Jehova ke Mothusi oa Rōna
“Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše.”—PESALEME EA 121:2.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore bohle re hloka thuso ka linako tse ling? (b) Jehova ke Mothusi oa mofuta ofe?
KE MANG ho rōna eo ho seng mohla a hlokang thuso? ’Nete ke hore bohle re hloka thuso ka linako tse ling—thuso ea ho sebetsana le bothata bo boima, ea ho mamella bohloko ba ho shoeloa le ea ho tiisetsa teko e bohloko. Hangata ha batho ba hloka thuso, ba e kōpa ho motsoalle ea lerato. Ho bolella motsoalle eo bothata ho ka u imolla. Empa thuso eo motho e mong a fanang ka eona e na le moeli. Ntle ho moo, hase kamehla batho ba bang ba ka khonang ho fana ka thuso ha e hlokahala.
2 Leha ho le joalo, ho na le Mothusi ea nang le matla le mehloli e sa lekanyetsoang ea thuso. Ho feta moo, o re tiisetsa hore a ke ke a re lahla le ka mohla. Ke Eena eo mopesaleme a ileng a bua ka eena ka kholiseho e feletseng a re: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.” (Pesaleme ea 121:2) Ke hobane’ng ha mopesaleme enoa a ne a kholisehile hore Jehova o tla mo thusa? A re arabeleng potso ena ka ho sekaseka Pesaleme ea 121. Ha re etsa joalo re tla khona ho bona hore na ke hobane’ng ha le rōna ka kholiseho re ka kōpa thuso ho Jehova joalokaha e le Mothusi oa rōna.
Mohloli o sa Psheng oa Thuso
3. E ka ’na eaba mopesaleme o ne a phahamiselitse mahlo a hae lithabeng life, hona e le ka lebaka lefe?
3 Mopesaleme o ile a qala ka ho hlalosa hore kaha Jehova o bōpile lintho tsohle, re na le motheo oa tšepo: “Ke tla phahamisetsa mahlo a ka lithabeng. Thuso ea ka e tla tsoa hokae? Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše.” (Pesaleme ea 121:1, 2) Mopesaleme ha aa ka a phahamisetsa mahlo a hae thabeng leha e le efe e ’ngoe. Nakong eo ho neng ho ngoloa mantsoe ana, tempele ea Jehova e ne e le Jerusalema. Motse oo, o neng o lutse holimo lithabeng tsa Juda, e ne e le bolulo ba tšoantšetso ba Jehova. (Pesaleme ea 135:21) Ho ka etsahala hore ebe mopesaleme o ile a phahamisetsa mahlo a hae lithabeng tsa Jerusalema tseo tempele ea Jehova e neng e hahiloe ho tsona, eaba ka kholiseho o kōpa thuso ea Jehova. Ke hobane’ng ha mopesaleme a ne a kholisehile hakaalo hore Jehova o ne a ka mo thusa? Hobane Ke “Moetsi oa leholimo le lefatše.” Ha e le hantle, mopesaleme o ne a re, ‘Ka sebele ha ho letho le ka thibelang ’Mōpi ea matla ’ohle hore a nthuse!’—Esaia 40:26.
4. Mopesaleme o ile a bontša joang hore kamehla Jehova o falimehela litlhoko tsa batho ba hae, ’me ke hobane’ng ha khopolo ee e tšelisa?
4 Ka mor’a moo, mopesaleme o hlalosa hore kamehla Jehova o falimehetse litlhoko tsa bahlanka ba hae: “A ke ke a lumella leoto la hao hore le therekele. Ea u lebelang a ke ke a otsela. Bona! A ke ke a otsela kapa a robala, ea lebelang Iseraele.” (Pesaleme ea 121:3, 4) Molimo a ke ke a lumella hore ba mo tšepang ba “therekele” kapa ba oe hoo ba ke keng ba tsoha. (Liproverbia 24:16) Hobane’ng? Hobane Jehova o tšoana le molisa ea alositseng linku tsa hae a falimehile ka ho feletseng. Na khopolo ee ha e u tšelise? Le ka nakoana feela a ke ke a iphapanyetsa litlhoko tsa batho ba hae. O ba lebela bosiu le motšehare.
5. Ke hobane’ng ha ho thoe Jehova o ka ‘letsohong le letona’?
5 Mopesaleme o ne a kholisehile hore Jehova ke Mosireletsi ea tšepahalang oa batho ba hae ha a tla be a ngole a re: “Jehova oa u lebela. Jehova ke moriti oa hao ka letsohong la hao le letona. Letsatsi le ke ke la u bataola motšehare, kapa khoeli bosiu.” (Pesaleme ea 121:5, 6) Ha letsatsi le ne le bataola Bochabela bo Hare, motho ea tsamaeang ka maoto o ne a fumana tšireletso e hlokahalang moriting. Jehova o tšoana le moriti ho batho ba hae, o ba sireletsa litlokotsing tse chesang joaloka lebatama. Hlokomela hore ho thoe Jehova o ka ‘letsohong le letona.’ Ha ho ne ho loanoa mehleng ea boholo-holo, letsoho le letona la lesole le ne le batla le sa sireletsoa ke thebe, e neng e tšoaroa ka letsohong le letšehali. Motsoalle ea tšepahalang o ne a ka sireletsa lesole la habo ka hore a loane a eme ka letsohong le letona la lona. Jehova o tšoana le motsoalle eo ka ho ema ka botšepehi ka lehlakoreng la barapeli ba hae, a loketse ho ba thusa ka linako tsohle.
6, 7. (a) Mopesaleme o re tiisetsa joang hore Jehova le ka mohla a ke ke a khaotsa ho thusa batho ba hae? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha joaloka mopesaleme?
6 Na Jehova o tla ke a khaotse ho thusa batho ba hae? A ke ke! Mopesaleme o ile a phetha ka ho re: “Jehova o tla u lebela khahlanong le tlokotsi eohle. O tla lebela moea oa hao. Jehova o tla lebela ho tsoa ha hao le ho kena ha hao ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 121:7, 8) Hlokomela hore mongoli ha a sa bua ka bojoale empa o se a bua ka bomoso. Pejana, temaneng ea 5, mopesaleme o ile a re: “Jehova oa u lebela.” Empa litemaneng tsena mopesaleme o ile a ngola tjena: “Jehova o tla u lebela.” Barapeli ba ’nete ba tiisetsoa ka tsela eo hore thuso ea Jehova e tla tsoela pele le ka moso. Ho sa tsotellehe hore na ba ea hokae, ho sa tsotellehe hore na ba thulana le tlokotsi efe, ba ke ke ba e-ba hōle le letsoho la hae le thusang.—Liproverbia 12:21.
7 Ka sebele, mongoli oa Pesaleme ea 121 o ne a kholisehile hore ’Mōpi ea matla ’ohle o lebela bahlanka ba hae ka bonolo ba molisa ea lerato le ka phalimeho ea molebeli ea chatsi. Kaha Jehova ha a fetohe, re na le mabaka a feletseng a ho kholiseha joaloka mopesaleme. (Malakia 3:6) Na see se bolela hore kamehla re tla sireletsoa ’meleng? Che, empa hafeela re kōpa thuso ho eena hobane e le Mothusi oa rōna, o tla re sireletsa linthong tsohle tse ka re ntšang kotsi moeeng. Ho tloaelehile hore motho a botse, ‘Jehova o re thusa joang?’ A re sekasekeng litsela tse ’nè tseo a re thusang ka tsona. Sehloohong sena, re tla tšohla kamoo a ileng a thusa bahlanka ba hae kateng mehleng ea Bibele. Sehloohong se latelang, re tla ithuta kamoo a thusang batho ba hae kateng kajeno.
Thuso ea Mangeloi
8. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe mangeloi a thahasella haholo ho bona bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ba thabile?
8 Jehova o laola mangeloi a limilione tsa limilione. (Daniele 7:9, 10) Bara bana ba moea ba phetha thato ea hae ka botšepehi. (Pesaleme ea 103:20) Ba tseba hantle hore Jehova o rata barapeli ba hae ba batho haholo le hore o batla ho ba thusa. Ha ho makatse hore ebe mangeloi a thahasella haholo ho bona bahlanka ba Molimo ba lefatšeng ba thabile. (Luka 15:10) Kahoo, ka sebele e tlameha ebe mangeloi a thabela hore Jehova o a sebelisetsa ho thusa batho. Mehleng ea boholo-holo Jehova o ile a sebelisa mangeloi a hae ka litsela life ho thusa batho ba mo sebeletsang?
9. Fana ka mohlala oa kamoo Molimo a ileng a fa mangeloi matla a hore a sireletse batho ba tšepahalang.
9 Molimo o ile a fa mangeloi matla a hore a sireletse a be a lokolle batho ba tšepahalang. Mangeloi a mabeli a ile a thusa Lota le barali ba hae hore ba pholohe timetso ea Sodoma le Gomora. (Genese 19:1, 15-17) Lengeloi le le leng le ile la rinya masole a Assyria a 185 000 a neng a sokela Jerusalema. (2 Marena 19:35) Ha Daniele a ne a akheloa ka sekoting sa litau, Jehova ‘o ile a romela lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.’ (Daniele 6:21, 22) Lengeloi le ile la lokolla moapostola Petrose chankaneng. (Liketso 12:6-11) Bibele e bua ka mehlala e meng e mengata ea tšireletso e ileng ea fanoa ke mangeloi, ho tiisa seo Pesaleme ea 34:7 e se bolelang ha e re: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.”
10. Jehova o ile a sebelisa lengeloi joang ho khothatsa moprofeta Daniele?
10 Ka linako tse ling Jehova o ile a sebelisa mangeloi hore a khothatse a be a matlafatse batho ba tšepahalang. Mohlala o amang maikutlo o fumanoa ho Daniele khaolo ea 10. Nakong eo, mohlomong Daniele o ne a tla tloha a tšoara selemo sa bo100. Moprofeta enoa o ne a nyahame haholo, ’me mohlomong o ne a nyahamisitsoe ke hore Jerusalema e ne e le lesupi le hore tempele e ne e sa tsosoe kapele. O ile a tšoenyeha hape ka mor’a ho bona pono e tšosang. (Daniele 10:2, 3, 8) Ka lerato Molimo o ile a romela lengeloi hore le mo khothatse. Ka makhetlo, lengeloi lena le ile la hopotsa Daniele hore ke “monna ea khahlehang haholo” mahlong a Molimo. Eaba ho etsahala’ng? Moprofeta enoa ea seng a hōlile o ile a re ho lengeloi: “U ’matlafalitse.”—Daniele 10:11, 19.
11. Mohlala o mong oo ka oona mangeloi a ileng a sebelisetsoa ho tsamaisa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ke ofe?
11 Jehova o ile a boela a sebelisa mangeloi hore a tsamaise mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Lengeloi le ile la laela Filipi hore a bolelle leqhalaha la Moethiopia ka Kreste, ’me ka mor’a moo le ile la kolobetsoa. (Liketso 8:26, 27, 36, 38) Nakoana hamorao, ka thato ea Molimo Balichaba ba sa bollang ba ile ba bolelloa litaba tse molemo. Lengeloi le ile la hlaha ka pono ho Molichaba ea tšabang Molimo ea bitsoang Korneliase, la mo laela hore a romeletse hore moapostola Petrose a tle. Ha manģosa a tsoang ho Korneliase a fumane Petrose, a ile a re: “Korneliase . . . o ile a fuoa litaelo tsa bomolimo ke lengeloi le halalelang tsa hore a romeletse hore u tle tlung ea hae ’me a utloe lintho tseo u tla li bua.” Petrose o ile a tla, ’me ka tsela eo Balichaba ba pele ba sa bollang e ile ea e-ba karolo ea phutheho ea Bokreste. (Liketso 10:22, 44-48) Nahana feela hore na u ne u tla ikutloa joang ha u tseba hore lengeloi le u thusitse hore u kopane le motho ea nang le tšekamelo e nepahetseng!
Thuso ea Moea o Halalelang
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha baapostola ba Jesu ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore moea o halalelang o ne o ka ba thusa? (b) Moea o halalelang o ile oa matlafatsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka tsela efe?
12 Nakoana pele Jesu a e-shoa, o ile a tiisetsa baapostola ba hae hore ba ke ke ba tloheloa ntle ho thuso. Ntate o ne a tla ba fa “mothusi, moea o halalelang.” (Johanne 14:26) Baapostola ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore moea o halalelang o ka ba thusa. U hopole hore Mangolo a bululetsoeng a tletse mehlala ea kamoo Jehova a ileng a thusa batho ba hae ka matla a maholo ka ho fetisisa, e leng moea o halalelang.
13 Ka makhetlo a mangata, moea o halalelang o ile oa sebelisetsoa ho matlafatsa batho hore ba etse thato ea Jehova. Moea o halalelang o ile oa matlafatsa Baahloli hore ba lopolle Baiseraele. (Baahloli 3:9, 10; 6:34) Moea oona ona o ile oa matlafatsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba tsoele pele ho bolela ka sebete ho sa tsotellehe khanyetso ea mefuta eohle. (Liketso 1:8; 4:31) Ho atleha ha bona tšebeletsong e ile ea e-ba bopaki bo matla ba hore moea o halalelang oa sebetsa. Ebe ke eng hape e neng e ka hlakisa hore na ke joang batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng” ba neng ba ka jala molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle le neng le tsejoa ka nako eo?—Liketso 4:13; Bakolose 1:23.
14. Jehova o sebelisitse moea oa hae o halalelang joang ho fa batho ba hae kutloisiso?
14 Jehova o ile a boela a sebelisa moea oa hae o halalelang hore a fe batho ba hae kutloisiso. Moea o halalelang oa Molimo o ile oa thusa Josefa hore a hlalose litoro tsa Faro tsa boprofeta. (Genese 41:16, 38, 39) Jehova o ile a sebelisa moea oa hae ho senolela baikokobetsi merero ea hae le ho e patela baikhohomosi. (Matheu 11:25) Kahoo, mabapi le lintho tseo Jehova a li lokiselitseng “ba mo ratang,” moapostola Pauluse o ile a re: “Molimo o re senoletse tsona ka moea oa hae.” (1 Bakorinthe 2:7-10) Motho a ka thusoa feela ke moea o halalelang hore a utloisise thato ea Molimo e le kannete.
Thuso e Tsoang Lentsoeng la Molimo
15, 16. Ho ile ha thoe Joshua a etse eng e le hore a tle a etse ka bohlale?
15 Lentsoe le bululetsoeng la Jehova “le molemo bakeng sa ho ruta,” ’me le thusa bahlanka ba Molimo ho “tšoaneleha ka botlalo [le ho] hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Bibele e na le mehlala e mengata ea kamoo batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo ba ileng ba thusoa ke likarolo tsa Lentsoe la hae tse neng li se li ngotsoe ka nako eo.
16 Mangolo a ile a thusa ho fana ka tataiso e molemo bakeng sa barapeli ba Molimo. Ha Joshua a ne a fuoa boikarabelo ba ho etella Baiseraele pele, ho ile ha thoe ho eena: “Buka ena ea molao [e neng e ngotsoe ke Moshe] ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare, e le hore u ka hlokomela ho etsa ka sohle se ngoliloeng ho eona; etsoe ka ho etsa joalo u tla atlehisa tsela ea hao ’me ka ho etsa joalo u tla etsa ka bohlale.” Hlokomela hore Molimo ha aa ka a tšepisa Joshua hore o tla kenngoa bohlale ka mokhoa o mong oa mohlolo. Ho e-na le hoo, Joshua o ne a tla etsa lintho ka bohlale haeba a ne a ka bala le ho thuisa ka “buka ena ea molao.”—Joshua 1:8; Pesaleme ea 1:1-3.
17. Daniele le Morena Josiase ba ile ba thusoa joang ke likarolo tsa Mangolo tseo ba neng ba e-na le tsona?
17 Lentsoe le ngotsoeng la Molimo le ile la boela la thusa ho senola thato le morero oa hae. Ka mohlala, Daniele o ile a thusoa ke se neng se ngotsoe ke Jeremia hore a lemohe hore na Jerusalema e ne e tla lula e le lesupi ka nako e kae. (Jeremia 25:11; Daniele 9:2) Hape, nahana ka se ileng sa etsahala pusong ea Morena Josiase oa Juda. Nakong eo, sechaba se ne se suthetse hōle le Jehova, ’me ho bonahala marena a ne a sa ka a iketsetsa likopi tsa Molao le ho o latela. (Deuteronoma 17:18-20) Empa ha tempele e ntse e lokisoa, ho ile ha fumanoa “buka ea molao,” eo ho ka etsahalang hore ebe e ne e ngotsoe ke Moshe. Mohlomong e ne e le boitsebiso ba pele bo neng bo ngotsoe hoo e ka bang lilemo tse 800 pele ho moo. Ka mor’a ho utloa hore na e bua ka eng, Josiase o ile a hlokomela kamoo sechaba se neng se le hōle kateng le thato ea Jehova, ’me morena o ile a nka mehato e matla ea ho etsa se ngotsoeng bukeng eo. (2 Marena 22:8; 23:1-7) Na ha hoa hlaka hore batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo ba ile ba thusoa hakae ke likarolo tsa Mangolo a Halalelang tseo ba neng ba e-na le tsona?
Thuso ea Balumeli-’moho le Rōna
18. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova oa ikarabella neng le neng ha morapeli e mong oa ’nete a thusa e mong?
18 Hangata thuso eo Jehova a fanang ka eona e tla ka balumeli-’moho le rōna. Ka sebele, Molimo oa ikarabella neng le neng ha morapeli oa ’nete a thusa e mong. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Ka mabaka a mabeli. La pele, moea o halalelang oa Molimo oa ameha. Moea oo o hlahisa litholoana, tse akarelletsang lerato le molemo, ho ba batlang hore o ba laole. (Bagalata 5:22, 23) Kahoo, ha mohlanka e mong oa Molimo a susumelletseha hore a thuse e mong, sena ke bopaki ba hore moea oa Jehova oa sebetsa. La bobeli, re entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Sena se bolela hore re na le bokhoni ba ho bonahatsa makhabane a hae, a akarelletsang mosa oa hae le qenehelo. Kahoo, neng le neng ha mohlanka e mong oa Jehova a thusa e mong, Mohloli oa sebele oa thuso eo ke eo ho bonahatsoang setšoantšo sa hae.
19. Ho latela tlaleho ea Bibele, Jehova o ile a fana ka thuso joang ka balumeli-’moho?
19 Mehleng ea Bibele, Jehova o ile a fana ka thuso joang ka balumeli-’moho? Hangata Jehova o ne a etsa hore e mong oa bahlanka ba hae a eletse e mong, joaloka nakong eo ka eona Jeremia a ileng a fa Baruke keletso e phelisang. (Jeremia 45:1-5) Nako le nako, barapeli ba ’nete ba ne ba susumelletseha ho phallela balumeli-’moho le bona, joaloka nakong ea ha Bakreste ba Macedonia le Akaia ba ne ba chesehela ho thusa barab’abo bona ba neng ba hloka ba Jerusalema. Moapostola Pauluse o ile a bolela hore ho fana ka seatla se bulehileng joalo, ka nepo ho ile ha etsa hore re hlahise “polelo ea teboho ho Molimo.”—2 Bakorinthe 9:11.
20, 21. Moapostola Pauluse o ne a le maemong afe ha barab’abo ba Roma ba ne ba mo matlafatsa?
20 Litlaleho tse amang maikutlo haholo ke tsa kamoo bahlanka ba Jehova ba ileng ba ikitlaelletsa ho matlafatsana le ho khothatsana kateng. Nahana ka mohlala o mong o amang moapostola Pauluse. Ha Pauluse a ne a e-ea Roma e le motšoaruoa, o ile a tsamaea tseleng e khōlō ea Roma e bitsoang Appian Way. Karolo ea ho qetela ea leeto lena e ne e le bosula haholo, hobane e ne e fetisa baeti phuleng e mokhoabo.a Barab’abo Pauluse ba phutheho ea Roma ba ne ba tseba hore oa tla. Ba ne ba tla etsa joang? Na ba ne ba tla leta mahaeng a bona a mabothobotho a toropong ho fihlela Pauluse a fihla ebe e e-ba hona ba il’o mo lumelisa?
21 Mongoli oa Bibele ea bitsoang Luka, ea ileng a tsamaea le Pauluse leetong leo, o re phetela se ileng sa etsahala o re: “Ho tloha moo [Roma] barab’abo rōna, ha ba utloa litaba tse mabapi le rōna, ba tla ho tla kopana le rōna ho tla fihla ’Marakeng oa Apiase le Matlong a Phapohelo a Baeti a Mararo.” Na u bona see ka mahlo a kelello? Kaha moifo oa barab’abo rōna o ne o tseba hore Pauluse oa tla, o ile oa tloha Roma ho ea mo khahlanyetsa. Karolo e ’ngoe ea moifo e ne e letile ’Marakeng oa Apiase, renkeng e tummeng e lik’hilomithara tse 74 ka ntle ho Roma. Barab’abo ba bang kaofela ba ne ba letile Matlong a Phapohelo a Baeti a Mararo, sebakeng sa phomolo se ka bang lik’hilomithara tse 58 ka ntle ho toropo. Pauluse o ile a etsa joang? Luka o re: “Ha Pauluse a re heli! ’me a ba bona, a leboha Molimo ’me a ba sebete.” (Liketso 28:15) Nahana hore na Pauluse o ile a matlafala le ho tšeliseha hakaakang ha a bona barab’abo ba neng ba ikitlaelelitse ho tsamaea tsela eo e telele! Empa ke mang eo Pauluse a ileng a mo leboha ka thuso ee? O ile a leboha ea neng a fane ka thuso eo, e leng Jehova Molimo.
22. Temana ea rōna ea selemo ea 2005 ke efe, ’me re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
22 Tlaleho e bululetsoeng ea litšebelisano tsa Molimo le batho e hlakisa hore ke mothusi. Ke Mothusi ea fetang bohle. Ho loketse hore ebe mantsoe a temana ea selemo ea Lipaki Tsa Jehova bakeng sa selemo sa 2005 ke a Pesaleme ea 121:2 a reng: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.” Empa Jehova o re thusa joang kajeno? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Seroki sa Moroma se bitsoang Horace (sa 65—8 B.C.E.), se ileng sa tsamaea tseleng eona eo, se ile sa hlalosa mathata a karolo ena ea leeto. Horace o ile a hlalosa hore ’Maraka oa Apiase “o na le sepenya sa batho ba lekhonatha ba sesisang liketsoana le ba nang le matlo a baeti a phapohelo.” O ile a ipelaetsa hore ho na le “menoang le lihohoana tse tenang” le metsi a “bosula.”
Na U sa Hopola?
Jehova o ile a fana ka thuso ka litsela life ka—
• mangeloi?
• moea oa hae o halalelang?
• Lentsoe la hae le bululetsoeng?
• balumeli-’moho?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]
Temana ea selemo ea 2005 e tla ba Pesaleme ea 121:2 e reng: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Pauluse o ile a leboha Molimo ka thuso eo a ileng a e fuoa ke barab’abo ba Roma