Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 13. (a) Kreste o fetohile “moprista ka ho sa feleng,” ea ikarabellang bakeng sa poloko e sa feleng joang? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a phehella Baheberu hore ba ikitlaeletse ho fihla khōlong ea moea?

      13 Pono e bontšang kutloisiso e felletseng ka boholo ba boprista ba Kreste (4:14–7:28). Pauluse o phehella Baheberu hore ba tšoarelle ho lumeleng ho Jesu, Moprista ea Phahameng e moholo ea phollelitseng le maholimo, e le hore ba tle ba fumane mohau. Kreste ha aa ka a itlotlisa, empa ke Ntate ea itseng: “U moprista ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Ba-Heb. 5:6; Pes. 110:4) Pele, Kreste o ile a etsoa ea phethehileng bakeng sa boemo ba moprista ea phahameng ka hore a ithute kutlo ka ho hlokofatsoa, e le hore a tle a ikarabelle bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utloang. Pauluse ‘o na le taba tse ngata tseo a ka li bolelang tse thata ho hlalosoa,’ empa Baheberu e sa le masea a hlokang lebese, athe ha e le hantle, ba tšoanela hore e be e se e le matichere. “Lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe.” Moapostola o ba phehella hore ba “ikitlaeletse ho fihla khōlong ea moea.”—Ba-Heb. 5:11, 14; 6:1, NW.

      14. Balumeli e ka ba majalefa a tšepiso joang, ’me tšepo ea bona e theiloe motheong o tiileng joang?

      14 Ho ke ke ha hlola ho etsahala hore ba tsebileng lentsoe la Molimo empa ba se ba khelohile ba boele ba tsosolosetsoe pakong “hobane ba ikhokhothella Mora oa Molimo bocha ’me ba mo pepesetsa lihlong pontšeng.” Ke ka tumelo le mamello feela balumeli e ka bang majalefa a tšepiso e fuoeng Abrahama—tšepiso e netefalitsoeng le e tiisitsoeng ka lintho tse peli tse ke keng tsa fetoha: Lentsoe la Molimo le kano ea oona. Tšepo ea bona, e tšoanang le “ankora ea sephefumolohi, e netefalitsoeng le e tiileng,” e hlonngoe motheong o tiileng ka ho kena ha Jesu “ka har’a lesira” e le Moetelli le Moprista ea Phahameng ka mokhoa oa Melkisedeke.—6:6, 19, NW.

      15. Ke eng e bontšang hore boprista ba Jesu, bo leng ho ea ka mokhoa oa Melkisedeke, bo ne bo tla ba boholo ho ba Levi?

      15 Melkisedeke enoa e ne e le “morena oa Saleme” e bile e le “moprista oa Molimo o Holimo-limo.” Esita le hlooho ea lelapa Abrahama o ne a mo ntšetsa karolo ea leshome, ’me ka eena Levi, ea neng a tla tsoa lethekeng la Abrahama, le eena o ile a ntša karolo ea leshome. Ka hona tlhohonolofatso ea Melkisedeke ho Abrahama e ile ea fetela ho Levi ea neng a e-s’o tsoaloe, ’me sena se ile sa bontša hore boprista ba Bolevi bo ne bo le ka tlaase ho ba Melkisedeke. Ho feta moo, hoja phetheho e ne e tlile ka boprista ba Bolevi ba Aarone, na ho ne ho tla hlokahala hore ho be le moprista e mong “ho ea ka mokhoa oa Melkisedeke”? Ho feta moo, kaha boprista boa fetoha, “ho hlokahala hore molao le oona o fetoloe.”—7:1, 11, 12, NW.

      16. Ke hobane’ng ha boprista ba Jesu bo feta boprista bo neng bo le tlas’a Molao ka boholo?

      16 Ha e le hantle, Molao ha oa etsa hore ho be le eng kapa eng e phethehileng empa o ile oa ipaka o fokola o bile o sa sebetse. Ka lebaka la hore baprista ba oona ba ile ba ’na ba shoa, ba ile ba ba bangata, empa ka hore e be Jesu “o tsoela pele a phela ka ho sa feleng o na le boprista ba hae ka ntle ho bahlahlami leha e le bafe. Ka lebaka leo o boetse o khona ho boloka ka ho phethahetseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela ka mehla ho ipiletsa bakeng sa bona.” Moprista enoa ea Phahameng, Jesu, “oa tšepahala, ha a na molato, ha aa silafatsoa, o arohane le baetsalibe,” athe baprista ba phahameng ba neng ba khethoa ke Molao ba ne ba fokola, ba lokela hore ba nyehele mahlabelo bakeng sa libe tsa bona pele e ka ba bakena-lipakeng bakeng sa ba bang. Kahoo lentsoe la kano ea Molimo e hlapantsoeng le “khetha Mora, ea phethahalitsoeng ka ho sa feleng.”—7:24-26, 28, NW.

  • Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 25. Pauluse o sebelisa Mangolo a Seheberu ka litsela life tse fanang ka kutloisiso?

      25 Ho feta moo, lengolong la Pauluse le eang ho Baheberu, re fumana bopaki bo susumetsang ba hore boprofeta bo tlalehiloeng khale ka Mangolong a Seheberu bo ile ba phethahatsoa ka tsela e tsotehang hamorao. Sena sohle se reretsoe ho re ruta le ho re tšelisa kajeno. Ka mohlala, ho Ba-Heberu, ka makhetlo a mahlano Pauluse o sebelisa mantsoe a boprofeta ba ’Muso a hlahang Pesalemeng ea 110:1 ho Jesu Kreste e le Peō ea ’Muso, ea ‘lutseng letsohong le letona la terone ea Molimo’ a emetse “hore bao e leng lira ho eena ba beoe bonamelo ba maoto a hae.” (Ba-Heb. 12:2; 10:12, 13; 1:3, 13; 8:1) Ho feta moo, Pauluse o qotsa Pesaleme ea 110:4 ha a hlalosa tšebeletso ea bohlokoa e phethahatsoang ke Mora oa Molimo e le “moprista ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” Joaloka Melkisedeke oa boholo-holo, eo tlalehong ea Bibele e leng “ea se nang ntat’ae le ’m’ae, ea se nang le leloko, leha e le qaleho ea litšiu le qetello ea bophelo,” Jesu ke Morena ebile ke “moprista ka ho sa feleng” ho aba melemo e sa feleng ea sehlabelo sa hae sa topollo ho bohle ba ikokobeletsang puso ea hae ka kutlo. (Ba-Heb. 5:6, 10; 6:20; 7:1-21) Pauluse o supa eena Morena enoa eo e bileng e leng Moprista ha a qotsa Pesaleme ea 45:6, 7: “Molimo ke terone ea hao ka ho sa feleng, ’me lere la ’muso oa hao ke lere la ho loka. U ratile ho loka, ’me u hloile ho hloka molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, o u tlotsitseng ka oli ea nyakallo ho feta bo-mphato ba hao.” (Ba-Heb. 1:8, 9, NW) Ha Pauluse a qotsa Mangolong a Seheberu ’me a bontša hore a phethahetse ho Kreste Jesu, re bona likarolo tsa mohlala oa bomolimo li nyalana hantle ho re fa kutloisiso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela