-
Na U Etsa Thato ea Molimo?Molula-Qhooa—1994 | March 1
-
-
Ho Boloka Thabo ea ho Etsa Thato ea Molimo
Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo ke e mong ea ileng a batla ho etsa thato ea Molimo bophelong bohle ba hae. Ho sa tsotellehe mathata a mangata le likhatello tse ileng tsa mo tlela, o ile a bululeloa ho re: “Ho etsa ho ratoang ke uena, Molimo oa ka, ke sona seo ke se ratang, molao oa hao o ngoliloe pelong ea ka.” (Pesaleme ea 40:8) Ho etsa thato ea Jehova ho ne ho le ka hare ho sephefumolohi sa Davida, ka hare ho botho ba hae ka bobona. Leo e ne e le lekunutu la thabo ea hae e sa feleng ha a sebeletsa Jehova. Ho etsa thato ea Molimo e ne e se moroalo ho Davida. Ho e-na le hoo, e ne e le thabo, ntho e tsoang pelong ea hae. Bophelong bohle ba hae, o ile a loanela hore a etse se molemohali ho sebeletseng Molimo oa hae, Jehova, le hoja a ’nile a etsa sebe le ho fokola ka linako tse ling.
Ka linako tse ling, thabo ea rōna e ka ’na ea fokotseha. Re ka ’na ra khathala kapa ra tepella maikutlong. Mohlomong lintho tse etsahetseng nakong e fetileng lia re ngongorehisa, letsoalo la rōna le re tšetšetha ka lebaka la ketso e fosahetseng eo re e entseng khale haholo. Hangata re ka hlōla maikutlo ana ka thuto e batsi haholoanyane ea Lentsoe la Molimo. Re ka iketsetsa sepheo sa ho ngola molao oa Molimo ka ‘lipelong tsa rōna,’ joalokaha Davida a ile a etsa. Haeba re leka ho etsa thato ea Molimo ka sephefumolohi sohle, e leng, ka matla ’ohle a rōna, o tla re putsa ka ho loketseng hobane oa tšepahala.—Ba-Efese 6:6; Ba-Heberu 6:10-12; 1 Petrose 4:19.
Ka ho thahasellisang, ho Ba-Heberu 10:5-7, moapostola Pauluse o ile a qotsa mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 40:6-8 ’me a a sebelisa ho Jesu Kreste. Ka ho etsa joalo, Pauluse o ile a bontša kamoo Jesu a neng a atamelane kateng le Ntat’ae. Lentsoe la Seheberu bakeng sa “thato” le jere maikutlo a ‘thabo, takatso, kamohelo, kapa nyakallo.’ Pesaleme ea 40:8 e ka ’na ea baleha tjena mabapi le Kreste: “Ho etsa se u nyakallisang, Molimo oa ka, kea ho thabela.”a Jesu o ne a batla ho etsa se nyakallisang Ntat’ae. Jesu o ile a etsa se fetang seo a neng a lebeletsoe ho se etsa. O ile a etsa se neng se le haufi-ufi le pelo ea Ntat’ae, ’me o ne a thabela ho se etsa.
Bophelo bohle ba Jesu bo ne bo likoloha holim’a ho ruta ba bang seo thato ea Molimo e leng sona le seo ba tlamehileng ho se etsa hore ba fumane tlhohonolofatso ea Molimo. E ne e le ’moleli oa nako e tletseng le tichere ’me o ile a fumana thabo e khōlō ka ho etsa mosebetsi oo. Ka hona ke ho utloahalang hore ha re etsa mosebetsi oa Jehova haholoanyane, re tla fumana thabo e khōloanyane. Na le uena u ka sebeletsa ka nako e tletseng mosebetsing oa boboleli e le hore thabo ea hao le eona e ka eketseha?
-
-
Na U Etsa Thato ea Molimo?Molula-Qhooa—1994 | March 1
-
-
a Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Pesaleme ea 40:8, NW.
-