Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bohle a ba ke ba Bolele Khanya ea Jehova
    Molula-Qhooa—2004 | January 1
    • 1, 2. Ke eng e isang khanya ho Jehova, hona ke bo-mang ba khothalletsoang hore le bona ba etse joalo?

      DAVIDA, mor’a Jese, o ile a hōla e le molisana mathōkong a Bethlehema. E tlameha ebe o ne a atisa ho talima maholimong a sabaletseng a tletseng linaleli bosiu ha ho khutsitse ha a ntse a alositse mehlape ea ntat’ae makhulong ao a ka thōko a linku. Ha ho pelaelo hore o ile a hopola lintho tsena ka ho hlaka ha moea o halalelang oa Molimo o mo bululela hore a qape le ho bina mantsoe a monate a Pesaleme ea 19 a reng: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae. Khoele ea ’ona ea ho lekanya e kene lefatšeng lohle, le lipolelo tsa ’ona ho isa pheletsong ea naha e behang.”—Pesaleme ea 19:1, 4.

      2 A ntse a khutsitse, a sa bue, ho sa utloahale lentsoe, maholimo a hlollang ao Jehova a a bōpileng a bolela khanya ea hae, letsatsi le leng ka mor’a le leng, bosiu bo bong ka mor’a bo bong. Le ka mohla pōpo ha e khaotse ho bolela khanya ea Molimo, ’me motho o ikutloa e se letho ha a nahana ka bopaki bona bo khutsitseng bo bonahalang “lefatšeng lohle” boo baahi bohle ba lona ba ka bo bonang. Leha ho le joalo, bopaki bo khutsitseng ba pōpo ha boa lekana. Batho ba tšepahalang ba khothalletsoa hore le bona ba bue ka mantsoe a utloahalang ba fane ka bopaki. Mopesaleme e mong ea sa boleloang ka lebitso o ile a bua mantsoe ana a bululetsoeng ho barapeli ba tšepahalang: “Isang khanya le matla ho Jehova. Isang ho Jehova khanya ea lebitso la hae.” (Pesaleme ea 96:7, 8) Ba nang le kamano e haufi le Jehova ba motlotlo ho arabela khothatso eo. Leha ho le joalo, ho isa khanya ho Molimo ho akarelletsa’ng?

  • Bohle a ba ke ba Bolele Khanya ea Jehova
    Molula-Qhooa—2004 | January 1
    • 6. Pauluse o ile a bontša hore Pesaleme ea 19:4 e phethahala joang?

      6 Joale, ka lebaka le utloahalang Pauluse oa botsa: “Ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena? Hape, ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?” (Baroma 10:14) Ha a bua ka Iseraele, Pauluse o re: “Hase bona bohle ba ileng ba mamela litaba tse molemo.” Ke hobane’ng ha Iseraele e sa ka ea mamela? Ha baa ka ba mamela hobane ba ne ba hloka tumelo, eseng hobane ba ne ba hloka monyetla. Pauluse o bontša sena ka ho qotsa Pesaleme ea 19:4 le ho bontša hore ha e phethahatsoe ke bopaki bo khutsitseng ba pōpo empa e phethahala mosebetsing oa Bokreste oa boboleli. O re: “Ha e le hantle, ‘molumo oa bona o ile oa kena lefatšeng lohle, le lipolelo tsa bona ho isa lipheletsong tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’” (Baroma 10:16, 18) E, joalokaha le pōpo e sa pheleng e tlotlisa Jehova, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bolela litaba tse molemo tsa poloko hohle ’me ka tsela eo ba rorisa Molimo “lefatšeng lohle.” Lengolong la hae le eang ho Bakolose, Pauluse o ile a boela a hlalosa kamoo litaba tse molemo li neng li se li hasitsoe hohle kateng. O ile a re litaba tse molemo li ne li boletsoe “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela