Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Etsa Matsoho a Jehova a sa Feleng Tšehetso ea Hao
    Molula-Qhooa—1991 | October 1
    • 15. Moelelo oa mantsoe a Davida a ho Pesaleme ea 19:8-14, (BPN) ke ofe?

      15 Le hoja re rata molao oa Jehova, ka linako tse ling re etsa liphoso. Ntle ho pelaelo sena se re beha tsietsing, joalokaha se ile sa beha Davida tsietsing, eo ho eena melao ea Molimo, likhopotso tsa oona, litaelo tsa oona, le liqeto tsa oona tsa boahloli li neng li le molemo ho feta gauda. O itse: “Li ruta mohlanka oa hao, ea li bōlōkang o fumana moputso o moholo. Empa ke mang ea ka elelloang liphoso tsa hae? Ak’u ntokolle ho tseo ke sa li tsebeng. Phemisa mohlanka oa hao, u mo phemise boikhantšo, u se ke ua lumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka koli, ke hloke molato oa sebe se seholo.” (Pesaleme ea 19:8-14, BPN) A re hlahlobisiseng mantsoe ana.

  • Etsa Matsoho a Jehova a sa Feleng Tšehetso ea Hao
    Molula-Qhooa—1991 | October 1
    • 17. Libe tse patiloeng li ka ama motho joang, empa tšoarelo le topollo li ka fumanoa joang?

      17 Libe tse patiloeng li ka baka tsietsi. Ho latela Pesaleme ea 32:1-5, Davida o ile a leka ho pata sebe sa hae, empa o ile a re: “Enere ha ke khutsitse, masapo a ka a na a felisoa ke ho bobola ha ka ka letsatsi lohle. Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho ’na nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a na a omeletse joale ka hola ke lebatama la selemo.” Ho leka ho hatella letsoalo le molato ho ne ho khathatsa Davida, ’me ho tšoenyeha ho ile ha fokolisa matla a hae joaloka sefate ha se felloa ke mongobo o se phelisang nakong ea komello kapa ea mocheso oa lebatama la lehlabula. Ka ho hlakileng o ile a hlaheloa ke liphello tse bohloko kelellong le ’meleng ’me a lahleheloa ke thabo ka baka la ho se ipolele. Ho ipolela ho Molimo ke hona feela ho ka tlisang tšoarelo le topollo. Davida o itse: “Ho lehlohonolo eo tšito ea hae e tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se apesitsoeng! . . . Ka ba ka u bolella sebe sa ka, ’me ha kea ka ka pata bokhopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlōla ha ka ho Jehova; ’me ua hlakola bokhopo ba sebe sa ka.” Thuso e lerato e tsoang ho baholo ba Bakreste e ka etsa hore motho a hlaphoheloe moeeng.—Liproverbia 28:13; Jakobo 5:13-20.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela