Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 4
Bibele e Ile ea Bolela Esale Pele Hore Kreste o ne a Tla Utloa Bohloko le ho Shoa
Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.
HA JESU KRESTE a ne a le lefatšeng lilemo tse 2 000 tse fetileng, o ne a tseba hore o tla shoa lefu le sehlōhō matsohong a lira tsa hae. Jesu o ne a tseba see joang? O ne a tseba hantle ka boprofeta bo buang ka eena bo hlahang Mangolong a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale.” Bo bong ba boprofeta boo bo ile ba ngoloa ke Esaia lilemo tse fetang 700 pele Jesu a tsoaloa. Re ka kholiseha joang hore Esaia o ngotse ka liketsahalo tseo pele li etsahala?
Ka 1947 West Bank, molisa oa Moarabo o ile a fumana meqolo e neng e patiloe lehaheng la Qumran le ka leboea-bophirimela ho lebōpo la Leoatle le Shoeleng. Meqolo eo le e meng e ileng ea fumanoa mahaheng a haufinyane, e ile ea bitsoa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. E akarelletsa buka eohle ea Esaia.a Moqolo oa Esaia ke oa hoo e ka bang lekholong la bobeli la lilemo pele Jesu a tsoaloa. Kahoo, ha e le hantle seo Esaia a se ngotseng e ne e le boprofeta. Ke eng seo a ileng a se profeta ka ho utloisoa bohloko ha Kreste kapa Mesia?b Ak’u nahane ka liketsahalo tse peli tseo Esaia a ileng a profeta ka tsona.
Bibele e Ile ea Bolela Esale Pele Hore Kreste o Tla Utloa Bohloko
Boprofeta ba pele: “Ke file babolai mokokotlo oa ka.”—Esaia 50:6.c
Ho phethahala ha bona: Ka selemo sa 33 C.E., lira tsa Jesu tsa Bajuda li ile tsa mo isa ka pel’a ’Musisi oa Moroma e leng Ponse Pilato hore a mo ahloloe. Ha a bona hore Jesu ha a na molato, o ile a leka ho mo lokolla. Kaha Bajuda ba ne ba tsitlella hore Jesu a bolaoe, Pilato o ile “a fana ka kahlolo ea hore seo ba se batlang se khotsofatsoe” eaba o nehelana ka Jesu hore a khokhotheloe thupeng ea tlhokofatso. (Luka 23:13-24) Leha ho le joalo, pele ho moo ‘Pilato o ile a nka Jesu ’me a mo shapa,’ kapa a laela hore a shapuoe haholo ka sephali. (Johanne 19:1) Joalokaha Esaia a ile a profeta, Jesu ha aa ka a hana ho shapuoa ka sephali empa o ile ‘a fa babolai mokokotlo oa hae.’
Seo histori e se senolang:
● Histori e tiisa hore Baroma ba ne ba tloaetse ho shapa batšoaruoa ba bona pele ba ba bolaea. Ho ea ka buka e ’ngoe, “batho ba ne ba shapuoa ka sephali se entsoeng ka marapo a ’maloa a letlalo ’me se kenngoa likotoana tsa tšepe tse sehang kapa tse motsu. Motho ea neng a shapuoa . . . o ne a shapuoa mokokotlong . . . ho fihlela nama ea hae e hlenhlana. Ka linako tse ling motho eo o ne a shoa.” Leha ho le joalo, Jesu eena ha aa ka a shoa ha a shapuoa.
Lefu la Kreste le Boletsoe Esale Pele
Boprofeta ba bobeli: “O tšolotse moea oa hae lefung.” (Esaia 53:12)d Pesaleme ea 22:16 e phaella ka ho re: “Sehlopha sa baetsi ba bobe se mpota-potile, se mphuntse maoto le matsoho.”—“New International Version.”
Ho phethahala ha bona: Mareka 15:15 e re: “Ka mor’a hore [Pilato] a etse hore Jesu a shapuoe ka sephali, a nehelana ka eena hore a khokhotheloe thupeng.” Tabeng ea Jesu kahlolo ena e sehlōhō ea lefu, e ne e akarelletsa ho khokhotheloa maoto le matsoho thupeng ea tlhokofatso. (Johanne 20:25) Lihora tse ’maloa hamorao, ‘Jesu o ile a hoeletsa ka lentsoe le phahameng eaba oa shoa.’—Mareka 15:37.
Seo histori e se senolang:
● Le hoja litlaleho tsa libuka tseo eseng tsa Bibele li sa bue ho hokaalo ka hore na Jesu o ile a shoa joang, rahistori ea hlomphehang oa Moroma e leng Tacitus, ea hlahileng hoo e ka bang ka 55 C.E., o ile a ngola a re, “Christus, e leng eo lebitso [Bakreste] le nkiloeng ho eena, o ile a ahloloa ka sehlōhō nakong ea puso ea Tiberiuse matsohong a ’musisi oa rōna, Pontius Pilatus.”e Mantsoe a Tacitus a lumellana ka ho feletseng le tlaleho ea Kosepele e boetseng e bua ka Tiberiuse Cesare, Ponse Pilato le babusisi ba bang.—Luka 3:1; 23:1-33; Johanne 19:1-24.
Histori e paka hore Baroma ba ne ba khokhothela makhoba le batho bao ba neng ba nka hore ke batlōli ba molao ba eisehang. Ka linako tse ling Baroma ba ne ba tlamella batho bao thupeng ea tlhokofatso. Ka linako tse ling ba ne ba ba khokhothela ka lipekere. Buka e ’ngoe e re “Lipekere li ne li kokoteloa maotong le matsohong a motho ebe o tloheloa a leketlile palong e leng moo a nyoroang haholo le ho utloa bohloko bo otlang pelo.”
Joalokaha ho boletsoe pejana, Jesu o ne a tseba hore o tla shoa lefu le sehlōhō. Kahoo ha lefu la hae le ntse le atamela monna enoa ea sebete o ile a re ho balateli ba hae: “Re nyolohela Jerusalema, ’me ho tla nehelanoa ka Mor’a motho ho baprista ba ka sehloohong le bangoli, ba tla mo ahlolela lefu, ’me ba tla nehelana ka eena ho batho ba lichaba hore ba mo fetole litšeho le ho mo shapa le ho mo khokhothela thupeng.” (Matheu 20:18, 19) Empa batho ba bang ba ka botsa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a tlameha ho shoa. Karabo ea potso eo e re ama bohle, ’me e fana ka litaba tse molemo ka ho fetisisa tseo re kileng ra li utloa!
“O ne a Hatelloa ka Lebaka la Liphoso Tsa Rōna”
Kaha re batho ba sa phethahalang, hangata re etsa liphoso. Bibele e re sena ke sebe. Sebe se ka tšoantšoa le lehlohlojane le keneng ka enjeneng. Qetellong lehlohlojane leo le tla etsa hore enjene e senyehe ’me e khaotse ho sebetsa. Ka ho tšoanang, sebe se etsa hore re tsofale, re kule ’me re shoe. Baroma 6:23 e re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” Leha ho le joalo, lefu la Kreste le etsa hore re lokolohe boemong bona bo utloisang bohloko. Ka tsela efe? Boprofeteng bo bong bo hlollang, Esaia o ile a ngola hore Kreste o ne a tla shoa “ka lebaka la litlōlo tsa rōna,” kapa ‘a hatelloe ka lebaka la liphoso tsa rōna,’ le hore “re fumane pholiso ka lebaka la maqeba a hae.”f—Esaia 53:5.
Boprofeta ba Esaia bo re hopotsa mantsoe a Jesu a ho Johanne 3:16 a reng: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”
U ka ba le tumelo ho Jesu joang? Ka ho ithuta ka eena. Jesu o ile a rapela a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Tsebo eo ea bohlokoa e fumanoa ka Bibeleng.—2 Timothea 3:16.
Ka ho utloahalang, Jesu o batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba fumane bophelo bo sa feleng. Ka lebaka leo, nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a bolela esale pele taba ena e thabisang: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso [’Muso oa Molimo o tla phethahatsa melemo ea sehlabelo sa Kreste] li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Joalokaha re tla bona limakasineng tse peli tse latelang letotong la lihlooho tsena, boprofeta boo le bona bo ipakile bo nepahetse.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Moqolo o nang le tlaleho ea lengolo lohle la Esaia ke oona feela o ntseng o feletse. Meqolo ea mangolo a mang e na le likarolo tse itseng feela.
b Sheba Tsoha! ea July 2012 e le hore u ithute ka ho eketsehileng ka boprofeta ba Bibele bo ka u thusang ho khetholla Mesia.
c Moelelo oa temana ena o bontša hore lentsoe “Ke” le hlahang boprofeteng boo, le bua ka Kreste. Ka mohlala, temana ea 8 e re: “Ea bolelang [Molimo] hore ke lokile [Jesu Kreste] o haufi.” Ha Jesu a ne a le lefatšeng, e ne e le eena feela ea neng a lokile, kapa a se na sebe mahlong a Molimo.—Baroma 3:23; 1 Petrose 2:21, 22.
d Esaia 52:13–53:12 e na le boprofeta bo bongata bo buang ka Mesia. Ka mohlala, Esaia 53:7 e re: ‘O ile a tlisoa joaloka nku tlhabong . . . Le eena o ne a sa ahlamise molomo.’ Temana ea 10 e phaella ka ho re o ile a fana ka bophelo ba hae e le “nyehelo ea molato.”
e Batlalehi ba bang ba histori ba boholo-holo le bona ba bua ka Kreste. Batlalehi bana ba akarelletsa rahistori oa Moroma ea hlomphuoang Suetonius (lekholong la pele la lilemo); Pliny e Mocha, ’musisi oa Bithynia (karolong e qalang ea lekholo la bobeli la lilemo); rahistori oa Mojuda Josephus (lekholong la pele la lilemo), ea buang ka “Jakobo mor’abo Jesu ea neng a bitsoa Kreste.”
f Jesu “ha aa ka a etsa sebe” kahoo o ne a sa lokela ho shoa. (1 Petrose 2:22) Ho e-na le hoo, o ile a fana ka bophelo ba hae, a lefella litlōlo tsa rōna le ho re lokolla litleneng tsa lefu. Kahoo, lefu la Jesu le bitsoa sehlabelo sa “thekollo.” (Matheu 20:28) E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka taba ena, sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e fumanehang le Inthaneteng Websaeteng ea www.jw.org.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
MAHLABELO A LIPHOOFOLO A NE A TŠOANTŠETSA SEHLABELO SA KRESTE
Molao oo Molimo a neng a o file sechaba sa Iseraele o ne o akarelletsa litaelo tse neng li tšoantšetsa kapa e le mohlala oa seo Mesia a neng a tla se etsa nakong e tlang. Ka mohlala, ka mor’a hore Moiseraele a etse sebe kapa a tlōle molao oa Molimo, o ne a lokela ho etsa sehlabelo ka phoofolo e phetseng hantle. (Levitike 17:11; 22:21) Na mahlabelo a liphoofolo a ne a ka etsa hore batho ba tšoareloe libe ka ho feletseng? Che. (Baheberu 10:4) Empa a ne a tšoantšetsa sehlabelo se neng se tla etsa hore libe tsa batho li tšoareloe—e leng sehlabelo sa “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29; Baheberu 10:1, 5-10) Batho bohle ba bontšang tumelo ho Konyana ea tšoantšetso e leng Jesu Kreste, ba na le tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 6:40.