Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa—1996 | July 15
    • 4. Ka mantsoe a hao, u ne u ka hlalosa joang seo Pesaleme ea 133 e se buang ka bonngoe ba bara ba motho?

      4 Mopesaleme Davida o ne a ananela bonngoe ba bara ba motho ka ho teba. O ile a ba a susumeletseha ho bina ka bona! Ak’u nahane ka eena a tšoere harepa ea hae ha a ntse a bina: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho [bonngoeng, NW]! Ho joalo ka ole e hlokoang, e tšèloang hloohong, e qhitsetsang litelung, litelung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong oa seaparo sa hae. Ho joalo ka phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 133:1-3.

  • Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa—1996 | July 15
    • 6, 7. Bonngoe ba Baiseraele bo ne bo tšoana le phoka ea Thaba ea Hermone joang, ’me tlhohonolofatso ea Molimo e ka fumanoa hokae kajeno?

      6 Ho lula ha Baiseraele hammoho bonngoeng ho ne ho boetse ho tšoana le phoka ea Thaba ea Hermone joang? Ha e le hantle, kaha tlhōrō ea thaba ena e bophahamo ba limithara tse fetang 2 800 ka holim’a leoatle, e lula e koahetsoe ke lehloa hoo e ka bang selemo sohle. Tlhōrō ea Hermone e lehloa e etsa hore mouoane oa bosiu o hoame ’me kahoo o hlahisa phoka e ngata e bolokang limela li phela nakong ea selemo e telele ea ha le baletse. Moea o batang, o fokang o e-tsoa mokolokong oa lithaba tsa Hermone o ka isa mouoane o joalo hōle ka boroa ho ea fihla Jerusalema, moo o fetohang phoka. Ka hona mopesaleme o ile a bua ka nepo ka “phoka ea Hermone, e theohelang lithabaneng tsa Sione.” Ke khopotso e ntle hakaakang ea tšusumetso e khathollang e khothalletsang bonngoe ba lelapa la barapeli ba Jehova!

      7 Pele phutheho ea Bokreste e thehoa, Sione kapa Jerusalema, e ne e le setsi sa borapeli ba ’nete. Kahoo, ke hona moo Molimo a neng a laela hore tlhohonolofatso e be teng. Kaha Mohloli oa litlhohonolofatso tsohle, ka tšoantšetso o ne o le sehalalelong se Jerusalema, litlhohonolofatso li ne li tla tsoa moo. Kaha borapeli ba ’nete ha bo sa lekanyelitsoe sebakeng leha e le sefe se le seng, ka hona, tlhohonolofatso, lerato le bonngoe ba bahlanka ba Molimo li ka fumanoa lefatšeng lohle kajeno. (Johanne 13:34, 35) Ke mabaka afe a susumelletsang bonngoe boo?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela