Buka e Sebetsang Bophelong ba Kajeno
Lefatšeng la kajeno libuka tse fanang ka keletso li ratoa haholo. Empa e ba tse siiloeng ke nako ’me ka potlako lia nchafatsoa kapa li nkeloa sebaka ka tse ling. Ho thoe’ng ka Bibele? E ile ea phethoa hoo e ka bang lilemong tse 2 000 tse fetileng. Empa, molaetsa oa eona oa qalong ha ho mohla o kileng oa ntlafatsoa kapa oa lumellanngoa le linako. Na buka e joalo ho ka etsahala hore ebe e na le tataiso e sebetsang mehleng ea rōna?
BA BANG ba re che. Dr. Eli S. Chesen o ile a ngola: “Ha ho na motho ea ka buellang hore ho sebelisoe khatiso ea 1924 [ea buka] ea ho ithuta k’hemistri tlelaseng ea kajeno ea k’hemistri,” ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a e-na le maikutlo a hore Bibele e siiloe ke nako.1 Ho bonahala eka khang ena ea utloahala. Ho feta moo, motho o ithutile ho hongata ka bophelo ba kelello le boitšoaro ba batho ho tloha ha Bibele e ngoloa. Joale ho ka tla joang hore buka ea boholo-holo hakaalo e ka ba ea bohlokoa bophelong ba kajeno?
Melao-motheo e sa Lekanyetsoeng ka Nako
Le hoja e le ’nete hore mehla e fetohile, lintho tsa motheo tseo batho ba li hlokang tsona li ntse li tšoana. Ho pholletsa le histori esale batho ba hloka lerato le boikutlo bo mofuthu. Ba ’nile ba batla ho ba ba thabileng le ho phela bophelo bo nang le morero. Ba ’nile ba hloka keletso mabapi le hore na ba ka sebetsana ka katleho joang le mathata a moruo, ba ka etsa hore lenyalo e be le atlehileng joang, le hore na ba ka kenya litekanyetso tse ntle tsa boitšoaro joang baneng ba bona. Bibele e na le keletso e sebetsanang le litlhokahalo tseo tsa motheo.—Moeklesia 3:12, 13; Baroma 12:10; Bakolose 3:18-21; 1 Timothea 6:6-10.
Keletso ea Bibele e bonahatsa temoho e hlollang ka litšekamelo tsa batho. Hlahloba e meng ea mehlala ea melao-motheo ea eona e tobileng, e sa lekanyetsoeng ka nako e sebetsang bophelong ba kajeno.
Tataiso e Sebetsang Bakeng sa Lenyalo
UN Chronicle, e re lelapa “ke karolo ea khale ka ho fetisisa le ea bohlokoa ka ho fetisisa ea mokhatlo oa batho; sehokelo sa bohlokoahali pakeng tsa meloko.” Leha ho le joalo, ‘sehokelo sena sa bohlokoahali’ se tsekoloha ka lebelo le tšosang. Chronicle ea hlokomela: “Lefatšeng la kajeno, malapa a mangata a tobane le liphephetso tse tšosang tse sokelang matla a ’ona a ho sebetsa, ha e le hantle, le a ho pholoha ha ’ona.”2 Ke keletso efe eo Bibele e fanang ka eona mabapi le ho thusa lelapa hore le pholohe?
Taba ea pele, Bibele e na le ho hongata hoo e ho buang mabapi le kamoo banna le basali ba lokelang ho tšoarana kateng. Ka mohlala, ho banna e re: “Banna ba tšoanela ho ba ba ratang basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa.” (Baefese 5:28, 29) Mosali o ile a eletsoa hore a be “le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—Baefese 5:33.
Hlahloba liphello tsa ho sebelisa keletso e joalo ea Bibele. Monna ea ratang mosali oa hae ‘joaloka ’mele oa hae’ a ke ke a mo hloea kapa a ba sehlōhō ho eena. Ha a mo otle, leha e le ho mo hlekefetsa ka mantsoe kapa maikutlong. Ho e-na le hoo, o mo fa tlhompho le ho mo nahanela ka tsela e tšoanang le eo a itšoarang ka eona. (1 Petrose 3:7) Kahoo mosali oa hae o ikutloa a ratoa a bile a sireletsehile lenyalong la hae. Kahoo o fa bana ba hae mohlala o motle oa hore na basali ba lokela ho tšoaroa joang. Ka lehlakoreng le leng, mosali ea nang le “tlhompho e tebileng” ho monna oa hae ha a mo tlose seriti ka hore nako le nako a mo nyatse kapa a mo nyenyefatse. Kaha mosali oa mo hlompha, o ikutloa a tšeptjoa, a amoheleha, a bile a ananeloa.
Na keletso e joalo ea sebetsa lefatšeng lee la kajeno? Ke ho thahasellisang hore ebe litsebi tse ithutetseng malapa kajeno li fihletse liqeto tse tšoanang. Motsamaisi oa lenaneo la keletso ea malapa o ile a hlokomela: “Malapa a tsitsitseng le a atlehileng ka ho fetisisa ao ke a tsebang ke ao ho ’ona ’mè le ntate ba nang le kamano e matla le e lerato pakeng tsa bona. . . . Kamano ena e matla e ka sehloohong e bonahala e kenya tšireletseho baneng.”3
Ho theosa le lilemo, keletso ea Bibele ka lenyalo e ipakile e tšepahala haholo ho feta keletso ea baeletsi ba malapa ba se nang palo ba nang le boikemisetso bo botle. Ho feta moo, hase khale haholo ha litsebi tse ngata li ne li buella tlhalo e le tharollo ea kapele le e bonolo lenyalong le sa thabiseng. Kajeno, tse ngata tsa tsona li khothalletsa batho hore ba etse hore manyalo a bona a tšoarelle haeba ho khoneha. Empa phetoho ena e tlile feela ka mor’a hore ho bakoe tšenyo e khōlō.
Ha ho bapisoa, Bibele e fana ka keletso e tšepahalang le e leka-lekaneng tabeng ea lenyalo. Ea lumela hore maemo a mang a feteletseng a etsa hore tlhalo e lumellehe. (Matheu 19:9) Ka nako e tšoanang, e nyatsa ho hlala ka mabaka a sa utloahaleng. (Malakia 2:14-16) E boetse e nyatsa ho se tšepahale lenyalong. (Baheberu 13:4) E re lenyalo le akarelletsa boitlamo: “Ka baka lena, monna o tla tlohela ntat’ae le m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)a—Genese 2:24; Matheu 19:5, 6.
Keletso ea Bibele ka lenyalo e ntse e le ea bohlokoa kajeno joalokaha e ne e le ea bohlokoa ha Bibele e ne e ngoloa. Ha monna le mosali ba tšoarana ka lerato le tlhompho ’me ba talima lenyalo e le kamano e ikhethang, lenyalo le na le monyetla o moholoanyane oa ho pholoha—’me le lelapa le tla pholoha.
Tataiso e Sebetsang Bakeng sa Batsoali
Lilemong tse mashome a ’maloa tse fetileng batsoali ba bangata—ba susumelitsoe ke “likhopolo tse ncha” ka ho koetlisa bana—ba ile ba nahana hore “motho ha aa lokela ho khalemela bana.”8 Ba ne ba tšaba hore ho behela bana meeli ho ne ho tla baka tsieleho ea kelello le pherekano. Baeletsi ba nang le morero o motle ka khōliso ea bana ba ne ba tsitlallela hore batsoali ba lokela ho khalemela bana ba bona ka mokhoa o bonolo haholo. Empa tse ngata tsa litsebi tseo hona joale li boetse li hlahloba karolo ea taeo, le batsoali ba amehileng ba batla ho hlakisetsoa tabeng ena.
Leha ho le joalo, nako ena kaofela, esale Bibele e fana ka keletso e hlakileng le e utloahalang tabeng ea ho hōlisa bana. Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, e ile ea re: “Bo-ntate, le se ke la ba ba halefisang bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “taeo” le bolela “khōliso, koetliso, thupelo.”9 Bibele e re taeo e joalo, kapa thupelo, ke bopaki ba lerato la botsoali. (Liproverbia 13:24) Bana ba hōla ka katleho ha ba e-na le litekanyetso tse ba tataisang tsa boitšoaro tse hlakileng ’me ba hōlisa kutloisiso ea se nepahetseng le se fosahetseng. Taeo e ba bolella hore batsoali ba bona baa ba tsotella le hore na e tla ba batho ba mofuta ofe.
Empa matla a ho laela a batsoali—“thupa ea taeo”—le ka mohla ha aa lokela ho sebelisoa hampe.b (Liproverbia 22:15; 29:15) Bibele e lemosa batsoali: “U se ke ua khalemela bana ba hao ka ho tlōlisa, ho seng joalo u tla ba nyahamisa pelo.” (Bakolose 3:21, Phillips) E boetse ea lumela hore hase kamehla ho shapa e leng mokhoa o atlehang ka ho fetisisa oa ho ruta. Liproverbia 17:10 e re: “Motho ea kelello o utloa khalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuoa halekholo.” Kantle ho moo, Bibele e khothalletsa taeo e thibelang. Ho Deuteronoma 11:19 batsoali ba khothalletsoa ho sebelisa monyetla oa boikhathollo ho kenya litekanyetso tsa boitšoaro baneng ba bona.—Bona le Deuteronoma 6:6, 7.
Keletso ea Bibele e sa lekanyetsoeng ka nako ho batsoali e hlakile. Bana ba hloka taeo e tsitsitseng le e lerato. Phihlelo ea sebele e bontša hore keletso e joalo e hlile ea sebetsa.c
Ho Hlōla Mekoallo e Arolang Batho
Kajeno batho ba arotsoe ke mekoallo ea morabe, bochaba le mofuta oa morabe. Marako a joalo a maiketsetso a tlatselitse ho bolaoeng ha batho ba se nang molato lintoeng lefatšeng lohle. Ha ho hlahlojoa se etsahetseng nakong e fetileng, tebello ea hore banna le basali ba merabe le lichaba tse sa tšoaneng ba tla talimana le ho tšoarana joaloka ba lekanang ka sebele e lerootho. Setsebi se seng sa lipolotiki sa Moafrika se re: “Tharollo e ka lipelong tsa rōna.”11 Empa ho fetola lipelo tsa batho ha ho bonolo. Leha ho le joalo, nahana kamoo molaetsa oa Bibele o ipiletsang pelong le ho hlohlelletsa maikutlo a ho lekana kateng.
Thuto ea Bibele ea hore Molimo “o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho,” e qhelela ka thōko khopolo leha e le efe ea hore ho na le morabe o phahametseng o mong. (Liketso 17:26) E bontša hore ha e le hantle ho na le morabe o le mong feela—morabe oa batho. Bibele e tsoela pele ho re khothalletsa hore re “be baetsisi ba Molimo,” eo e reng ka eena: “Ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Baefese 5:1; Liketso 10:34, 35) Ho ba nkang Bibele ka ho teba le bao kannete ba batlang ho phela ka lithuto tsa eona, tsebo ena e na le phello e kopanyang. E sebetsa ho fihlela boemong bo tebileng ka ho fetisisa, pelong ea motho, e qhaqholla mekoallo e entsoeng ke motho e arolang batho. Nahana ka mohlala ona.
Ha Hitler a ne a loana ntoa ho pholletsa le Europe, ho ne ho e-na le sehlopha se le seng sa Bakreste—Lipaki tsa Jehova—se ileng sa ema se tiile ho hana ho kopanela ho bolaeeng batho ba se nang molato. Ba ne ba ke ke ba ‘futuhelana ka marumo.’ Ba ile ba ema ba tiile tjena ka lebaka la takatso ea bona ea ho thabisa Molimo. (Esaia 2:3, 4; Mikea 4:3, 5) Ka sebele ba ne ba lumela seo Bibele e se rutang—hore ha ho sechaba kapa morabe o molemo ho feta o mong. (Bagalata 3:28) Ka lebaka la boemo ba tsona ba ho rata khotso, Lipaki tsa Jehova li ne li le har’a batšoaruoa ba pele likampong tsa mahloriso.—Baroma 12:18.
Empa hase bohle ba neng ba ipolela hore ba latela Bibele ba ileng ba nka boemo boo. Hang ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Martin Niemöller, moruti oa Mojeremane oa Moprostanta, o ile a ngola: “Mang kapa mang ea batlang ho beha Molimo molato ka [lintoa] ha a tsebe, kapa ha a batle ho tseba Lentsoe la Molimo. . . . Likereke tsa Bokreste, ho theosa le lilemo, li ’nile tsa inehela khafetsa ho hlohonolofatseng lintoa, masole le libetsa le . . . ho rapela ka tsela eo e seng ea Bokreste ka ho feletseng bakeng sa thipitlo ea lira tsa tsona ntoeng. Molato ona kaofela ke oa rōna le oa bo-ntat’a rōna, empa ho hang Molimo a ke ke a behoa molato. ’Me rōna Bakreste ba kajeno re hlajoa ke lihlong ka pel’a ho bitsoang sehlotšoana sa bokhelohi joaloka Liithuti tsa Bibele tse Mafolofolo [Lipaki tsa Jehova], tseo ka makholo le ka likete li ileng tsa ea likampong tsa mahloriso ’me li [bile] tsa e-shoa hobane li ne li hana tšebetso ea sesole le ho hana ho thunya batho.”12
Ho tla fihlela kajeno, Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka kameho ea tsona ea bara ba motho, e kopanyang Maarabe le Bajuda, Macroatia le Maserbia, Mahutu le Matutsi. Leha ho le joalo, Lipaki li lumela habonolo hore bonngoe bo joalo boa khoneha, eseng hobane li le molemo ho feta ba bang, empa hobane li susumetsoa ke matla a molaetsa oa Bibele.—1 Bathesalonika 2:13.
Tataiso e Sebetsang e Khothalletsang Bophelo bo Botle ba Kelello
Hangata bophelo ba motho ba ’mele bo angoa ke boemo ba bophelo ba kelello le ba maikutlo. Ka mohlala, liphuputso tsa saense li fumane liphello tse kotsi tsa bohale. Dr. Redford Williams, Motsamaisi oa Phuputso ea Boitšoaro Setsing sa Bongaka sa Univesithi ea Duke le mosali oa hae, Virginia Williams, bukeng ea bona ea Anger Kills ba re: “Boholo ba bopaki bo teng bo fana ka maikutlo a hore batho ba hlaha ba kotsing e phahameng haholoanyane ea lefu la pelo (hammoho le maloetse a mang) ka mabaka a sa tšoaneng, ho akarelletsa ho fokotseha ha metsoalle, ho eketseha ha liphello tse bakoang ke ho tepella maikutlo ha motho a halefisitsoe, le ho eketseha ha ho inehella boitšoaro bo behang bophelo ba ’mele kotsing.”13
Lilemo tse likete pele ho liphuputso tse joalo tsa saense, Bibele, ka mantsoe a bonolo empa e le a hlakileng, e ile ea amahanya boemo ba rōna ba maikutlo le ba bophelo ba rōna ba ’mele: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho; empa mōna o bolisa masapo a hae.” (Liproverbia 14:30; 17:22) Ka bohlale, Bibele e ile ea eletsa: “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo,” hape “U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao.”—Pesaleme ea 37:8; Moeklesia 7:9.
Bibele e boetse e na le keletso e nang le kelello mabapi le ho laola bohale. Ka mohlala, Liproverbia 19:11 (NW) e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae‚ ’me botle ka lehlakoreng la hae ke hore a hlokomolohe tšito.” Lentsoe la Seheberu bakeng sa “temoho” le nkiloe leetsing le lebisang tlhokomelo “tsebong ea lebaka” la ntho e ’ngoe.14 Keletso e bohlale ke hore: “Nahana pele u nka bohato.” Ho ikemisetsa ho utloisisa mabaka a motheo a hore na ke hobane’ng ha ba bang ba bua kapa ba itšoara ka tsela e itseng ho ka thusa motho hore a mamelle haholoanyane—le hore a se ke a sekamela ho halefeng.—Liproverbia 14:29.
Keletso e ’ngoe e sebetsang e fumanoa ho Bakolose 3:13, e reng: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.” Likhopiso tse nyenyane ke karolo ea bophelo. Polelo “tsoelang pele le mamellana” e fana ka maikutlo a ho mamella lintho tseo re sa li rateng ho ba bang. “Ho tšoarela” ho bolela ho tlohela ho boloka likhopiso. Ka linako tse ling ke bohlale ho tlohela maikutlo a lehloeo ho e-na le ho a koetla; ho boloka bohale ho tla re imetsa feela.—Bona lebokose le reng “Tataiso e Sebetsang Likamanong Tsa Batho.”
Kajeno, ho na le mehloli e mengata ea keletso le tataiso. Empa ka sebele Bibele ea ikhetha. Keletso ea eona hase khopolo-taba feela, leha e le hore keletso ea eona ho na le mohla e ka sebeletsang ho re ntša kotsi. Ho e-na le hoo, bohlale ba eona bo ipakile “bo tšepahala ho fetisa.” (Pesaleme ea 93:5) Ho feta moo, keletso ea Bibele e ke ke ea lekanyetsoa ka nako. Le hoja e phethiloe lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, mantsoe a eona a ntse a sebetsa. ’Me a ntse a sebetsa ka tsela e tšoanang ho sa tsotellehe ’mala oa letlalo la rōna kapa naha eo re phelang ho eona. Mantsoe a Bibele a boetse a na le matla—matla a ho fetola batho hore ba be molemo. (Baheberu 4:12) Kahoo, ho bala buka eo le ho sebelisa melao-motheo ea eona ho ka phahamisa boleng ba bophelo ba hao.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Seheberu da·vaqʹ, leo mona le fetoletsoeng e le “khomarela,” “le na le moelelo oa ho imamarela ho motho e mong ka kameho e mofuthu le botšepehi.”6 Ka Segerike, lentsoe le fetoletsoeng e le “o tla khomarela” ho Matheu 19:5 le amana le lentsoe le bolelang “ho khomaretsa,” “ho kopanya ka tieo,” “ho kopanya hammoho ka thata.”7
b Mehleng ea Bibele, lentsoe “thupa” (sheʹvet ka Seheberu) le ne le bolela “molamu” kapa “lere,” le kang le sebelisoang ke molisana.10 Moelelong ona thupa ea matla a ho laela e fana ka maikutlo a tataiso e lerato, eseng tšoaro e sehlōhō.—Bapisa le Pesaleme ea 23:4.
c Bona likhaolo tse latelang, “Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng,” “Thusa Mocha oa Hao ho Atleha,” “Na ho na le Lerabele ka Tlung?” le “Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang” bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Bibele e fana ka keletso e hlakileng, e utloahalang bophelong ba lelapa
[Lebokose se leqepheng la 23]
Litšobotsi Tse Khethollang Malapa a Phelang Hantle
Lilemong tse ’maloa tse fetileng morupeli e mong ebile e le setsebi sa malapa o ile a etsa phuputso e batsi eo ho eona litsebi tse fetang 500 tse sebetsanang le malapa li ileng tsa kōptjoa ho hlalosa litšobotsi tseo li li hlokometseng malapeng “a phelang hantle.” Ho thahasellisang ke hore har’a litšobotsi tse ngata tseo li li thathamisitseng e ne e le lintho tseo e leng khale Bibele e ile ea li buella.
Mekhoa e metle ea puisano e bile eona e ka sehloohong lethathamong leo, ho akarelletsa mekhoa e sebetsang ea ho rarolla liqabang. Leano le tloaelehileng le fumanoang malapeng a phelang hantle ke hore “ha ho motho ea robalang a halefetse e mong,” kamoo ho hlokometseng mohlophisi e mong oa phuputso.4 Leha ho le joalo, lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng, Bibele e ile ea eletsa: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.” (Baefese 4:26) Mehleng ea Bibele matsatsi a ne a baloa ho tloha ha letsatsi le likela ho isa ha le likela hape. Kahoo, nako e telele pele litsebi tsa kajeno li ithuta malapa, ka bohlale Bibele e ile ea eletsa: Rarollang litaba tse bakang likarohano ka potlako—pele letsatsi le likela ’me le leng le chaba.
Mohlophisi eo o ile a fumana hore malapa a phelang hantle “ha a buisane ka litaba tse ka ’nang tsa baka likhohlano pejana feela a e-tsoa kapa pele a robala. Khafetsa ke ile ka utloa poleloana ‘nako e loketseng.’”5 A sa tsebe, malapa a joalo a pheta maele a Bibele a tlalehiloeng lilemong tse fetang 2 700 tse fetileng: “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joalo ka liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.” (Liproverbia 15:23; 25:11, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E ka ’na eaba papiso ena e bua ka mekhabiso ea khauta e bōpehileng joaloka liapole tse behiloeng ka litereing tsa silevera tse ngotsoeng—eo e neng e le thepa e theko e boima le e ntle mehleng ea Bibele. E fetisa bokhabane le bohlokoa ba mantsoe a builoeng ka nako e loketseng. Maemong a hatellang, mantsoe a nepahetseng a builoeng ka nako e nepahetseng ke a bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa.—Liproverbia 10:19.
[Lebokose se leqepheng la 26]
Tataiso e Sebetsang Likamanong Tsa Batho
“Halefang, empa le se ke la etsa sebe. Buelang ka lipelong tsa lōna, libetheng tsa lōna, ’me le lule le khutsitse.” (Pesaleme ea 4:4, NW) Mabakeng a mangata a akarelletsang litšito tse nyenyane, e ka ’na ea e-ba bohlale ho koenya mantsoe a hao, kahoo u qoba khohlano ea maikutlo.
“E mong ha a bebera, puo tsa hae li hlaba joalo ka tsenene; empa molomo oa ea bohlale oa thoba.” (Liproverbia 12:18) Nahana pele u bua. Mantsoe a sa nahanoang a ka ntša ba bang kotsi le ho senya botsoalle.
“Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.” (Liproverbia 15:1) Ho hlokahala boitšoaro hore u arabele ka bonolo, empa hangata tsela e joalo e fokotsa mathata ’me e khothalletsa likamano tsa khotso.
“Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.” (Liproverbia 17:14) Ke bohlale hore u tlohe boemong bo ka ’nang ba tsoa taolong pele u halefa.
“U se ke ua phaka ua bontša tlhonamo; hobane tlhonamo e koetloa ke lithoto.” (Moeklesia 7:9, The New English Bible) Hangata maikutlo a etella liketso pele. Motho ea potlakelang ho halefa ke sethoto, hobane tsela ea hae e ka ’na ea lebisa ho bueng ka potlako kapa ho etseng lintho ka potlako.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lipaki tsa Jehova li ne li le har’a batšoaruoa ba pele likampong tsa mahloriso