lokela ho tšehetsoa ke khato eo ho eona ho ke keng ha ba le ho sekisetsa ka tšabo. Joaloka batho ba sa phethahalang, hangata rea hlōleha ho sena. Kahoo ho hotle hore re nahane ka mohlala oa eo ho seng ea ka atlehang ho belaella botšepehi ba hae, Jehova Molimo ka boeena.
Ho Bontšoa Mohlala oa Botšepehi
3. Jehova o ile a ipaka a tšepahala morerong oa hae o boletsoeng ho Genese 3:15 joang?
3 Ha Adama a etsa sebe, ka ho hlaka Jehova o ile a senola morero oa hae oa ho lopolla lelapa la motho le neng le e-s’o hlahe. Motheo oa khato ena e ne e le lerato la hae pōpong ea hae ea batho. (Johanne 3:16) Ka nako e loketseng, Jesu Kreste, peō e tšepisitsoeng e boletsoeng esale pele ho Genese 3:15, o ile a ipaka e le sehlabelo sa topollo, ’me ho hang e ne e se ho ka nahanoang hore Jehova o ne a ka koenehela morero oa hae o senotsoeng. Ka ho amohela sehlabelo sa Jesu, tumelo ea rōna e ke ke ea lebisa masoabing.—Ba-Roma 9:33.
4. Jehova o ile a ipaka a tšepahala ho Jesu joang, hona ka phello efe?
4 Botšepehi ba Jehova ho Jesu bo ile ba matlafatsa Mora haholo ha a le lefatšeng. Jesu o ne a tseba hore o tlameha ho talimana le lefu, ’me o ne a ikemiselitse ka tieo ho lula a tšepahala ho Molimo oa hae ho fihlela qetellong. Ha a kolobetsoa le ha a tlotsoa ka moea o halalelang o ile a senoleloa tsebo e felletseng ea bophelo ba hae ba pele e e-ba motho oa nama. Bosiung boo a ekiloeng ka bona, o ile a rapella hore a khutlisetsoe ho Ntat’ae oa leholimo, ‘khanyeng eo a neng a e-na le eona pel’a Jehova pele lefatše le e-ba teng.’ (Johanne 17:5) See se ne se tla khoneha joang? Ka hore feela Jehova a se tlohele Mor’a hae ea tšepahalang lebitleng hore a bone ho bola. Jehova o ile a mo tsosa bafung ho mo fa bophelo ba ho se shoe, ka hona a phethahatsa tšepiso ea boprofeta e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 16:10 (NW): “Ha u na ho tlohela sephefumolohi sa ka Sheol.”—Liketso 2:24-31, TLP; 13:35; Tšenolo 1:18.
5. Liketso tse ling tsa botšepehi tse amanang le litšepiso tsa Jehova ho Jesu ke life?
5 Ka mor’a tsoho ea hae, ka ho tšoanang Jesu o ne a tseba hore o ne a ka itšetleha ka polelo ea Jehova ea hore o tla ‘beha lira tsa hae bonamelo ba maoto a hae.’ (Pesaleme ea 110:1) Nako eo e ile ea fihla ka 1914, qetellong ea “linako tse khethiloeng tsa lichaba,” ha ho theoa ’Muso maholimong. Ho phahamisetsoa ha Jesu ka holim’a lira tsa hae ho neng ho tšepisitsoe ho ile ha qaleha ka ho lelekoa ha Satane le bademona ba hae leholimong. Ho tla fihla tlhorong ha ba koalloa sekoting ka lilemo tse sekete le ha “marena a lefatše, le makhotla a ’ona” a se a timelitsoe.—Luka 21:24, NW; Tšenolo 12:7-12; 19:19; 20:1-3.
6. Ke tšepo efe e tiileng eo Molimo o re fang eona, ’me re ka bontša kananelo ea rōna bakeng sa eona joang?
6 Mopesaleme o ile a phehella: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, ’me o tla u phahamisa hore u rue lefatše.” (Pesaleme ea 37:34, NW) Re ka kholiseha hore Jehova o tla tsoela pele ho boloka tšepiso ea hae, ’me ho fihlela qetellong ea lefatše lena le khopo, o tla boloka banna, basali, le bana ba ‘bolokang tsela ea hae.’ Seheberung sa pele polelo eo e senola khopolo ea boikitlaetso le botšepehi ho sebeletseng Jehova. Ka hona, joale ena hase nako ea ho tepella kapa ea ho tlohela litokelo tsa tšebeletso tseo re li fuoang. Ena ke nako ea ho ikitlaetsa tšebeletsong e tšepahalang ea Molimo oa rōna le ’Muso oa oona. (Esaia 35:3, 4) Ho na le mehlala e metle e ka re khothatsang. A re ke re hlahlobeng e meng ea eona.
Bapatriareka ba Bontša Botšepehi
7, 8. (a) Ke likabelo life tsa mosebetsi tseo Jehova a ileng a li fa Noe le lelapa la hae? (b) Ke joang lelapa la Noe le ileng la ipaka le tšoaneleha bakeng sa ho sireletsoa ke Molimo nakong ea moroallo oa lefatše lohle?
7 Ha Jehova a rera ho timetsa mokhatlo oa batho o khopo ka moroallo oa metsi, o ile a etsa selekane le hlooho ea lelapa mopatriareka Noe bakeng sa ho pholosa lelapa la hae le ho ntšetsa bophelo pele lefatšeng lena. (Genese 6:18) Noe o ne a ananela tebello ea ho sireletsoa ke Molimo, empa eena le lelapa la hae ba ne ba lokela ho ipaka hore baa tšoaneleha ho fumana tšireletso eo. Joang? Ka ho etsa seo Jehova a se laetseng. Pele ba ne ba talimane le mosebetsi o boima haholo oa ho haha areka. Ha e se e phethiloe, Noe o ne a lokela ho e tlatsa liphoofolo tse emelang mofuta ka mong o neng o le teng hammoho le lijo tse lekaneng ho li fepa nako e telele. Empa e ne e se hoo feela. Nakong e telele ea tokisetso, Noe o ne a ntse a etsa sohle seo a ka se khonang mosebetsing oa ho bolela oo ho neng ho e-s’o be le o tšoanang le oona, a lemosa ka kahlolo ea Molimo e tlang.—Genese, likhaolo 6 le 7; 2 Petrose 2:5.
8 Bibele e re bolella hore: “Eaba Noe o etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.” (Genese 6:22; 7:5) Noe le lelapa la hae ba ile ba ipaka ba tšepahala ho phetheng likabelo tsa bona. Moea oa bona oa boitelo o ne o bolela ho sebelisa nako ea bona hamolemo, empa mosebetsi oo o ne o le boima ’me boboleli bo ne bo le thata. Ka hore ba se be le bana pele ho Moroallo, bara ba Noe le basali ba bona ba ile ba thuseha ho shebana le mosebetsi oo ba o abetsoeng le ho sebelisana ’moho mosebetsing oa bona. Moroallo oo oa tlokotsi o ile oa tlisa bofelo bo loketseng lefatšeng le khopo. Ke Noe, mosali oa hae, bara ba bona ba bararo le lingoetsi tse tharo feela ba ileng ba pholoha. Re ka thaba hore e be ba ile ba tšepahala ho Molimo le litaelong tsa oona, kaha e mong le e mong oa rōna ke setloholo sa Noe ka ho toba e-bang ke ka Sema, Kama, kapa Jafeta.—Genese 5:32; 1 Petrose 3:20.
9. (a) Ho lekoa ha Abrahama ke Jehova e ne e le teko ea botšepehi ba hae joang? (b) Isaaka o ile a bontša botšepehi joang ho see?
9 Ha Abrahama a lokisetsa ho nyehela Isaaka e le sehlabelo, o ne a nka khato eo hobane a utloa taelo ea Jehova ka botšepehi. Eo e ne e le teko e khōlō hakaakang ea botšepehi ba hae! Leha ho le joalo, Jehova o ile a thiba letsoho la Abrahama, a re: “Joale, kea tseba hoba u tšaba Molimo, ha u sa ka ua nkhanela le mora oa hao, ea mong ho uena.” Leha ho le joalo, ho tla ba hotle hore re nahanisise ka se etsahetseng pele ho seo. Nakong ea leeto la matsatsi a mararo la ho ea Thabeng ea Moria, ka sebele Abrahama o ile a ba le nako e lekaneng ea ho lekanya litaba le ho fetola maikutlo a hae. Ho thoe’ng ka Isaaka, ea ileng a jara patsi ea sehlabelo le ea ileng a lumela ho tlangoa matsoho le maoto? O ne a sa qea-qee botšepehing ba hae bo hlokang bokoenehi ho ntat’ae, Abrahama, leha e le hona hore o ne a belaella karolo eo a neng a lokela ho e phetha, le hoja ho ne ho bonahala hore tsela ea hae ea botšepehi e ne e tla hloka hore a tele bophelo ba hae.—Genese 22:1-18; Ba-Heberu 11:17.
Botšepehi ba Bokreste
10, 11. Bakreste ba pele ba fana ka mehlala efe ea botšepehi?
10 Ka mehla Jehova o ’nile a etsa lintho ka botšepehi ba ’nete. Moapostola Pauluse oa phehella: “Le be baetsisi ba Molimo.” (Ba-Efese 5:1, 2) Joalokaha bapatriareka ba ile ba arabela hamolemo, kahoo Bakreste ba ne ba lokela ho arabela hamolemo. Bakreste ba pele ba ile ba beha mehlala e metle borapeling bo tšepahalang, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.
11 Ho bonahala eka moemphera oa Roma Constantius I, ntat’a Moemphera Constantine, o ne a e-na le tlhompho e tebileng ho balateli ba Jesu Kreste. Ho leka botšepehi ba Bakreste ba sebetsang tlung ea hae ea borena, o ile a ba bolella hore ba ka lula tšebeletsong ea hae haeba feela ba ka lumela ho etsetsa melimo ea litšoantšo mahlabelo. Ba ile ba bolelloa hore ho hana ho ne ho tla etsa hore ba lelekoe mosebetsing ho be ho tlise kotlo e tsoang ho morena. Ka leqheka lena le bonolo, Constantius o ne a batla ho khetholla bao le ka mohla ba ke keng ba sekisetsa botšepehi ba bona. Ba ileng ba ipaka ba tšepahala ho Molimo le ho melao-motheo ea oona ba ile ba bolokoa tšebeletsong ea moemphera, ba bang ba ba ba fetoha baeletsi ba tšeptjoang. Ba sa kang ba tšepahala taelong ea Molimo ba ile ba lelekoa ka tsela e hlabisang lihlong.
12. Balebeli ba Bakreste ba lokela ho bontša botšepehi joang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa bakeng sa boiketlo ba phutheho?
12 Le hoja botšepehi e tlameha ho ba tšobotsi e khethollang bophelo ba Bakreste bohle, bo boletsoe ka ho khethehileng ho Tite 1:8 (NW) lethathamong la litšoaneleho tse hlokahalang hore motho e be molebeli oa Mokreste. William Barclay o bolela hore hoʹsi·os, lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “tšepahala,” e hlalosa “motho ea utloang melao ea ka ho sa feleng eo e neng e le ea bohlokoa e bileng e ntseng e le ea bohlokoa ho feta melao efe kapa efe e entsoeng ke motho.” Ke habohlokoa hore baholo ba nke khato e tšepahalang joalo ea ho utloa melao ea Molimo. Mohlala ona o nepahetseng o tla thusa phutheho ho hōla le ho ba matla bakeng sa ho thulana le liteko le likhatello tsohle tse ka ’nang tsa e sokela e le phutheho kapa tsa sokela litho tsa eona ka bomong. (1 Petrose 5:3) Baholo ba khethiloeng ba na le boikarabelo bo boholo ho mohlape ba hore le ka mohla ba se sekisetse botšepehi ba bona ho Jehova, hobane phutheho e lemosoa hore e “etsise tumelo ea bona.”—Ba-Heberu 13:7.
Botšepehi—Ka Theko Efe?
13. Lepetjo le reng “Batho bohle ba na le theko eo ba rekoang ka eona” le bolela eng, ’me ke mehlala efe eo ho bonahalang eka e paka see?
13 “Batho bohle ba na le theko eo ba ka rekoang ka eona,” leo ke lepetjo leo ho boleloang hore le ne le qaptjoe ke Monghali Robert Walpole, tona-khōlō ea Brithani ea lekholong la bo18 la lilemo. Le akaretsa hantle ’nete ea hore ho theosa le histori hangata botšepehi bo ’nile ba rekisoa bakeng sa phaello ea boikhabi. Nahana ka mofetoleli oa Bibele William Tyndale, eo ka phoso a ileng a amohela Henry Phillips joaloka motsoalle ea tšepahalang. Ka 1535 ka ho hloka botšepehi Phillips o ile a eka Tyndale ho lira tsa hae, e leng ho ileng ha etsa hore Tyndale a tšoaroe hang-hang a be a shoe ka potlako. Rahistori e mong o bolela hore Phillips, eo mohlomong e neng e le mpimpi ea morena oa Manyesemane kapa Mak’hatholike a Manyesemane, “o ile a lefshoa hantle bakeng sa mosebetsi oa hae o kang oa Judase.” Ka ho hlakileng, rahistori eo o ne a bua ka Judase Iskariota, ea ileng a amohela likotoana tse 30 tsa silevera e le theko ea ho eka Jesu Kreste. Leha ho le joalo, mehlala ena ha ea lokela ho re khannela qetong ea hore “theko” ea botšepehi ba motho e ba chelete ka mehla. Ha ho joalo.
14. Botšepehi ba Josefa ho Jehova bo ile ba lekoa joang, hona ka phello efe?
14 Ha mosali oa Potifaro a phehella Josefa hore a ‘robale le eena,’ botšepehi ba Josefa ho Jehova bo ile ba lekoa. O ne a tla etsa’ng? Ka mohopolo o seng o ntse o hlaketsoe ke melao-motheo e amehang, Josefa o ile a baleha a tsoa ka tlung, a ikemiselitse hore le ka mohla a ke ke a ‘etsa bobe bo boholo hakalo, a siteloa Molimo.’ Tebello ea monyaka oa likamano tsa botona le botšehali ha ea ka ea e-ba matla ho feta botšepehi ba Josefa ho Molimo oa hae, Jehova.—Genese 39:7-9.
15. Absalome o ile a bontša ho se tšepahale joang, hona ka phello efe?
15 Leha ho le joalo, ho na le likotsi tse ling; ho rata bophahamo ho ka fokolisa botšepehi. Eo ke eona tšusumetso e ileng ea hlohlelletsa Absalome hore a fetohele ntat’ae, Morena Davida. Ka mano le bomene-mene, Absalome o ile a etsa matsapa a ho iketsetsa setsoalle sechabeng. Qetellong, o ile a bokella lebotho hore le e’o loantša batšehetsi ba tšepahalang ba ntat’ae. Ho bolaoa ha hae ke Joabe ho ile ha felisa ho se tšepahale ha Absalome ho ntat’ae, Davida, empa o ile a lefa theko e khōlō hakaakang ka baka la ho leka ho phethola tokisetso ea puso ea Molimo!—2 Samuele 15:1-12; 18:6-17.
Botšepehi bo se Nang Theko
16. Ba-Korinthe ba Bobeli khaolo ea 11:3 e senola eng ka merero ea Satane?
16 Le hoja Satane a bolela hore motho e mong le e mong o na le theko eo a ka rekoang ka eona, ’me ho bile joalo ho Absalome, ha hoa ka ha e-ba joalo ho Josefa, ’me ha ho mohla ho kileng ha e-ba joalo ho barapeli ba Jehova ba tšepahalang. Leha ho le joalo, Satane o tla tšepisa ho fana ka ntho leha e le efe ho etsa hore re senye botšepehi ba rōna ho ’Mōpi oa rōna. Moapostola Pauluse o hlalositse tšabo ea hae ea hore “joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona,” monahano oa rōna o ka ’na oa silafatsoa, e leng ho tla etsa hore re sekisetse botšepehi ba rōna ho Jehova le borapeli ba hae.—2 Ba-Korinthe 11:3.
17. Ba bang ba rekisitse litokelo tsa bohlokoahali tsa tšebeletso hore ba fumane eng?
17 Ke ho loketseng hore re ipotse: ‘Na ho na le theko leha e le efe eo ke neng ke tla e amohela bakeng sa ho tela tokelo ea ka ea ho rapela ’Mōpi oa ka ka botšepehi?’ Hoa soabisa hore, ho fapana le Josefa, ba bang bao e neng e le bahlanka ba inehetseng ba Jehova ba batlile theko e fokolang haholo bakeng sa ho tela tokelo eo. Esita le baholo ba bang ba rekisitse litokelo tsa bona tsa bohlokoahali tsa tšebeletso e halalelang bakeng sa ho fumana thabo ea motsotsoana ea menyaka ea nama ea boitšoaro bo bobe. E-bang ke baholo kapa che, ba bangata ba etsang sena ba lahlehetsoe ke bonngoe ba lelapa, lerato le tlhompho tsa phutheho tseo ba ke keng ba hlola ba li fumana, le kamohelo ea Jehova—Eena ea ka fanang ka matla a ho boloka botšepehi le ho loantša teko leha e le efe e tsoang ho Satane.—Esaia 12:2; Ba-Filippi 4:13, NW.
18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho utloa temoso e ho 1 Timothea 6:9, 10?
18 Ba bang, ka boikemisetso bo tletseng lerato la bophahamo ba hore ba atlehe lipakaneng tsa lefatše, ba “itlhabile ka mahlomola a mangata,” ho sa tsotellehe litemoso tsa Bibele tse hlakileng. (1 Timothea 6:9, 10) Demase, Mokreste eo Pauluse a ileng a bua ka eena, o ile a lahleheloa ke tebello ea moputso ka lona lebaka lena, mohlomong ka nakoana kapa ka ho sa feleng. (2 Timothea 4:10) Le ka mohla motho a ke ke a sekisetsa botšepehi ho Jehova ka ntle le ho fumana liphello tsa tlokotsi. “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.
19, 20. (a) Tse ling tsa likotsi tse amanang le ho shebella thelevishene ka ho fetelletseng ke life? (b) Lelapa le leng la Paki le behile mohlala ofe?
19 Ka linako tse ling theko e ipiletsang e hlaha ka tsela e bolotsana haholo. Ka mohlala, tlaleho e tsoang United States e bolela hore malapa a mangata a qeta hoo e ka bang halofo ea lihora tsa ha a sa robala a le lapeng a shebelletse thelevishene, ’me e lemalletsoe ke bacha ka ho khethehileng. Haeba Mokreste a ne a ka tlatsa kelello ea hae ka thelevishene haholo, ka likamano tsa botona le botšehali le pefo tseo e li bontšang, ka potlako o ne a tla fokolisa melao-motheo ea hae ea Bokreste. Seo se ne se ka lebisa habobebe ho fetoheng ha hae ea sa tšepahaleng, ea ikarohantseng le Jehova. Tloaelano e mpe joalo e hlile e senya mekhoa e molemo. (1 Ba-Korinthe 15:33) Re tlameha hore re se lebale hore Mangolo a re lemosa hore re iphe nako ea ho ithuta le ho thuisa ka Lentsoe la Jehova. Na nako e ngata ka ho fetelletseng eo motho a e qetang a khatholohile ka pel’a thelevishene ke phapanyetsano e loketseng bakeng sa ho tela nako e neng e ka sebelisoa ho fumana tsebo e isang bophelong bo sa feleng joaloka morapeli ea tšepahalang oa Jehova? Ba bangata ba fumanang tsebo ea ’nete kajeno ba ile ba tlameha ho etsa liphetoho tse khōlō monahanong oa bona ntlheng ena.—1 Timothea 4:15, 16; 2 Timothea 2:15, NW.
20 Takashi ke rakhoebo oa Lejapane ea phelang Engelane. O ne a tloaetse ho qeta lihora tse tharo kapa tse ’nè hangata mantsiboea a shebelletse thelevishene hammoho le lelapa la hae. Ka mor’a hore eena le mosali oa hae ba kolobetsoe lilemong tse tharo tse fetileng, o ile a etsa qeto ea hore thuto ea botho ea Bibele le ea lelapa li lokela ho tla pele. Ka ho fokotsa nako ea hae ea ho shebella thelevishene hore ka karolelano e be metsotso e 15 kapa e 30 feela ka letsatsi, o ile a etella lelapa la hae pele hantle. Le hoja Takashi a lokela ho ithuta ka Libibele tse peli, e ’ngoe e le ea Senyesemane ’me e ’ngoe e le ea Sejapane, khōlo ea hae ea moea e bile e potlakileng, ’me hona joale o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong e buang Senyesemane. Mosali oa hae ke pula-maliboho ea thusang. Takashi o re: “Ho sireletsa bomoea ba bashemane ba rōna ba babeli, letsatsi le leng le le leng ke laola ka hloko seo ’na le mosali oa ka re ba lumellang ho se bona thelevisheneng.” Ho ikhalemela ho joalo hoa putsa.
21. Ke eng eo re e tsebang ka maqiti a Satane, ’me re ka itšireletsa joang?
21 Re ka kholiseha ka sena: Satane o tseba mefokolo ea rōna, mohlomong hamolemo ho feta kamoo rōna ka borōna re e tsebang ka teng. O tla etsa eng kapa eng ha a ntse a leka ho etsa hore re sekisetse kapa re fokole botšepehing ba rōna bo hlokang bokoenehi ho Jehova. (Bapisa le Mattheu 4:8, 9.) Ka hona, re ka itšireletsa joang? Ka hore ka mehla re hopole boinehelo ba rōna le ka ho thabela ho hlaolela ho ba hloahloa ha re ntse re sebeletsa litlhoko tsa ba bang tsa moea. Joaloka bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, re tlameha ho ipoloka re tšoarehile tšebeletsong ea hae ’me ka linako tsohle re tataisoe ke Lentsoe la hae le halalelang. Sena se tla re thusa qetong ea rōna e tiileng ea hore theko leha e le efe eo Satane a ka e tšepisang e se re khelose botšepehing ho Molimo.—Pesaleme ea 119:14-16.
U Arabela Joang?
◻ Jehova le Jesu ba bontšitse botšepehi joang?
◻ Mehlala e meng ea botšepehi e ka Bibeleng ke efe?
◻ Satane a ka ’na a re tšepisa eng kapa a ka ’na a leka ho etsa’ng?
◻ Re ka imatlafatsa joang hore re lule re tšepahala borapeling ba rōna ho Jehova?