-
Ba Lokileng ba Tla Rorisa Molimo ka ho sa FelengMolula-Qhooa—2009 | March 15
-
-
11, 12. Tse ling tsa litsela tseo ka tsona batho ba Molimo ba sebelisang lintho tse bonahalang tseo ba nang le tsona ke life?
11 Batho ba Molimo, e leng sehlopha sa lekhoba sa batlotsuoa hammoho le “bongata bo boholo,” ba bontšitse hore ba fana ka lintho tse bonahalang. Pesaleme ea 112:9 e re: “O abile ka ho pharaletseng; o file mafutsana.” Kajeno Bakreste ba ’nete ba atisa ho fana ka menehelo ea lintho tse bonahalang ho Bakreste-’moho le bona hammoho le ho baahelani ba bona ba hlokang. Ba boetse ba sebelisa matlotlo a bona ho thusa matšolong a liphallelo nakong ea likoluoa. Joalokaha Jesu a ile a bolela, seo le sona sea thabisa.—Bala Liketso 20:35; 2 Bakorinthe 9:7.
12 Ho phaella moo, nahana ka chelete e sebelisoang ho hatisa makasine ena ka lipuo tse 172, tseo bongata ba tsona li buuoang ke batho ba futsanehileng. Hopola hape hore makasine ena e boetse e fumaneha ka lipuo tsa matsoho tse fapa-fapaneng tse sebelisoang ke batho ba nang le bokooa ba kutlo, e boetse e fumaneha ka mongolo oa Braille, o sebelisoang ke batho ba sa boneng.
-
-
Ba Lokileng ba Tla Rorisa Molimo ka ho sa FelengMolula-Qhooa—2009 | March 15
-
-
O “Phahamisoa ka Khanya”
17. Ea lokileng o “tla phahamisoa ka khanya” joang?
17 E tla ba ho thabisang hakaakang hore re rorise Jehova re momahane, ho se khanyetso e tsoang ho Diabolose le lefatše la hae! Thabo eo e tla ba kabelo ea ka ho sa feleng ea ba lulang ba lokile ka pel’a Molimo. Ba ke ke ba hlōloa ka tsela e tlotlollang, kaha Jehova o boetse o tšepisa hore “lenaka” la ea lokileng oa hae “le tla phahamisoa ka khanya.” (Pes. 112:9) Ea lokileng oa Jehova o tla thaba ha a bona lira tsohle tsa bobusi ba Jehova li hlōloa.
-