Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tlotlisang Kreste—Morena ea Khanyang!
    Molula-Qhooa—2014 | February 15
    • MORENA O PALAMA “MOLEMONG OA ’NETE”

      11. Kreste o palama “molemong oa ’nete” joang?

      11 Bala Pesaleme ea 45:4. Morena oa Mohlabani ha a loane hobane a batla ho hapa libaka le batho. O loanela toka ’me e le ka mabaka a utloahalang. O palama “molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka.” ’Nete e ka sehloohong eo a lokelang ho e sireletsa ke e mabapi le bobusi ba Jehova ba bokahohleng. Ha Satane a fetohela Jehova, o ile a pheha khang ea hore Jehova ha a na tokelo ea ho busa. Ho tloha ka nako eo, ’nete eo ea motheo e ’nile ea hanyetsoa ke batho le bademona. Hona joale ke nako ea hore Morena eo Jehova a mo khethileng a palame e le hore a hlakise ka ho feletseng seo e leng ’nete ka bobusi ba Jehova.

      12. Morena o palama ‘molemong oa boikokobetso’ joang?

      12 Morena o boetse o palama ‘molemong oa boikokobetso.’ Kaha ke Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši, o re behetse mohlala o babatsehang oa ho ikokobelletsa ka botšepehi bobusi ba Ntate oa hae. (Esa. 50:4, 5; Joh. 5:19) Bafo bohle ba tšepahalang ba Morena ba lokela ho latela mohlala oa hae ’me ba ikokobeletse bobusi ba Jehova linthong tsohle. Ke batho ba etsang seo feela ba tla lumelloa ho phela lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng.—Zak. 14:16, 17.

      13. Kreste o palama ‘molemong oa ho loka’ joang?

      13 Kreste o boetse o palama ‘molemong oa ho loka.’ Ho loka hoo Morena a ho sireletsang ke “ho loka ha Molimo”—e leng melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng. (Bar. 3:21; Deut. 32:4) Esaia o ile a profeta ka Morena Jesu Kreste, a re: “Morena o tla busa ka ho loka.” (Esa. 32:1) Puso ea Jesu e tla tlisa “maholimo a macha” a tšepisitsoeng le “lefatše le lecha,” tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Pet. 3:13) Moahi e mong le e mong lefatšeng leo le lecha o tla lokela ho ikokobelletsa melao ea Jehova.—Esa. 11:1-5.

      MORENA O ETSA “LINTHO TSE TŠABEHANG”

      14. Letsoho le letona la Kreste le tla etsa “lintho tse tšabehang” joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

      14 Morena o palama a tlamme sabole seropeng. (Pes. 45:3) Empa nako e tla fihla ea hore a ntše sabole eo ’me a e tsoke ka letsoho la hae le letona. Mopesaleme o ile a profeta a re: “Letsoho la hao le letona le tla u rupela ka lintho tse tšabehang.” (Pes. 45:4) Ha Jesu Kreste a kalla ho phethahatsa likahlolo tsa Jehova ka Armagedone, o tla etsa “lintho tse tšabehang” khahlanong le lira tsa hae. Empa ha re tsebe hore na o tla sebelisa eng ho timetsa tsamaiso ea Satane. Feela seo a tla se etsa se tla tšosa baahi ba lefatše ba sa kang ba mamela ha Molimo a ba lemosa hore ba ikokobeletse puso ea Morena. (Bala Pesaleme ea 2:11, 12.) Boprofeteng ba hae bo mabapi le nako ea bofelo, Jesu o ile a re batho ba ne ba tla “ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona; etsoe matla a maholimo a tla sisinyeha.” O ile a phaella ka ho re: “Joale ba tla bona Mor’a motho a tla ka leru ka matla le khanya e khōlō.”—Luka 21:26, 27.

      15, 16. Ke bo-mang ba tla ba ‘mabothong’ a tla latela Kreste ntoeng?

      15 Ha buka ea Tšenolo e phatlalatsa ho tla ha Morena “ka matla le khanya e khōlō” ho tla phethahatsa kahlolo, e re: “Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu. Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang le oa ’Nete, ’me o ahlola le ho loana ka ho loka. Hape, mabotho a neng a le leholimong a ne a mo latela ka lipere tse tšoeu, ’me a ne a apere line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng. Molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona, ’me o tla li lisa ka molamu oa tšepe. Hape o hatakela sehatelo sa veine sa bohale ba khalefo ea Molimo ea Matla ’Ohle.”—Tšen. 19:11, 14, 15.

      16 Ke bo-mang ba tla thusa Kreste leholimong e le “mabotho” a mo latelang ntoeng? Jesu o ne a e-na le “mangeloi a hae” ha a tlama sabole ea hae ka lekhetlo la pele, ’me a leleka Satane le bademona ba hae leholimong. (Tšen. 12:7-9) Ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ntoeng ea Armagedone, mabotho a Kreste a tla akarelletsa mangeloi a halalelang. Na ho na le ba bang ba tla kenella mabothong ao? Jesu o ile a tšepisa barab’abo ba tlotsitsoeng se latelang: “Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.” (Tšen. 2:26, 27) Kahoo mabotho a Kreste a leholimo a tla akarelletsa barab’abo ba tlotsitsoeng, ba tla beng ba se ba amohetse moputso oa bona leholimong. O tla be a e-na le babusi-’moho le eena ha a etsa “lintho tse tšabehang,” a lisa lichaba ka molamu oa tšepe.

  • Tlotlisang Kreste—Morena ea Khanyang!
    Molula-Qhooa—2014 | February 15
    • 19. Kreste o tla ‘tsoela pele ho atleha’ le ho phetha tlhōlo ea hae joang?

      19 Ka mor’a hore Kreste a timetse tsamaiso ea Satane e khopo ea lintho lefatšeng, ‘ka bokhabane ba hae o tla tsoela pele ho atleha.’ (Pes. 45:4) O tla phetha tlhōlo ea hae ka ho koalla Satane le bademona ba hae mohohlong nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. (Tšen. 20:2, 3) Kaha Diabolose le mangeloi a hae ba tla be ba koaletsoe ’me ba se na matla, Satane ha a na ho susumetsa baahi ba lefatše, ’me ba tla ikokobelletsa ka ho feletseng Morena oa bona ea hlōtseng le ea khanyang. Empa pele lefatše le etsoa paradeise butle-butle, ba tla ba le lebaka le leng la ho thaba le Morena oa bona hammoho le babusi-’moho le eena. Re tla tšohla ketsahalo eo e thabisang sehloohong se latelang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela