Talima ho Jehova Bakeng sa Temoho
“Ke tla etsa hore u be le temoho ’me ke u rute ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—PESALEME EA 32:8, “NW.”
1. A mang a mabaka a rerang hore na liqeto tseo re li etsang e tla ba tse bohlale ke afe? (Bapisa le Deuteronoma 32:7, 29.)
LETSATSI le leng le le leng re talimane le ho etsa liqeto—tse ling tsa tsona li bonahala e le tse fokolang, empa ka ho totobetseng tse ling ke tsa bohlokoa. Na liqeto tsa rōna e tla ba tse bohlale? Seo se itšetlehile haholo-holo ka hore na re lepotla-potla kapa re nahana pele re bua kapa re nka bohato. Leha ho le joalo, ho na le litaba tse ngata tseo ho tsona ho etsa liqeto tse bohlale ho hlokang hore re khone ho bona ka ’nģane ho se totobetseng. Sena se ka ’na sa hloka hore re tsebe hore na phello ea liketsahalo tsa lefatše tse teng e tla ba efe, esita le hore re hlokomele se etsahalang sebakeng seo ho phelang libōpuoa tsa moea. Na re ka etsa seo? Na ho ka etsahala hore motho leha e le ofe a etse sena a sa phopholetse taba feela?
2. Hore re khethe tsela e atlehileng bophelong, re hloka thuso efe, hona hobane’ng? (Liproverbia 20:24)
2 Ka sebele batho ba nehiloe matla a kelello a hlollang, empa ha baa etsoa ba e-na le matla a ho khetha tsela e atlehileng ea bophelo ntle le hore ka boikokobetso ba amohele thuso ea Molimo. Ho joalokaha moprofeta ea bululetsoeng Jeremia a ngotse: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.
3. Haeba re sa talime ho Jehova bakeng sa tataiso, phello e tla ba efe? (Bapisa le Genese 3:4-6, 16-24.)
3 Phello e ba efe haeba re iphapanyetsa ’nete eo ’me re itšepa borōna kapa re tšepa batho ba bang bakeng sa liqeto ka se bohlale kapa se booatla, se nepahetseng kapa se fosahetseng? Kahobane re tataisoa ke monahano oa botho, ho tla ba le linako tseo ka tsona re ka ’nang ra talima seo Molimo o reng se sebe e le se setle, ra talima tsela eo Molimo o reng e bothoto e le e bohlale. (Esaia 5:20) Le hoja e ka’na eaba re tla be re sa etse sena ka boikemisetso, re ka ’na ra fetoha majoe a khopiso ho ba bang. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 8:9.) Mabapi le phello ea ho qetela e tla tlela ba qophellang ho se talime ho Jehova bakeng sa tataiso, Lentsoe la hae le re: “Mohlomong, ho motho, tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.”—Liproverbia 14:12.
4. Ka mosa Jehova o tšepisa bahlanka ba hae thuso efe? (Bapisa le Jeremia 10:21.)
4 Ha re talima sena, re hloka eng? Ka ho toba, re hloka thuso eo Jehova a fanang ka eona. Ho khothatsang, o re: “Ke tla etsa hore u be le temoho ’me ke u rute ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla fana ka keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pesaleme ea 32:8, NW.
Se Akarelletsoang ke Temoho
5. “Temoho” ke eng?
5 Ha e le hantle “temoho” eo ho buuoang ka eona ka Mangolong ke eng? Ke matla a ho bona ka hare ho boemo, ho talima ka ’nģane ho se totobetseng. Ho latela Theological Wordbook of the Old Testament, polelo ea Seheberu e fetoletsoeng e le “temoho” e amana le “tsebo e bohlale ea lebaka” la lintho tse itseng. Ke mofuta oa tsebo o thusang motho ho etsa ka bohlale le ho atleha. Tumellanong le kutloisiso eo ea motheo le ho senola tšobotsi ea ketso e tšoanang ea Seheberu, New World Translation, ho phaella ho fetoleleng polelo eo e le ‘ho ba le temoho,’ e sebelisa lipolelo tse kang ‘ho etsa ka bohlale,’ ‘ho etsa ka masene,’ le ‘ho atleha.’—Pesaleme ea 14:2.
6. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore “ea itšoarang molomo” o etsa ka bohlale, kapa ka temoho?
6 Ke ka hona ho boleloang hore “ea itšoarang molomo” o “bohlale,” kapa o na le temoho. (Liproverbia 10:19) O nahana pele a bua, o nahanela hore na ba bang ba tla utloisisa seo a se buang joang, le hore na seo a ka ’nang a se bua ka motho e mong e tla ba se bohlale, se lerato, kapa se hlokahalang. (Liproverbia 12:18; Jakobo 1:19) Kahobane o susumetsoa ke lerato bakeng sa litsela tsa Jehova le takatso ea sebele ea ho thusa motho e mong, seo a se buang se haha ba bang.—Liproverbia 16:23.
7. Ke eng e ileng ea thusa Davida ho fumana botumo ba ho ba ea etsang ka masene?
7 Mabapi le Davida mora Jese, ho ngotsoe: “Hohle moo Saule a mo romang . . . a etsa ka masene,” ke hore, ka temoho. Davida o ne a hlokomela hore mosebetsing oa hae ho ne ho ameha ho hongata ho feta feela ntoa pakeng tsa bahlabani ba batho. O ne a hlokomela hore eena le banna ba nang le eena ba ne ba loana lintoa tsa Jehova. Ka hona, Davida o ne a talimile ho Jehova bakeng sa tataiso le tlhohonolofatso. (1 Samuele 17:45; 18:5; 2 Samuele 5:19) Ka baka leo, Davida o ile a atleha liphutuhong tsa hae.
8. Mangolong a Bokreste a Segerike, ke likhopolo life tse ling tse senoloang ke ketso e fetoletsoeng e le ‘ho ba le temoho’?
8 Mangolong a Bokreste a Segerike, ketso e fetoletsoeng e le ‘ho ba le temoho’ e boetse e fetoletsoe e le, ‘ho fumana kutloisiso ea’ le, ‘utloisisa.’ (Ba-Roma 3:11; Mattheu 13:13-15, NW; Ba-Efese 5:17, TLP) Seo Molimo o se tšepisang bahlanka ba oona ke matla a ho etsa lintho tsena. Empa o ba fa temoho e joalo joang?
Kamoo Joshua a Ileng a Fumana Temoho
9. Iseraeleng ea boholo-holo, Jehova o ile a fa batho temoho joang?
9 Iseraeleng ea boholo-holo, Jehova o ile a laela Balevi ho ruta sechaba Molao oa hae. (Levitike 10:11; Deuteronoma 33:8, 10) Molao o ne o bululetsoe ke Molimo, ’me moea oa Jehova o ne o sebetsa tokisetsong ea mokhatlo o hlophisitsoeng o neng o abetsoe ho o ruta. (Malakia 2:7) Ka mocha ona, Jehova ‘o ile a etsa hore Baiseraele ba be masene,’ kapa a ba fa temoho, joalokaha ho boletsoe ho Nehemia 9:20, NW.
10, 11. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ho Joshua 1:7, 8, ke eng e neng e tla thusa Joshua ho etsa ka temoho? (b) Ke tokisetso efe ea thuto eo e neng e le habohlokoa hore Joshua a e ananele? (c) Ke boiteko bofe ba botho boo hape bo neng bo hlokahala ka lehlakoreng la Joshua?
10 Empa na batho ka bomong ka har’a sechaba ba ne ba tla etsa ka temoho? Hore ba tle ba etse joalo, ho ne ho hlokahala ntho e ’ngoe ka lehlakoreng la bona. Ka nako eo Joshua a neng a nehoa boikarabelo ba ho etella Iseraele pele ho ea kena Lefatšeng la Pallo, Jehova o ile a ’molella: “Feela a iphe matla, a etse ka senna haholo, a hlokomele ho etsa ka molao oohle oo Moshe, mohlanka oa ka, a u laetseng oona. U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona, leha e le ho le letšehali, u tle u atlehe [“etse ka bohlale,” NW] kahohle moo u eang teng. Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha [“etsa ka bohlale,” NW] metsamaong ea hao, u iketle.” Lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le “etsa ka bohlale” le boetse le bolela “ho etsa ka temoho.”—Joshua 1:7, 8.
11 Jehova o ne a tla fa Joshua temoho e joalo joang? O ne a ke ke a mo kenya eona ka mohlolo o itseng. Lentsoe le ngotsoeng la Molimo e ne e le sona senotlolo sa eona. Ho ne ho hlokahala hore Joshua a tlatse kelello ea hae le pelo ea hae ka lona, a le bale ’me a thuise ka lona ka mehla. Joalokaha Joshua a ne a tseba, Lentsoe la Molimo le ne le bolela hore thuto e nkiloeng Molaong e ne e tla fanoa ke Balevi. Kahoo, ho ne ho hlokahala hore Joshua a ananele sena, a se ikarole joalokaha eka o ne a ka iphumanela sohle ka boeena kahobane a ne a le boemong ba boikarabelo sechabeng. (Liproverbia 18:1) E ne e le habohlokoa hore Joshua a ithute ka matla Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Haeba a etsa joalo, a sa hlokomolohe karolo leha e le efe ea lona, ’me a le utloa, joale o ne a tla etsa ka temoho.—Bapisa le 1 Marena 2:3.
Kamoo Jehova a Fanang ka Temoho Kajeno
12. Ho fumana molemo temohong eo Jehova a re fang eona, ho hlokahala lintho life tse tharo?
12 Ho tla fihlela mehleng ea rōna, Jehova o ’nile a tsoela pele ho fa bahlanka ba hae tataiso eo ba e hlokang e le hore ba ka etsa ka bohlale. Ho fumana molemo tataisong eo, ho na le lintho tse ’maloa tse hlokahalang ho rōna re le batho ka bomong: (1) Ho hlokahala hore re ananele mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, joalokaha Joshua a ne a o ananela. Ntlheng ea rōna, kananelo e joalo e akarelletsa ho sebelisana le phutheho ea Bokreste ea batlotsuoa, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” le Sehlopha sa hae se Busang. (Mattheu 24:45-47; bapisa le Liketso 16:4.) Hape kananelo ena e akarelletsa ho ba teng ka mehla libokeng. (Ba-Heberu 10:24, 25) (2) Re tlameha ho ba le boithuto ba botho bo matla ba Lentsoe la Molimo le likhatiso tse fanoeng ke sehlopha sa “mohlanka,” tse re thusang ho le utloisisa. (3) Hape ke habohlokoa ho rōna hore re iphe nako ea ho thuisa ka hore na lintho tseo re ithutang tsona li ka sebelisoa joang bophelong ba rōna le ho thusa ba bang.
13. Tšepiso e tlalehiloeng ho Jeremia 3:15 (NW) e bolela eng?
13 Mabapi le mofuta oa bolebeli le phepo moeeng oo a neng a tla re fa oona mehleng ea rōna, Jehova o itse, ho Jeremia 3:15 (NW): “Ke tla le fa balisa ba lumellanang le pelo ea ka, ’me ka sebele ba tla le fepa tsebo le temoho.” Ka sebele, lenaneo lena la phepo moeeng le ne le tla re fa matla a hlollang a ho elelloa maemo le ho hlokomela tsela eo re ka e nkang e le hore re atlehe. Mohloli oa temoho eo ke mang? Jehova Molimo.
14. Ke hobane’ng ha sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane’ se e-na le temoho?
14 Ke hobane’ng ha sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane’ se e-na le temoho e joalo? Hobane ba ’nile ba ameha ka tieo ka Lentsoe la Molimo ’me ba latela tataiso ea lona. Ho feta moo, kahobane ba ikokobelelitse tataiso ea Jehova, o behile moea oa hae holim’a bona, o ba sebelisa tumellanong le morero oa hae. (Luka 12:43, 44; Liketso 5:32) Ho joalokaha khale mopesaleme ea bululetsoeng a ngotse: “Ke na le kutloisiso [“temoho,” NW] e fetisang ea ba nthutang kaofela, hobane likeletso tsa hao ke nahano ea ka.”—Pesaleme ea 119:99.
15. (a) Moko-taba oa keletso eo sehlopha sa “mohlanka” se re fang eona ka mehla ke eng? (b) Lilemong tse ngata tse fetileng, sehlopha sa “mohlanka” se ile sa khona joang ho fana ka “tsebo le temoho” tse hlokahalang mabapi le pono ea Bokreste ka litšelo tsa mali?
15 Ha a arabela lipotso mabapi le ntho e nepahetseng e ka etsoang, ka mehla “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o ’nile a eletsa: ‘Sebelisa se ngotsoeng ka Bibeleng. Tšepa Jehova.’ (Pesaleme ea 119:105; Liproverbia 3:5, 6) Ha litšelo tsa mali li qala ho talingoa e le phekolo e amohelehang ea meriana ’me li fetoha tseko e talimaneng le Lipaki tsa Jehova, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1945, o ile oa hlalosa pono ea Bokreste mabapi le khalalelo ea mali. O ile oa bontša hore mali a liphoofolo hammoho le a batho a ne a akarelletsoa thibelong ea Molimo. (Genese 9:3, 4; Liketso 15:28, 29) Sehloohong seo ha hoa ka ha hlalosoa likotsi tsa ’meleng; tsebo ea likotsi tse joalo e ne e fokola haholo ka nako eo. Tseko ea sebele e ne e le ho utloa molao oa Molimo, ’me e sa ntsane e le eona. Kajeno, batho ba bangata ba hlokomela bohlale ba sebele ba ho hana litšelo tsa mali ’me ba bangata ka ho eketsehileng ba etsa joalo. Empa haesale Lipaki tsa Jehova li ntse li khona ho etsa ka temoho hobane li tšepa ’Mōpi, ea tsebang haholo ka mali ho feta motho leha e le ofe.
16. Ke hobane’ng ha keletso e ho Molula-Qhooa litabeng tse kang boitšoaro ba botona le botšehali, malapa a motsoali a le mong, le ho tepella e ipakile e le sona se neng se hlokahala?
16 Kaha boikutlo ba ho hloka lithibelo mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali e se e le bo tummeng ka ho eketsehileng, ho e-na le ho buella tsela e tloaelehileng, Molula-Qhooa o fane ka tataiso e utloahalang ea Mangolo. Sena se thusa ba bangata ho lebela kamano ea bona ea bohlokoahali le Jehova le ho tsitsisa likelello tsa bona thabong e sa feleng ho e-na le monyaka feela o fetang. Ka ho tšoanang, lihlooho tsa Molula-Qhooa tse tobisitsoeng ho malapa a nang le motsoali a le mong le ho ba loantšanang le ho tepella li senotse temoho e fumanehang feela ho bao ho bona mehopolo ea Jehova e leng ea bohlokoa le ba rapelang ka tieo: “U nthute ho etsa ho ratoang ke uena, hobane u Molimo oa ka.”—Pesaleme ea 143:10; 139:17, NW.a
17. (a) Mashome a lilemo esale pele, bahlanka ba Jehova ba ile ba tseba eng ka selemo sa 1914? (b) Le hoja ho ne ho e-na le lintlha tse qaqileng tseo batho ba Molimo ba neng ba sa ntsane ba e-na le lipotso mabapi le tsona ka mor’a 1914, ke eng eo ba neng ba e tseba e neng e fana ka tataiso e loketseng bophelong ba bona?
17 Ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” Jehova o ile a boela a thusa bahlanka ba hae ho hlokomela, mashome a lilemo esale pele, hore selemo sa 1914 se ne se tla tšoaea bofelo ba Mehla ea Balichaba. (Luka 21:24, King James Version) Ha ba kena nakong ea ka morao ho Ntoa ea I ea Lefatše, ke ’nete hore ho ne ho e-na le lipotso tse ba emisitseng lihlooho. Empa seo ba neng ba se tseba se ne se lekane hore ba etse ka bohlale. Ba ne ba tseba ho tsoa Mangolong hore nako ea Molimo e loketseng ea ho timetsa tsamaiso ea khale e atametse; kahoo e ne e tla ba booatla hore ba e tsěpe kapa ba lumelle litekanyetso tsa eona tsa katleho linthong tse bonahalang hore li laole bophelo ba bona. Hape ba ne ba tseba hore ’Muso oa Jehova ke tharollo ea sebele ea mathata ’ohle a hlorisang batho. (Daniele 2:44; Mattheu 6:33) Ba ile ba bona ka ho hlaka hore ke boikarabelo ba Bakreste bohle ba ’nete ho tsebahatsa Morena ea tlotsitsoeng oa Jehova, Jesu Kreste, le ’Muso oa Hae. (Esaia 61:1, 2; Mattheu 24:14) Ka 1925, ka sehlooho sa The Watch Tower “Ho Tsoaloa ha Sechaba,” ba ile ba matlafatsoa ka kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea Tšenolo khaolo 12; kahoo joale ba ile ba utloisisa se neng se ile sa etsahala maholimong, se sa bonahale mahlong a batho. Temoho e joalo e ile ea fa bophelo ba bona tataiso e loketseng.
18. Ke tokelo efe le boikarabelo bofe tseo re nang le tsona hona joale, ’me ke potso efe eo re lokelang ho ipotsa eona?
18 Ka ho etsa ka tumelo, ba likete tse seng kae ba neng ba sebeletsa Jehova e le Lipaki tsa hae ba ile ba etella pele boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng oa Molimo ho kena likarolong tsohle tsa lefatše. Ka baka leo, batho ba limillione ba tsebile Jehova le ho mo rata ’me ba na le tebello ea bophelo bo sa feleng. Kaofela ha rōna ba amohetseng ’nete ka baka la mosebetsi oa bona o lerato re bontšitsoe hore le rōna re na le tokelo le boikarabelo ba ho kopanela mosebetsing oo, ho fana ka bopaki bo phethahetseng ho e mong le e mong eo re ka mo finyellang le ho tsoela pele ho etsa joalo ho fihlela Jehova a re mosebetsi o phethiloe. (Tšenolo 22:17; bapisa le Liketso 20:26, 27.) Na tsela eo u sebelisang bophelo ba hao ka eona e paka hore u ananela temoho eo Jehova a faneng ka eona ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng?
19. (a) Fana ka mohlala oa motho e mong eo bophelo ba hae bo senolang kananelo bakeng sa temoho eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (b) Re ka ithuta eng mohlaleng oo?
19 Bophelo ba batho ba bongata bo boholo ba likarolong tsohle tsa lefatše bo paka hore ntlheng ea bona karabelo ke e. Ka mohlala, nahana ka John Cutforth. Lilemong tse ka bang 48 tse fetileng, o ile a nka ka ho teba keletso ea Mangolo eo sehlopha sa ‘mohlanka ea khabane’ se neng se hlokomelisa ka eona ka nako eo joalokaha se etsa hona joale, ka ho khetheha: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa. Ka baka leo, le se ke la belaella tsa hosasane.” (Mattheu 6:33, 34) Ka mor’a ho fumana phihlelo lilemo tšebeletsong ea Jehova, Moena Cutforth o itse: ‘E ’ngoe ea lintho tse hatisitsoeng ka matla kelellong ea ka ke hore Jehova o na le mokhatlo o hlophisitsoeng lefatšeng oo a o tataisang, hore ’na ke le motho ka mong nka sebetsa le mokhatlo oo o hlophisitsoeng, le hore haeba nka latela ka botlalo ketello-pele ea oona le tataiso, hoo ho ka ntlisetsa khotso, boiketlo, khotsofalo, le metsoalle e mengata, hammoho le mahlohonolo a mang a mangata a enneng.’ Kholiseho eo e hatisitsoe ka makhetlo-khetlo ha a ntse a thabela bophelo bo enneng ka mahlohonolo a moea United States, Canada, Australia, le Papua New Guinea.b Ka sebele, bakeng sa rōna kaofela tsela e bohlale ke e senolang kananelo bakeng sa mocha oo ka oona Jehova a fanang ka temoho ho batho ba hae.—Mattheu 6:19-21.
Itebele Khahlanong le ho Lahleheloa ke Temoho
20, 21. (a) Batho ba bang ba lahlehetsoe ke temoho ea bomolimo eo ba kileng ba e-ba le eona joang? (b) Ke eng e tla thusa ho re lebela khahlanong le tsela e kotsi?
20 Temoho eo Jehova a fanang ka eona ke letlotlo le lokelang ho tšoaroa ka hloko. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore haeba re sa tsoele pele tseleng e re thusitseng ho fumana temoho ea bomolimo, e ka re lahlehela. Ka masoabi, ba bang ba bile le eona phihlelo e joalo feela. (Liproverbia 21:16, NW; Daniele 11:35) Ka ho hana khalemelo e neng e ba ama ka ho toba, ba ile ba leka ho lokafatsa seo ba neng ba se etsa. Boikhohomoso ba fetoha leraba ho bona. Ba ile ba qala ho talima seo Lentsoe la Molimo le bontšang hore se sebe e le se setle, eaba ba ikhula mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Hoo ke ho soabisang hakaakang!
21 Maemo a motho ea joalo a tšoana le a hlalositsoeng ho Pesaleme ea 36:2-4 (TLP), moo re balang: “Ea khopo o laoloa ke sebe botebong ba pelo ea hae.” Ke hore, mehopolo ea hae le litakatso tsa hae tsa boithati li mo lebisa sebeng. Mopesaleme o tsoela pele: “Ho tšaba Molimo ha ho eo ho eena. Mehopolong ea hae o a ithetsa hoo a sa boneng sebe sa hae, le ho se hloea. Mantsoe a tsoang molomong oa hae ke a mabe, a thetsang.” ’Me phello e ba efe ho eena? O ‘tlohela bohlale leha e le botle.’ Ha e le hantle o ikholisa hore seo a se etsang se nepahetse, ’me o eka ba bang hore ba mo latele. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re se be le temoho feela empa hape re e lebele ka ho ananela mocha oo ka oona Jehova a re thusitseng ho e fumana!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Watch Tower Publications Index 1930-1985, tlas’a “Marriage” (Lenyalo), “Families” (Malapa), “Moral Breakdown” (Ho Hlepha ha Boitšoaro), le “Depression (Mental)” (Ho tepella Kelellong).
b Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 1, 1958, maqephe 333-6.
U Hopola Eng?
◻ Ke eng e tla re thusa ho etsa liqeto tse bohlale?
◻ “Temoho” e akarelletsa eng?
◻ Jehova o fa bahlanka ba hae temoho joang mehleng ea rōna?
◻ Ho hlokahala eng ho rōna hore re fumane molemo o felletseng temohong eo Jehova a fanang ka eona?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho fumana molemo temohong eo Jehova a fanang ka eona, ho hlokahala hore re ananele mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, re be le boithuto ba botho bo matla, ’me re thuise ka hore na re ka sebelisa seo re ithutang sona joang