Moetsi oa Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane ea Hlokomolohuoang ka ho Fetisisa oa Mehleng ea Rōna
“Tlhaho ke mosebetsi oa Molimo o entsoeng ka bokhabane.”—Monghali Thomas Browne, ngaka ea lekholong la bo17 la lilemo.
LEONARDO DA VINCI, Rembrandt, van Gogh—ana ke mabitso a tsejoang ke ba limilione. Esita le hoja e ka ’na eaba le ka mohla ha u e-s’o bone se seng sa litšoantšo tsa bona tsa pele-pele tse takiloeng, u tseba banna bana e le baetsi ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ba baholo. Ho isa bohōleng bo itseng, mesebetsi ea bona e entsoeng ka bokhabane e entse hore ba be le botumo ba nako e telele.
Ba ile ba fetisetsa litšoantšo tsa pososelo ea mohlolo leseleng, setšoantšo se amang maikutlo ka ho teba, tlhasenyana ea botle bo teng pōpong, bo ntseng bo susumetsa monahano oa moshebelli. Re hoheloa ke se ileng sa ba hohela—esita le hoja ba phetse makholo a lilemo pele ho rōna.
E ka ’na eaba ha re baetsi ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane kapa bahlahlobisisi ba eona, empa re ntse re ka khona ho lemoha bokhabane ba mesebetsi eo. Joaloka moetsi oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane eo re khahloang ke mosebetsi oa hae, re boetse re ba le boikutlo ba ho lemoha botle. Matla a rōna a ho lemoha ’mala, mofuta, meetso le leseli e ka ’na ea e-ba ntho eo re e khellang fatše, empa ke karolo ea bophelo ba rōna. Ha ho pelaelo hore re rata ho khabisa mahae a rōna ka lintho kapa litšoantšo tse takiloeng tse khahlang mahlo. Le hoja se ratoang ke batho se fapana, matla ana a ho lemoha botle ke mpho eo boholo ba moloko oa batho bo nang le eona. ’Me ke mpho e ka re atametsang haufi-ufi le ’Mōpi oa rōna.
Mpho ea Botle
Matla a ho lemoha botle ke e ’ngoe ea litšoaneleho tse ngata tse khethollang moloko oa batho ho liphoofolo. Buka ea Summa Artis—Historia General del Arte (Tlaleho e Feletseng ea Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane—Histori e Akaretsang ea Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane) e bolela hore “motho a ka hlalosoa e le phoofolo e nang le matla a ho etsa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane.” Kaha re fapane le liphoofolo, re bona pōpo ka kutloisiso e fapaneng. Na ntja e ananela ho likela ha letsatsi ho hotle?
Ke mang ea re entseng ka tsela eo? Bibele e hlalosa hore ‘Molimo o ile oa etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo.’ (Genese 1:27) E seng hore batsoali ba rōna ba pele ba ne ba e-na le ponahalo e kang ea Molimo. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a ba neha litšoaneleho tseo a nang le tsona ka boeena. E ’ngoe ea tsona ke bokhoni ba ho ananela botle.
Ka tšebetso e ’ngoe e ke keng ea lekanngoa, boko ba motho bo lemoha botle. Pele ho tsohle, maikutlo a rōna a fetisetsa boitsebiso bokong mabapi le melumo, menko, mebala le libopeho tsa lintho tse hapang tlhokomelo ea rōna. Empa botle bo feta kakaretso ea litšusumetso tseo tse bakoang ke tšebelisano ea motlakase le lik’hemik’hale, tse mpang feela li re bolella se re potolohileng. Ha re bone sefate, palesa, kapa nonyana ka tsela e tšoanang le eo phoofolo e li bonang kateng. Le hoja lintho tsena li ka ’na tsa se ke tsa re fa molemo o sebetsang hang-hang, li re fa thabo ka tsela e itseng. Boko ba rōna bo re nolofaletsa ho lemoha bohlokoa ba tsona ba ho etsoa ka bokhabane.
Matla ana a ama maikutlo a rōna ’me a entša bophelo ba rōna. Mary, ea lulang Spain, ka ho hlakileng o hopola mantsiboea a mang ka November lilemong tse ’maloa tse fetileng ha a ne a eme pel’a letša le sebakeng se ka thōko ’me a shebeletse ho likela ha letsatsi. O re: “Mehololi e mengata-ngata e ile ea fofa e lebile ho ’na ka ho latellana e ntse e bitsana. Linonyana tse likete-kete li ne li fofa li kolokile li haola leholimo le lefubelu li entse mela e kang tepo ea sekho. Leeto la tsona la ho falla selemo le selemo li tloha Russia le Scandinavia le li tlisitse sebakeng sena sa phomolo sa Spain. Phihlelo eo e ne e le ntle hoo e ileng ea nketsa hore ke lle.”
Ke Hobane’ng ha re Fuoe Mpho ea Botle?
Ho batho ba bangata boikutlo ba botle ka ho hlakileng bo supa boteng ba ’Mōpi ea lerato, ea batlang hore pōpo ea hae e bohlale e thabele mesebetsi ea hae e entsoeng ka bokhabane. Ke ho utloahalang le ho khotsofatsang hakaakang ho amahanya boikutlo ba rōna ba botle le Mōpi ea lerato. Bibele e hlalosa hore “Molimo o lerato,” ’me taba ea bohlokoa haholo ea lerato ke ho arolelana le ba bang. (1 Johanne 4:8; Liketso 20:35) Jehova o thabetse ho arolelana le rōna mesebetsi ea hae ea boqapi e entsoeng ka bokhabane. Haeba le ka mohla ho ne ho e-s’o utluoe lehlaso la ’mino kapa le ka mohla ho e-s’o bonoe setšoantšo se hlollang ka botle, botle ba tsona bo ne bo tla lahleha. Mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e bōpetsoe hore e arolelanoe le ho thabeloa—ho hang ha e susumetse ha e se na bashebelli.
E, Jehova o bōpile lintho tse ntle ka morero—hore li arolelanoe le ho thabeloa. Ha e le hantle, lehae la batsoali ba rōna ba pele e ne e le serapa se seholo sa paradeise se bitsoang Edene—e bolelang “Thabo.” Molimo ha aa tlatsa lefatše feela ka mesebetsi ea hae e entsoeng ka bokhabane empa hape o file moloko oa batho matla a ho e hlokomela le ho e ananela. ’Me ke botle bo khaphatsehang hakaakang bo teng bo ka bonoang! Joalokaha Paul Davies a hlokometse, “ka linako tse ling ho bonahala eka tlhaho e ‘etsa boiteko bo khethehileng’ ba ho hlahisa bokahohle bo thahasellisang le bo atlehileng.” Re fumana bokahohle e le bo thahasellisang le bo atlehileng ka ho feletseng hobane Jehova o ‘entse boiteko bo khethehileng’ ba ho re bōpa re e-na le matla ho ithuta bona le ho bo thabela.
Hase ho makatsang hore ebe ho hlokomela botle ba tlhaho—le ho lakatsa ho bo etsisa—ho tloaelehile mekhoeng eohle ea bophelo, ho tloha ho batho ba neng ba etsa litšoantšo mahaheng ho ea ho Baetsi ba Litšoantšo tse Amang Maikutlo. Lilemong tse likete-kete tse fetileng, baahi ba ka leboea ho Spain ba ne ba etsa litšoantšo tse takiloeng tsa liphoofolo mahaheng Altamira, Cantabria. Lilemo tse ka holimo ho lekholo tse fetileng, Baetsi ba Litšoantšo tse Amang Maikutlo ba ile ba tloha moo ba etsetsang litšoantšo teng ’me ba leka ho nka litšoantšo tsa mahlaseli a mebala tšimong ea lipalesa kapa libopeho tse feto-fetohang tsa leseli ka metsing. Esita le bana ba banyenyane ka cheseho ba hlokomela lintho tse ntle. Ha e le hantle, boholo ba bona ha ba fuoa makraeone le pampiri ba rata ho toroea ntho leha e le efe e hohelang monahano oa bona.
Mehleng ena, batho ba bangata ba baholo ba rata ho nka foto e le hore ba hopole ntho e ntle e ba khahlileng eo ba e boneng. Empa esita leha k’hamera e le sieo, likelello tsa rōna li khona ho hopola litšoantšo tse ntle tseo e ka ’nang eaba re li bone lilemong tse mashome tse fetileng. Ka ho hlakileng, Molimo o re entse ka tsela eo re ka thabelang lehae la rōna la lefatše, leo a le khabisitseng ka tsela e ntlehali. (Pesaleme ea 115:16) Leha ho le joalo, ho na le lebaka le leng la hore ebe Molimo o re file boikutlo ba rōna ba botle.
‘Litšoaneleho Tsa Hae li Bonahala ka ho Hlaka’
Ho tebisa kananelo ea rōna ka mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea tlhaho ho ka re thusa ho tseba Mōpi oa rōna, eo re pota-potiloeng ke mosebetsi oa liatla tsa hae. Ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba ke ba shebisise lipalesa tsa naha tse melang pel’a Galilea. O ile a re: “Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joalo ka sa e ’ngoe ea tsona.” (Mattheu 6:28, 29) Botle ba palesa ea naha eo e seng ea bohlokoa bo ka sebeletsa ho re hopotsa hore Molimo ha a iphapanyetse litlhoko tsa lelapa la motho.
Jesu le eena o ile a bolela hore u ka ahlola motho ka “litholoana” tsa hae, kapa mesebetsi. (Mattheu 7:16-20) Kahoo, ke ntho e ka lebelloang hore mesebetsi ea Molimo e entsoeng ka bokhabane e tla etsa hore re lemohe botho ba hae. Tse ling tsa ‘litšoaneleho tsa hae tse ka bonoang ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele’ ke life?—Ba-Roma 1:20, NW.
Mopesaleme o ile a phatlalatsa: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale.” (Pesaleme ea 104:24) Bohlale ba Molimo bo ka hlokomeloa esita le mebaleng eo a e sebelisitseng ho “penta” limela le liphoofolo tsa lefatše. Bukeng ea bona ea Colore, Disegno ed estetica nell’arte grafica (’Mala—Moetso le Litšoantšo tsa Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane) Fabris le Germani ba supa hore “’mala o thabisa moea le mahlo haholo.” Mebala e nyalanang hantle le e fapaneng, e thabisang mahlo le e tsosolosang moea, e fumaneha hohle. Empa mohlomong lintho tse hapang tlhokomelo ka ho fetisisa ke liphello tseo tsa mebala tse hlahisoang ke metsoako ea mebala—mebala e khanyang e kang ea mookoli—bopaki bo tsotehang ba tlhophiso e bohlale.
Mebala e khanyang e tloaelehile haholo-holo linonyaneng tse nyenyane tse mebala e khanyang.a Ke eng se etsang hore masiba a tsona e be a khanyang hakaale? Karolo ea boraro e ikhethang ea masiba a tsona a ka holimo e etsa hore khanya ea letsatsi e be le mebala e hlakileng e kang ea mookoli—ka tsela e batlang e tšoana le kamoo khalase ea prism e etsang kateng. Mabitso a tloaelehileng a linonyana tse nyenyane tse mebala e khanyang, a kang rubise, safire le emerauda, ka ho loketseng a fana ka bopaki ba mebala e phatsimang e mefubelu, e meputsoa le e metala e khabisang linonyana tsena tseo e kang ke majoe a bohlokoa. Bukeng ea hae ea Hummingbirds, Sara Godwin o-oa botsa: “Morero oa botle bo hlollang ba libōpuoa tsee tse ntle-ntle ke ofe?” O-oa araba: “Ho ea kamoo saense e hlokomelang kateng, ha bo na morero lefatšeng haese feela ho khanyetsa ea li shebileng.” Ka sebele, le ka mohla ha ho motho eo e leng moetsi oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea kileng a sebelisa mebala e joalo!
Re ka hlokomela matla a Molimo phororong ea metsi e kirietsang, maqhubung a leoatle a thinyang, ho otleng ha maqhubu ka matla lebōpong la leoatle kapa lifateng tse telelehali tsa moru tse tsukutloang ke sefefo se matlahali. Mosebetsi ona o entsoeng ka bokhabane o matla e ka ba o hlollang feela joaloka setšoantšo se khutsitseng. Seithuti sa Leamerika se tummeng sa histori ea lintho tsa tlhaho John Muir o kile a hlalosa phello ea sefefo sehlopheng sa lifate tse telelehali tsa Douglas mokolokong oa lithaba tsa Sierra Nevada tsa California:
“Le hoja li ne li le nyenyane ha li bapisoa, li ne li le bophahamo ba maoto a ka bang 100 [limithara tse 30], ’me ho tenyetseha ha tsona, lihlohlolo tsa tsona tse khethulehang makala li ne li sisinyeha ka matla li bile li ferella ka thabo e khaphatsehang. . . . Lihlohlolo tse tšesaane e ne eka li opa mapheo ’me li letsa mololi puleng ea litloebelele, li ntse li kobeha li bile li soenetsehela pele le morao, li pota-pota, li siea mohlala oa metsoako e ke keng ea hlalosoa ea methinya e otlolohileng le e tšekaletseng.” Joalokaha mopesaleme a ngotse lilemong tse likete-kete tse fetileng, ‘meea ea lifefo e rorisa Jehova’—e re fa mohlala oa matla a hae a fetang a tloaelehileng.—Pesaleme ea 148:7, 8.
Ka nako e telele nonyana e ’nile ea e-ba letšoao la lerato ho Majapane. Ke mohololi o motle oa Japane, oo litantši tsa oona tsa lefereho tse etsoang ka hloko li thabisang joaloka sehlopha leha e le sefe sa litantši. Batšoantšisi bana ba linonyana ba nkoa e le ba bohlokoa hoo ba bileng ba khethiloeng Japane e le “liemahale tse khethehileng tsa tlhaho.” Kaha mehololi e ka khona ho lula hammoho ’me e ka boela ea phela lilemo tse 50 kapa ho feta, Majapane a li talima e le mohlala oa sebele oa botšepehi lenyalong.
Ho thoe’ng ka lerato la Molimo? Ho thahasellisang, Bibele e tšoantša tšireletso e lerato ea Jehova ho batho ba hae ba tšepahalang le ea ’m’alitsuonyana ea sebelisang mapheo a hae ho sireletsa litsuonyana tsa hae maemong a mabe. Deuteronoma 32:11 e bua ka ntsu “ha e tsosa malinyane a eona, ’me e okaokela holim’a ’ona, e emisa mapheo a eona, e nka bana ba eona, ’me e ba pepa mapheong a eona.” Ntsu ea m’alitsuonyana e etsa lintho tsena bakeng sa ho khothaletsa litsuonyana hore li tlohele ntloana ’me li fofe. Le hoja e se hangata li bonoang, ho tlalehiloe liketsahalo tsa lintsu tse thusang litsuonyana tsa tsona ka ho li pepa mapheong a tsona.—Pesaleme ea 17:8, 9.
Ha re ntse re shebisisa lefatše la tlhaho le re pota-potileng, re hlokomela melao-motheo e itseng e sebetsang e le eona e senolang litšobotsi tsa botho ba Molimo.
Ho se Tšoane ho Natefisa Bophelo
Ntho e bonahalang kapele-pele mosebetsing oa liatla tsa Molimo ke ho se tšoane. Ho se tšoane ha limela, linonyana, liphoofolo le likokoanyana ke ho tsotehang. Moru oa hekthere e le ’ngoe feela oa libakeng tse chesang tse mongobo o ka ’na oa e-ba le mefuta e fapaneng e 300 ea lifate le mefuta e 41 000 ea likokoanyana; lisekoere-k’hilomithara tse tharo li ka ’na tsa e-ba le mefuta e 1 500 ea lirurubele; ’me sefate se le seng e ka ’na ea e-ba lehae la mefuta e 150 ea bo-maleshoane! Feela joalokaha ho se na batho ba babeli ba tšoanang hantle, ho joalo le ka lifate tsa eike kapa linkoe. Hore ntho e be boemong ba eona ba ho qala, ke karolo ea bohlokoa ea tlhaho, e leng tšobotsi e hlomphuoang haholo ke baetsi ba batho ba mesebetsi e entsoeng ka bokhabane.
Ka ho hlakileng, re boletse litšobotsi tse seng kae feela tsa mesebetsi ea tlhaho e entsoeng ka bokhabane. Ka ho e shebisisa ka ho eketsehileng, re ka lemoha litšobotsi tse ling tse ngata tsa botho ba Molimo. Empa hore re etse joalo, ho hlokahala hore re sebelise matla a rōna ao re a filoeng ke Molimo a ho lemoha mesebetsi e entsoeng ka bokhabane. Re ka ithuta joang ho ananela hamolemonyana mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea Moetsi e moholo ka ho fetisisa?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lirurubele tse ngata, joaloka li-morpho tse putsoa tse khanyang tsa naheng e chesang e mongobo ea Amerika, li na le makhakhapha a hlahisang mebala ea mookoli mapheong a tsona.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Ho Hlokahala Hore re Tsebe ea re Behileng Mona
Mofetoleli oa Bibele Ronald Knox ka nako e ’ngoe o kile a tšoara puisano ea thuto ea bolumeli le rasaense John Scott Haldane. Haldane o ile a beha mabaka: “Bokahohleng bo nang le lipolanete tse limilione, na hase ntho e ka etsahalang hore bophelo bo lokela ho hlaha bonyane ho e ’ngoe ea tsona?”
Knox o ile a araba: “Monghali, haeba ba Scotland Yard ba ne ba ka fumana setopo ka terankeng ea hao, na u ne u tla ba bolella hore: ‘Ho na le literanka tse limilione lefatšeng—ka sebele e tlameha ebe e ’ngoe ea tsona e tšetse setopo?’ Ke nahana hore ba ne ba tla ’ne ba batle ho tseba hore na ke mang ea se kentseng ka moo.”—The Little, Brown Book of Anecdotes.
Ntle le ho khotsofatsa takatso ea rōna ea ho tseba, ho na le lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tseba ea re beileng mona—e le hore re ka Mo hlompha ka ho loketseng. Moetsi oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea nang le talenta o ne a tla arabela joang haeba mohlahlobi oa moikhohomosi a ne a ka hlalosa hore mosebetsi oa hae hase letho haese feela hore ke ntho e etsahetseng ka tšohanyetso ka lebenkeleng la litšoantšo tse takiloeng? Ka ho tšoanang, ke nyeliso efe eo re neng re ka e lebisa ho Mōpi oa bokahohle e fetang ho bolela hore mesebetsi ea hae e entsoeng ka bokhabane ke taba ea tšohanyetso feela?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of ROE/Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mehololi e-ea fofa
Litšoantšo mahaheng a Altamira, Spain
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Li-“dolphin,” linonyana tse nyenyane tse mebala e khanyang e kang ea mookoli le liphororo tsa metsi kaofela li senola litšobotsi tsa botho ba Moetsi e Moholo oa mesebetsi e entsoeng ka bokhabane
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Godo-Foto
G. C. Kelley, Tucson, AZ
Godo-Foto